Karolo ea 100
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Perrysburg, New York, ka la 12 Loetse 1833. Baena bana ba babeli, ka ho ba sieo malapeng a bona ka matsatsi a ‘maloa ba ile ba ikutloa ba ts’oenyehile ka oona.
1–4, Joseph le Sidney ba lokela ho ruta evangeli bakeng sa pholoho ea meea; 5–8, Ho tla fanoa ho bona hantle ka hora eo seo ba lokelang ho se bua; 9–12, Sidney e tla ba ‘muelli, ‘me Joseph e be mosenoli, le ea matla bopaking; 13–17, Morena o tla phahamisa batho ba hloekileng, ‘me ba mamelang ba tla bolokoa.
1 Kannete, joana ho rialo Morena ho lona, metsoalle ea ka Sidney le Joseph, malapa a lona a phetse hantle; a matsohong a ka, ‘me ke tla etsa ka ‘ona ka moo ke bonang ho le molemo ho ‘na; hobane ho ‘na ho na le matla ‘ohle.
2 Ka baka leo, ntateleng, ‘me le mamele keletso eo ke tla e fana ho lona.
3 Bonang, ke na le batho ba bangata sebakeng sena, le tikolohong tse potapotileng; ‘me lemati le sebetsang hantle le tla buloa tikolohong tse potapotileng lefats’ng lena le ka bochabela.
4 Ka baka leo, ‘na, Morena, ke le lumelletse hore le tle sebakeng sena; kaha ho ne ho le bohlokoa ho ‘na bakeng sa pholoho ea meea.
5 Ka baka leo, kannete ke re ho lona, phahamisang mantsoe a lona ho batho bana; bolelang mehopolo eo ke tla e kenya ka lipelong tsa lona, ‘me le ke ke la soaba ka pele ho batho;
6 Hobane le tla fuoa ka hora eona eo, ee, ka motsotso oona oo, seo le tlang ho se bua.
7 Empa taelo ke le nea eona, hore le tla phatlalatsa ntho efe kapa efe eo le e phatlalatsang ka lebitso la ka, ka boinehelo ba pelo, ka moea oa boikokobetso, linthong tsohle.
8 ‘Me ke fana ho lona ts’episo ena, hore ha feela le etsa sena Moea o Halalelang o tla ts’olleloa ho paka linthong life kapa life tsohle tseo le tlang ho li bua.
9 ‘Me ho bohlokoa ho ‘na hore uena, mohlanka oa ka Sidney, u be ‘muelli ho batho ba na; ee, kannete, ke tla u beha matsoho bakeng sa pitso ena, esita le ho ba ‘muelli ho mohlanka oa ka Joseph.
10 ‘Me ke tla mo fa matla a ho ba matla bopaking.
11 ‘Me ke tla u fa matla hore u be le matla a ho hlalosa mangolo ‘ohle a halalelang, e le hore u ka ba ‘muelli ho eena, ‘me e tla ba mosenoleli ho uena, hore u tsebe bonnete ba lintho tsohle tse amanang le ‘muso oa ka lefats’eng.
12 Ka baka leo, tsoelang pele leetong la lona ‘me lipelo tsa lona li nyakalle; hobane talimang le bone, ke na le lona esita le ho isa qetellong.
13 ‘Me joale ke fana ho lona lentsoe mabapi le Sione. Sione o tla lopolloa, leha a ntse a khalemeloa nakoana e khuts’oane.
14 Baena ba hau, bahlanka ba ka Orson Hyde le John Gould, ba matsohong a ka; ‘me ha feela ba boloka litaelo tsa ka, ba tla bolokoa.
15 Ka baka leo, lipelo tsa lona li ke li ts’elisehe; hobane lintho tsohle li tla sebetsa hammoho molemong oa ba tsamaeang ka bots’epehi, le bakeng sa khalaletso ea kereke.
16 Hobane ke tla itsosetsa sechaba se hloekileng, se tla ntshebeletsa ka ho loka;
17 ‘Me bohle ba bitsang lebitso la Morena, ‘me ba boloka litaelo tsa hae, ba tla bolokoa. Esita le joalo. Amen.