Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 99


Karolo ea 99

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho John Murdock, ka la 29 Phato 1832 Hiram Ohio. Nako e fetang selemo, John Murdock o ne a ntse a ruta evangeli nakong eo bana ba hae—ba hlokang ’m’e kamor’a lefu la mosali oa hae, Julia Clapp, ka ‘Mesa 1831—ba ne a lula le malapa a mang Ohio.

1–8, John Murdock o bitsetsoa ho ruta evangeli, ‘me ba mo amohelang ba amohela Morena ‘me ba tla fumana mohau.

Bona, joana ho rialo Morena ho mohlanka oa ka John Murdock—u bitsetsoa ho ea linaheng tse bochabela ho ea ntlo le ntlo, ho ea motsana le motsana, le ho ea motse le motse, ho hasa evangeli ea ka e sa feleng ho baahi ba teng, ka har’a tlhoriso le bokhopo.

‘Me ba u amohelang ba amohela ‘na; ‘me u tla ba le matla a ho phatlalatsa lentsoe la ka ka ponahatso ea Moea oa ka o Halalelang.

‘Me ba u amohelang joaloka ngoana e monyenyane, ba amohela ‘muso oa ka; ‘me ke bona ba lehlohonolo, hobane ba tla fumana mohau.

‘Me ba u hanang ba tla hanoa ke Ntate le ntlo ea hae; ‘me o lokela ho hloekisa maoto a hau libakeng tsa lekunutu tseleng e le bopaki khahlanong le bona.

‘Me talima, u bone, ke tla ka potlako kahlolong, ho susumetsa liketso tsohle tsa bona tseo e seng tsa bo-molimo tseo ba li entseng khahlanong le ‘na, joaloka ha ho ngoliloe ka ‘na khatisong ea buka.

‘Me joale, kannete ke re ho uena, ha ho bohlokoa hore u tsamaee ho fihlela bana ba hau ba hlokometsoe, ‘me u ba rometse hantle ho mobishopo oa Sione.

‘Me kamor’a lilemo tse ‘maloa, haeba u lakatsa ho ‘na, u ka tsamaea hape ho ea lefats’e le letle, ho rua lefa la hau;

Ho seng joalo o tla tsoelapele ho hasa evangeli ea ka ho fihlela o nkoa. Amen.