Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 17


Karolo ea 17

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Oliver Cowdery, David Whitmer, le Martin Harris, Fayette, New York, ka Phupu 1829, pele ba bona matlapa a ngotsoeng a neng a ts’etse Buka ea Mormone. Joseph le mongoli oa hae, Oliver Cowdery, ba ne ba ithutile ho tsoa phetolelong ea matlapa a Buka ea Mormone hore ho tla khethoa lipaki tse tharo tse khethehileng (bona Ethere 5:2–4; 2 Nefi 11:3; 27:12). Oliver Cowdery, David Whitmer, le Martin Harris ba ile ba susumetsoa ke takatso e nyenyelelitsoeng ea ho ba lipaki tse tharo tse khethehileng. Moporofeta o ile a botsa Morena, ’me ts’enolo ena e ile ea fanoa e le karabo ka Urime le Thummime.

1–4, Ka tumelo Lipaki tse Tharo li tla bona matlapa le lintho tse ling tse halalelang; 5–9, Kreste o beha bopaki ba bomolimo ba Buka ea Mormone.

Bonang, ke re ho lona, hore le tlameha ho its’etleha holim’a lentsoe la ka, hoo haeba le ho etsa ka morero oa pelo e phethahetseng, le tla ba le pono ea matlapa, hape le mokhajoane, sabole ea Labane, Urime le Thummime, tse ileng tsa fanoa ho moholoane oa Jared thabeng, ha a ne a bua le Morena mahlong, le tataiso ea mehlololo e ileng ea fanoa ho Lehi ha a le lefelleng, meeling ea Leoatle le Lefubelu.

’Me ke ka tumelo ea lona hore e be le tla fumana pono ea tsona, esita le ka tumelo eo baporofeta ba khale ba neng ba e-na le eona.

’Me kamor’a hore le be le tumelo, ’me le be le li bone ka mahlo a lona, le tla paka ka tsona, ka matla a Molimo;

’Me sena le tla se etsa hore mohlanka oa ka, Joseph Smith, a se ke a timetsoa, hore ke tle ke tlise merero ea ka e lokileng ho bana ba batho mosebetsing oona.

’Me le tla paka hore le li bone, esita le joaloka ha mohlanka oa ka, Joseph Smith, a li bone; hobane ke ka matla a ka a ileng a li bona, ’me ke hobane o ne a e-na le tumelo.

’Me o fetoletse buka eo, esita le karolo eo ke mo laetseng eona, ’me joaloka ha Morena le Molimo oa lona a phela, ke ’nete.

Ka baka leo, le fumane matla a ts’oanang, le tumelo e ts’oanang, le neo e ts’oanang joaloka ea hae;

’Me haeba le etsa litaelo tsena tsa ka, tseo ke le fileng tsona, likhoro tsa lihele li tla sitoa ho hlola khahlanong le lona; hobane mohau oa ka o lekane bakeng sa lona, ’me le tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela.

’Me ’na, Jesu Kreste, Morena oa lona le Molimo oa lona, ke buile ho lona, hore ke tle ke tlise merero ea ka e lokileng ho bana ba batho. Amen.