Karolo ea 92
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 15 Tlhakubele 1833. Ts’enolo eo e laela Frederick G. Williams, eo haufinyane a neng a khethetsoe ho ba moeletsi ho Joseph Smith, mesebetsing ea hae Femeng e Kopaneng (bona lihlooho tsa likarolo tsa 78 le 82).
1–2, Morena o fana ka taelo malebana le kamohelo ho tlhophiso e kopaneng.
1 Kannete, joana ho rialo Morena, ke fana ho tlhophiso e kopaneng, e thehiloeng ka tumellano ho taelo e fanoeng pele, ts’enolo le taelo malebana le mohlanka oa ka Frederick G. Williams, hore le tla mo amohela ka hare ho tlhophiso ena. Seo ke se bolelang ho ea mong ke se bolela ho bohle.
2 ‘Me hape, ke re ho uena mohlanka oa ka Frederick G. Williams, u tla ba setho se mafolofolo tlhophisong ena; ‘me ha feela u ts’epahala ka ho boloka litaelo tsohle tsa pele, u tla hlohonolofatsoa ka ho sa feleng. Amen.