Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 32


Karolo ea 32

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Parley P. Pratt le Ziba Peterson, Manchester, New York, qalong ea Mphalane 1830. Thahasello e kholo le litakatso li ile tsa utluoa ke baholo mabapi le Ba-Lamane, bao litlhohonolofatso tsa bona li boletsoeng pele tseo Kereke e ithutileng ho tsoa Bukeng ea Mormone. Ka lebaka leo, thapeli e ile ea etsoa hore Morena a ke a bonts’e thato ea hae malebana le hore na baholo ba tle ba romeloe nakong eo ho meloko ea Ma-India ka Bophirima. Ts’enolo ena ea latela.

1–3, Parley P. Pratt le Ziba Peterson ba bitsetsoa ho ruta ho Ba-Lamane le ho felehetsa Oliver Cowdery le Peter Whitmer Jr.; 4–5, Ba lokela ho rapela bakeng sa kutloisiso ea mangolo a halalelang.

’Me joale malebana le mohlanka oa ka Parley P. Pratt, bona, ke re ho eena hore joaloka ha ke phela ke thato ea ka hore o tla phatlalatsa evangeli ea ka ’me a ithute ka ’na, ’me a be mosa le pelo-nolo.

’Me seo ke se khethetseng eena ke hore o tla tsamaea le bahlanka baka, Oliver Cowdery le Peter Whitmer Jr., lefelleng har’a Ba-Lamane.

’Me Ziba Peterson hape o tla tsamaea le bona; ’me ’na ka bo-nna ke tla tsamaea le bona le ho ba ka hare ho bona; ’me ke ’na ’muelli oa bona ho Ntate, ’me ha ho letho le tla hlola khahlanong le bona.

’Me ba tla mamela seo se ngotsoeng, ’me ba se ke ba iketsa eka ba na le ts’enolo e ’ngoe; ’me ba tla rapela kamehla hore nke ke manolle se ts’oanang kutloisisong ea bona.

’Me ba tla mamela mantsoe ana, ’me ba se ke ba saooa, ’me ke tla ba hlohonolofatsa. Amen.