Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 4


Karolo ea 4

Ts’enolo e fanoeng ka moporofeta Joseph Smith ho ntat’ae, Joseph Smith Sr., Harmony, Pennsylvania, ka Hlakola 1829.

1–4, Bosebeletsi bo sebete bo pholosa bahlanka ba Morena; 5–6, Lits’obotsi tsa bomolimo li etsa hore ba ts’oanelehe bakeng sa boruti; 7, Lintho tsa Molimo li lokela ho batloa.

Joale bonang, mosebetsi o tsotehang o haufi le ho tla har’a bana ba batho.

Ka baka leo, lona ba kenang bosebeletsing ba Molimo, bonang hore le mo sebeletsa ka lipelo tsa lona tsohle, le ka sefutho sohle, le ka mehopolo eohle le ka matla ’ohle a lona, e le hore le tle le eme le se na sekoli ka pele ho Molimo ka letsatsi la ho qetela.

Ka baka leo, haeba le na le litakatso tsa ho sebeletsa Molimo le bitsetsoa mosebetsing;

Bonang ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ’me bona, ea kenyang sekele ea hae ka sefutho, ea joalo ke eena ea ipolokang hore a se ke a timela, empa o tlisa pholoho ho moea oa hae.

’Me tumelo, ts’epo, lerato la sebele, le lerato, ka leihlo le le leng tlotlisong ea Molimo, li mo lokisetsa mosebetsi.

Hopola tumelo, bokhabane, tsebo, boits’oaro, mamello, lerato la boena, bomolimo, lerato la sebele, boikokobetso, mafolofolo.

Kopa, ’me u tla fuoa; kokota, ’me u tla buleloa. Amen.