Karolo ea 82
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Independence, Jackson County, Missouri, ka la 26 ‘Mesa 1832. Ketsahalo ena e ne e le [ea] lekhotla la baprista ba baholo le baholo ba Kereke. Lekhotleng leo, Joseph Smith o ile a khethoa e le Mookameli oa Boprista bo Boholo, ofising eo a neng a se a ile a khethoa ho eona sebokeng sa baprista ba baholo, baholo, le litho, Amherst, Ohio, ka la 25 Pherekhong 1832 (sheba sehlooho sa karolo ea 75). Ts’enolo ena e pheta-pheta litaelo tse ileng tsa fanoa ts’enolong ea pejana (karolo ea 78) ho theha feme—e ileng ea tsebahala e le Feme e Kopaneng (ka tlas’a tsamaiso ea Joseph Smith, lentsoe “taelo” hamorao le ile la nkeloa sebaka ke “feme”)—ho laola mesebetsi ea khoebo le ea khatiso ea Kereke.
1–4, Moo ho fanoeng, ho batloa haholo; 5–7, Lefifi lea rena lefats’eng; 8–13, Morena o tlamehile ha re etsa seo a se buang; 14–18, Sione e tlameha ho eketsa botle le khalalelo; 19–24, Motho e mong le e mong o lokela ho batla se molemong oa ngoan’abo.
1 Kannete-nete, ke re ho lona, bahlanka ba ka, hore ha feela le ts’oarelane melato ea lona, esita le joalo, ‘na Morena, kea le ts’oarela.
2 Leha ho le joalo, hona le ba bang har’a lona ba entseng libe ka ho fetisisa; ee, esita le lona bohle le entse libe; empa kannete ke re ho lona, elang hloko, ho tloha mona, ‘me le qobe sebe, esere kahloho e bohloko ea oela holim’a lihlooho tsa lona.
3 Hobane ho eena eo ho fanoeng haholo, ho batloa haholo; ‘me eo ea etsang libe khahlanong le khanya e kholo o tla fumana kotlo e kholo.
4 Le bitsa lebitso la ka bakeng sa ts’enolo, ‘me ke li fana ho lona; ‘me ha feela le sa boloke mantsoe a ka, ao ke le fang ‘ona, le fetoha batloli; ‘me toka le kahlolo ke likotlo tse tlamelletsoeng molaong oa ka.
5 Ka baka leo, seo ke se buang ho ea mong ke se bua ho bohle: Falimehang, hobane e mobe o pharalatsa borena ba hae, ’me lefifi lea rena;
6 ’Me khalefo ea Molimo ea tuka khahlanong le baahi ba lefats’e; ’me ha ho ea etsang botle, hobane bohle ba tsoile tseleng.
7 ’Me joale, kannete ke re ho lona, ‘na, Morena, ha ke na ho le balla sebe se fe kapa se fe; tsamaeang ‘me le se hlole le etsa sebe; empa ho moea oo o etsang sebe ho tla khutlisetsoa sebe sa khale, ho rialo Morena Molimo oa lona.
8 ’Me hape, ke re ho uena, ke le neha taelo e ncha, hore le ke le utloisise thato ea ka malebana le lona;
9 Kapa, ka mantsoe a mang, ke le neha tataiso ea kamoo le ka etsang ka pele ho ‘na, hore ho ke ho fetohe poloko bakeng sa lona.
10 ’Na, Morena, ke tlamehile ha le etsa seo ke se buang; empa ha le sa etse seo ke se buang, ha le na ts’episo.
11 Ka baka leo, kannete ke re ho lona, hore ho ea lokela bakeng sa mohlanka oa ka Edward Patridge le Newel K. Whitney, A. Sidney Gilbert le Sidney Rigdon, le mohlanka oa ka Joseph Smith, le John Whitmer le Oliver Cowdery, le W. W. Phelps le Martin Harris ba tlamahanngoe hammoho ka tlamahanyo le selekane se ke keng sa rojoa ke tlolo, ntle le kahlolo e tlang ho latela hang, boliseng ba lona ka ho fapana—
12 Ho tsamaisa litaba tsa mafutsana, le lintho tsohle tse mabapi le bobishopo lefats’eng la Zion le lefats’eng la Kirtland ka bobeli;
13 Hobane ke nyehetse lefats’e la Kirtland ka nako ea ka e nepahetseng molemong oa bahalaleli ba ea Holimo-limo, le bakeng sa setereke se seholo sa Sione.
14 Hobane Sione e tlameha ho eketseha ka botle, le ka khalalelo; meeli ea hae e tlameha ho atolosoa; litereke tsa hae tse kholo li tlameha ho matlafatsoa; ee, kannete ke re ho lona, Sione e tlameha ho tsoha ‘me e apare liaparo tsa eona tse ntle.
15 Ka baka leo, ke fana ka taelo ena ho lona, hore le itlame ka selekane sena, ‘me seo se tla etsoa ho latela melao ea Morena.
16 Bonang, bohlale ke bona ho ‘na hape molemong oa lona.
17 ’Me le lokela ho lekana, kapa ka mantsoe a mang, le lokela ho ba le tokelo tse ts’oanang thepeng eo, molemong oa ho laola litaba tsa bolisa ba lona, motho e mong le e mong ho latela tseo a li batlang le litlhoko tsa hae, ha feela tseo a li batlang li lokile—
18 ’Me tsena tsohle molemong oa kereke ea Molimo ea phelang, hore motho e mong le e mong a ke a ntlafale talenteng ea hae, hore motho e mong le e mong a ke a fumane talenta e ‘ngoe, ee, esita le ha lekholo, ho ts’eloa ka tlung ea polokelo ea Morena, ho fetoha thepa e tloaelehileng ea kereke eohle—
19 Motho e mong le e mong o lokela ho hlokomela ngoan’abo, le ho etsa lintho tsohle ka leihlo le le leng khanyeng ea Molimo.
20 Tlhophiso ena ke e khethile hore e be tlhophiso e sa feleng ho lona, le ho bahlahlami ba lona, ha feela le sa etse sebe.
21 ’Me motho ea etsang sebe khahlanong le selekane sena, ‘me a thatafatsa pelo ea hae khahlanong le sona, o tla sebetsoa ho latela melao ea kereke ea ka, ‘me o tla neheloa litlhorisong tsa Satane ho fihlela letsatsi la topollo.
22 ’Me joale, kannete kere ho lona, ‘me bohlale ke bona, iketsetseng metsoalle le matlotlo a sa lokang, ‘me a ke ke a le timetsa.
23 Tlohellang kahlolo ho ‘na, hobane ke ea ka ‘me ke tla busetsa. Khotso e be le lona; litlhohonolofatso tsa ka li tsoelepele le lona.
24 Hobane esita le ‘muso ke oa lona, ‘me ho tla ba joalo ka mehla, haeba le sa oele ho tsitseng ha lona. Esita le joalo. Amen.