Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 89


Karolo ea 89

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 27 Hlakola 1833. Ka lebaka la ts’ebeliso ea koae ea baena ba pele likopanong tsa bona, le kamoo seo se ileng sa ts’oenya mosali oa hae, Emma Smith, Moporofeta o ile a botsa Morena malebana le eona. Ts’enolo ena, e tsebahalang e le Lentsoe la Bohlale, e ile ea e-ba litlamorao tsa seo.

1–9, Ts’ebeliso ea veine, lino tse matla, koae, le lino tse chesang e thibetsoe; 10–17, Litlama, litholoana, nama le lijo-thollo li hlotsoe bakeng sa ts’ebeliso ea motho le ea liphoofolo; 18–21, Ho mamela molao oa evangeli, ho kenyeletsa Lentsoe la Bohlale, ho tlisa litlhohonolofatso tsa nama le moea.

lentsoe la bohlale, molemong oa lekhotla la baprista ba baholo, le bokaneng Kirtland, le kereke, hape le bahalaleli Sione—

Le rometsoe e le tumeliso; eseng ka taelo kapa qobello, empa ka ts’enolo le lentsoe la bohlale, le bonts’a molao le thato ea Molimo polokong ea nama ea bahalaleli bohle matsatsing a ho qetela—

Le fanoe e le molao-motheo o nang le ts’episo, o lekanyelitsoeng ba fokolang le ba fokolang ka ho fetisisa ba bahalaleli bohle, bao e leng, kapa ba ka bitsoang bahalaleli.

Bonang, kannete, ho rialo Morena ho lona: Ka lebaka la bokhopo le merero e etsahalang ‘me e tlang ho phela ka lipelong tsa batho ba mano matsatsing a ho qetela, ke ile ka le lemosa, ‘me ka le lemosa pele, ka ho fana ho lona lentsoe lena la bohlale ka ts’enolo—

Hore joaloka ha motho ofe kapa ofe a noa veine kapa seno se matla har’a lona, bonang, ha ho molemo, leha e le ho ts’oaneleha mahlong a Ntat’a lona, ke feela ha le bokane hammoho ho nehela lits’ebeletso tsa lona tse halalelang ka pele ho eena.

‘Me, bonang, e lokela ho ba veine, ee, veine e hloekileng ea morara oa sefate, ea moetso oa lona.

‘Me, hape, lino tse matla ha se bakeng sa ka maleng, empa bakeng sa ho hlatsoa ‘mele ea lona.

‘Me hape, koae ha se bakeng sa ‘mele, leha e le bakeng sa mala, ‘me ha e molemo bakeng sa batho, empa ke setlama bakeng sa matetetso le liphoofolo tse kulang, hore li sebelisoe ka hloko le tsebo.

‘Me hape, lino tse chesang ha se bakeng sa ‘mele kapa mala.

10 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, litlama tsohle tse molemo Molimo o li hlotse bakeng sa motheo, tlholeho le ts’ebeliso ea batho—

11 Setlama se seng le se seng ka nako ea sona, le tholoana e ‘ngoe le e ‘ngoe ka nako ea eona; tsena tsohle li tle li sebelisoe ka masene le teboho.

12 Ee, hape nama ea libata le linonyana tsa moeeng, ‘na, Morena ke li hlotse bakeng sa ts’ebeliso ea batho ka teboho; leha ho le joalo, li tla sebelisoa ka tekano;

13 ‘Me ho khahlisa Morena hore li se ke tsa sebelisoa, feela li sebelisoe nakong feela ea mariha, kapa ea serame, kapa ea tlala.

14 Lijo-thollo tsohle li hlotsoe bakeng sa ts’ebeliso ea batho le ea libata, hore e be ts’ehetso ea bophelo, eseng feela bakeng sa batho empa le bakeng sa libata tsa naha, le linonyana tsa leholimo, ‘me le liphoofolo tsohle tse hlaha tse mathang kapa tse hahabang lefats’eng;

15 ‘Me tsena Morena o li entse bakeng sa ts’ebeliso ea batho feela nakong ea tlala le ea tlala e fetisisang.

16 Lijo-thollo tsohle li molemo bakeng sa lijo tsa batho; hape le tholoana ea sefate; e hlahisang tholoana hore na ke fats’e kapa ka holimo ho lefats’e—

17 Leha ho le joalo, koro bakeng sa batho, ‘me poone bakeng sa likhomo, le outse bakeng sa lipere, le khereisi bakeng sa linonyana le bakeng sa likolobe, le bakeng sa libata tsohle tsa naha, ‘me harese bakeng sa liphoofolo tsohle tse sebetsang, le bakeng sa lino tse bobebe, hape joaloka ka lijo-thollo tse ling.

18 ‘Me bahalaleli bohle ba hopolang ho boloka le ho etsa tsena tse boletsoeng, ba phela ka ho mamela litaelo, ba tla fumana bophelo bo botle mekhubung ea bona le ‘moko masapong a bona;

19 ‘Me ba tla fumana bohlale le matlotlo a maholo a tsebo, esita le matlotlo a patiloeng;

20 ‘Me ba tla matha ‘me ha ba na ho khathala, ‘me ba tla tsamaea ‘me ha ba na ho felloa ke matla.

21 ‘Me ‘na, Morena, ke fana ho bona ts’episo, hore lengeloi le timetsang le tla feta pela bona, joaloka ho bana ba Iseraele, ‘me le ke ke la ba bolaea. Amen.