Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 83


Karolo ea 83

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Independence, Missouri, ka la 30 ‘Mesa 1832. Ts’enolo ena e ile ea amoheloa ha Moporofeta a ne a lutse lekhotleng le baena ba hae.

1–4, Basali le bana ba na le tokelo holim’a banna le bo-ntate ba bona bakeng sa ts’ehetso ea bona; 5–6, Bahlolohali le likhutsana ba na le tokelo holim’a kereke bakeng sa ts’ehetso ea bona.

Kannete, ho rialo Morena, ho tlatseletsa melaong ea kereke malebana le basali le bana, bao e leng ba kereke, ba lahlehetsoeng ke banna kapa bo-ntate ba bona:

Basali ba na le tokelo ho banna ba bona bakeng sa tlhokomelo, ho fihlela banna ba bona ba e-shoa; ‘me haeba ba fumanoa e se batloli ba tla ba le boena ka kerekeng.

’Me haeba ba sa ts’epahale ba ke ke ba ba le boena ka kerekeng; empa ba ka sala holim’a mafa a bona ho latela melao ea naha.

Bana bohle ba na le tokelo holim’a batsoali ba bona bakeng sa tlhokomelo ea bona ho fihlela ba le lilemong.

’Me kamorao ho moo, ba na le tokelo holim’a kereke, kapa ka mantsoe a mang holim’a ntlo ea polokelo ea Morena, haeba batsoali ba se na seo ba ka ba nehang sona e le lefa.

’Me ntlo ea polokelo e tla bolokoa ka nyehelo ea kereke; ‘me bahlolohali le likhutsana ba tla hlokomeloa, joaloka mafutsana. Amen.