Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 95


Karolo ea 95

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 1 Phuptjane 1833. Ts’enolo ena ke nts’etso-pele ea tsamaiso ea bomolimo ea ho aha ntlo bakeng sa khumamelo le taelo, ntlo ea Morena (bona karolo ea 88:119–136).

1–6, Bahalaleli ba khalengoa bakeng sa ho hloleha ho aha ntlo ea Morena; 7–10, Morena o lakatsa ho sebelisa ntlo ea hae ho hlohonolofatsa batho ba hae ka matla a tsoang holimo; 11–17, Ntlo e tla hlohonolofatsoa e le sebaka sa khumamelo le bakeng sa sekolo sa Baapostola.

Kannete, joana ho rialo Morena ho bao ke ba ratang, ‘me bao ke ba ratang ke boela ke ba khalema hore libe tsa bona li ke li ts’oareloe, hobane ke ka khalemo ke lokisang tsela bakeng sa tokollo ea bona linthong tsohle ho tloha molekong, ‘me ke le ratile—

Ka baka leo, le lokela ho khalengoa ‘me lauoe ka pele ho sefahleho sa ka;

Hobane le entse sebe khahlanong le ‘na sebe se bohloko haholo, ka hore ha lea nka taelo e kholo linthong tsohle, eo ke e faneng ho lona malebana le khaho ea ntlo ea ka;

Bakeng sa tokisetso ea moo ke rerileng ho lokisetsa baapostola ba ka ho hlaolela ts’imo ea ka ea morara lekhetlo la ho qetela, hore nke ke tlise ntho e makatsang, hore nke ke ts’ollele Moea oa ka holim’a nama eohle—

Empa bonang, kannete ke re ho lona, hore ho na le ba bangata bao ke ba behileng matsoho har’a lona, bao ke ba bitsitseng empa ba fokolang ba bona ke ba khethiloeng.

Bao ba sa khethoang ba entse sebe, sebe se bohloko haholo, ka hore ba tsamaea lefifing mots’eareng o moholo.

‘Me ke ka lebaka lena ke faneng ho lona taelo hore le lokela ho bitsa kopano e hlomphehang, hore boitimo ba lona le ts’iamo ea lona li ke li nyolohele tsebeng tsa Morena oa Sabaothe, eo ka toloko e leng ‘mopi oa letsatsi la pele, qalo le qetello.

Ee, kannete ke re ho lona, ke fane ho lona taelo hore le lokela ho aha ntlo, ntlo eo ka ho eona ke rerileng ho hlohonolofatsa bao ke ba khethileng ka matla a tsoang holimo;

Hobane ena ke ts’episo ea Ntate ho lona; ka baka leo, ke le laela ho lula, esita le joaloka baapostola ba ka Jerusalema.

10 Leha ho le joalo, bahlanka ba ka ba entse sebe, sebe se bohloko haholo; ‘me liqabang tsa tsoha sekolong sa baporofeta; tse ileng tsa e-ba bohloko haholo ho ‘na, ho rialo Morena oa lona; ka baka leo ke ba rometse hore ba khalengoe.

11 Kannete ke re ho lona, ke thato ea ka hore le lokela ho aha ntlo. Haeba le boloka litaelo tsa ka le tla ba le matla a ho e aha.

12 Haeba le sa boloke litaelo tsa ka, lerato la Ntate ha le na ho tsoelapele le lona, ka baka leo le tla tsamaea lefifing.

13 Joale hona ke bohlale, le mohopolo oa Morena—etsang hore ntlo e ahoe, eseng ka mokhoa oa lefats’e, hobane ha ke fane ho lona hore le tla phela ka mokhoa oa lefats’e;

14 Ka baka leo, etsang hore e ahoe ka mokhoa oo ke tlang ho le bonts’a le le bararo, bao le tlang ho ba khetha le ho ba beha matsoho matleng ana.

15 ‘Me boholo ba teng bo tla ba litsoe tse mashome a mahlano a metso e mehlalo ka bophara, ‘me etsang hore e be litsoe tse mashome a ts’eletseng a metso e mehlano ka bolelele, lebaleng le ka hare la teng.

16 ‘Me etsang hore karolo e ka tlase ea phaposi e kahare e beheloe ‘na bakeng sa nehelo ea sellallo sa lona, le bakeng sa ho ruta ha lona, le ho itima ha lona, le ho rapela ha lona, le ho nehela litakatso tsa lona tse halalelang ka ho fetisisa ho ‘na, ho rialo Morena.

17 ‘Me etsang hore karolo e ka holimo ea phaposi e kahare e beheloe ‘na bakeng sa sekolo sa baapostola ba ka, ho rialo Mora oa Ahmane; kapa, ka mantsoe a mang, Alfase; kapa ka mantsoe a mang, Omegase; esita le Jesu Kreste Morena oa lona. Amen.