Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 105


Karolo ea 105

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, moo e ka bang limaele tse ‘ne leboea ho noka ea Fishing, Clay County, Missouri, ka la 22 Phuptjane 1834. Ka tlas’a boetapele ba Moporofeta, Bahalaleli ba tsoang Ohio le libakeng tse ling ba ile ba hoanta ho ea Missouri e le sehlopha seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Kampo ea Sione. Sepheo sa bona e ne e le ho ts’ireletsa Bahalaleli ba ileng ba lelekoa naheng ea bona Jackson County, Missouri, hang ha lebotho la naha le ne le khutliselitse Bahalaleli naheng eo. Kamorao hore ‘musi oa Missouri a hane ho nts’a lebotho la naha ho thusa Bahalaleli, Joseph Smith o ile a fumana ts’enolo ena.

1–5, Sione e tla ahoa ka ho latela molao oa selestiale; 6–13, Topollo ea Sione e chechisitsoe ha nakoana; 14–19, Morena o tla loana lintoa tsa Sione; 20–26, Bahalaleli ba lokela ho ba bohlale ‘me ba se ke ba ithorisa ka mesebetsi e meholo ha ba bokana; 27–30, Mobu o Jackson le linaheng tse bapileng o lokela ho rekoa; 31–34, Baholo ba lokela ho fumana tlhohonolofatso ea tempele ka tlung ea Morena Kirtland; 35–37, Bahalaleli bao ka bobeli ba bitsitsoeng, ‘me ba khethoa ba tla halaletsoa; 38–41, Bahalaleli ba lokela ho phahamisa folakha ea khotso lefats’eng.

Kannete ke re ho lona ba ipokeletseng hammoho hore le ke le ithute thato ea ka malebana le topollo ea batho ba ka ba hlomohileng—

Bonang, ke re ho lona, ha e ne e se ka lits’ito tsa batho ba ka, ke bua malebana le kereke ‘me eseng ka bo mong, ba ka be ba lopollotsoe esita le joale.

Empa bonang, ha ba e-so ithute ho mamela lintho tseo ke li kopileng matsohong a bona, empa ba tletse ka mekhoa eohle ea bobe, ‘me ha ba fane ka lintho tsa bona, joaloka ha bahalaleli ba lokela, ho mafutsana le ba mahlomoleng har’a bona;

‘Me ha ba kopana ho latela kopano e hlokoang ke molao oa ‘muso oa selestiale;

‘Me Sione e ke ke ea ahoa ntle le ka metheo ea molao oa ‘muso oa selestiale; ntle le moo nke ke ka mo amohela ho ‘na.

‘Me batho ba ka ba lokela ho khalengoa ho fihlela ba ithutile ho mamela, haeba ho lokela, ka lintho tse ba hlokofatsang.

Ha ke bue malebana le bao ba khethiloeng ho tsamaisa batho ba ka, bao e leng baholo ba pele ba kereke ea ka, hobane ha se bohle ba leng tlas’a kotlo ena;

Empa ke bua malebana le likereke tsa ka tse kantle ho naha—ho na le ba bangata ba tlang ho re: O kae Molimo oa bona? Bonang, o tla ba lokolla ka nako ea mathata, ka ntle ho moo ha re na ho ea Sione ‘me re tla boloka lichelete tsa rona.

Ka baka leo, e le litlamorao tsa lits’ito tsa batho ba ka, ho bohlokoa ho ‘na hore baholo ba ka ba lokela ho ema ha nakoana bakeng sa topollo ea Sione—

10 Hore ka bo-bona ba ke ba itokise, ‘me hore batho ba ka ba ke ba rutoe ka ho phethahala ho fetisisang, ‘me ba be le phihlello, ‘me ba tsebe ka ho phethahala ho fetisisang malebana le mosebetsi oa bona, le lintho tseo ke li hlokang matsohong a bona.

11 ‘Me sena se ke ke sa etsahala ho fihlela baholo ba ka ba hlohonolofalitsoe ka matla a tsoang holimo.

12 Hobane bonang, ke ba lokiselitse tlhohonolofatso ea tempele e kholo le tlhohonolofatso e tlang ho ts’olloa holim’a bona, ha feela ba ts’epahala ‘me ba tsoelapele ka boikokobetso ka pele ho ‘na.

13 Ka baka leo, ho bohlokoa ho ‘na hore baholo ba ka ba lokela ho ema ha nakoana, bakeng sa topollo ea Sione.

14 Hobane bonang, ha ke hloke matsohong a bona hore ba loane lintoa tsa Sione; hobane, joaloka ha ke boletse taelong ea pele, esita le joalo ke tla phethahatsa—ke tla loana lintoa tsa lona.

15 Bonang, mosenyi ke mo rometse ho timetsa le ho senya lira tsa ka; ‘me ha se lilemo tse ngata ho tloha joale ba ke keng ba sala ho silafatsa leruo la ka, le ho tlaela ka lebitso la ka holim’a mafats’e ao ke a nyehetseng bakeng sa ho bokana ‘moho ha bahalaleli ba ka.

16 Bonang, ke laetse mohlanka oa ka Joseph Smith, hore a re ho matla a ntlo ea ka, esita le bahlabani ba ka, banna ba ka ba banyenyane, le ba bohareng ka lilemo, ho bokana hammoho bakeng sa topollo ea batho ba ka, ‘me ba heletse litora tsa lira tsa ka, ‘me ba qhalakanye balebeli ba bona;

17 Empa matla a ntlo ea ka ha a mamela mantsoe a ka.

18 Empa ha feela ho na le ba mamelang lentsoe la ka, ke lokisitse tlhohonolofatso le tlhohonolofatso ea temple bakeng sa bona, haeba ba tsoelapele ho ts’epahala.

19 Ke utloile lithapelo tsa bona, ‘me ke tla amohela sehlabelo sa bona; ‘me ho bohlokoa ho ‘na hore ba tle ba tlisoe mona bakeng sa teko ea tumelo ea bona.

20 ‘Me joale, kannete ke re ho lona, taelo ke le neha eona, hore joaloka ha ba bangata ba tlile mona, ba ka lulang tikolohong e potapotileng, ba leseng ba lule;

21 ‘Me ba ke keng ba lula, ba nang le malapa ka bochabela, ba leseng ba lule ha nakoana, ho latela mohlanka oa ka Joseph a tlang ho ba khethela;

22 Hobane ke tla mo eletsa malebana le taba ena, ‘me lintho tsohle tseo a tlang ho ba khethela tsona li tla phethahala.

23 ‘Me etsang hore batho ba ka bohle ba phelang tikolohong e potapotileng ba ts’epahale haholo, ‘me ba rapele haholo, ‘me ba ikokobetse ka pele ho ‘na, ‘me ba se ke ba senola lintho tseo ke li senotseng ho bona, ho fihlela e le bohlale ho ‘na hore li tle li senoloe.

24 Le se ke la bua ka kahlolo, leha e le ho ithorisa ka tumelo kapa ka mesebetsi e meholo, empa ka hloko bokanang hammoho, haholo tikolohong e le ‘ngoe ka moo ho ka khonehang, ho latela maikutlo a batho;

25 ‘Me bonang, ke tla le neha molemo le mohau mahlong a bona, hore le ke le phomole ka khotso le polokeho, ha le ntse le re ho batho: Phethisang kahlolo le toka bakeng sa rona ho latela molao, ‘me le re lefelle melato ea rona.

26 Joale, bonang, ke re ho lona, metsoalle ea ka, ka tsela ena le tla fumana molemo mahlong a batho, ho fihlela lebotho la Iseraele le ba leholo haholo.

27 ‘Me ke tla nolofatsa lipelo tsa batho, joaloka ha ke entse pelo ea Faro, nako le nako, ho fihlela mohlanka oa ka Joseph Smith, le baholo ba ka, bao ke ba khethileng, ba tla ba le nako ea ho bokella matla a ntlo ea ka,

28 ‘Me le ho romella banna ba bohlale, ho phethisa seo ke se laetseng malebana le theko ea mobu seterekeng sa Jackson o ka rekoang, ‘me le linaheng tse bapileng tse potapotileng.

29 Hobane ke thato ea ka hore mobu oona o tle o rekoe; ‘me kamorao hore o rekoe hore bahalaleli ba ka ba tle ba o fumane ho latela melao ea nyehelo eo ke e faneng.

30 ‘Me kamorao hore mobu oona o rekoe, ke tla nka mabotho a Iseraele a sena molato ka ho nka mobu oa bona, oo ba neng ba o rekile pele ka chelete ea bona, le ho liea litora tsa lira tsa ka tse ka bang holim’a bona, le ho qhalakanya balebeli ba bona, le ho iphethetsa lireng tsa ka ho isa molokong oa boraro le oa bone oa ba ntlhoileng.

31 Empa pele etsang hore lebotho la ka le be lengata, etsang hore le halaletsoe ka pele ho ‘na, hore le ke le be letle joaloka letsatsi, le hlake joaloka khoeli, ‘me lebotho la hae le ke le ts’abehe har’a lichaba;

32 Hore mebuso ea lefats’e lena e ke e tlisoe tsebong ea hore ‘muso oa Sione e fela e le ‘muso oa Molimo oa rona le Kreste oa hae; ka baka leo, ha re hlompheng melao ea hae.

33 Kannete ke re ho lona, ho bohlokoa ho ‘na hore baholo ba pele ba kereke ea ka ba tle ba fumane tlhohonolofatso ea bona ho tsoa holimo tlung ea ka, eo ke laetseng hore e ahoe lebitsong la ka lefats’eng la Kirtland.

34 ‘Me etsang hore litaelo tseo ke li faneng malebana le Sione le molao oa hae li phethisoe le ho phethahatsoa, kamorao ho topollo ea hae.

35 Ho bile le letsatsi la pitso, empa letsatsi le fihlile la ho khetha, ‘me etsang hore ba khethiloeng ebe ba lokelehang.

36 ‘Me ho tla bonahatsoa ho mohlanka oa ka, ka lentsoe la Moea, bao ba khethiloeng; ‘me ba tla halaletsoa;

37 ‘Me ha feela ba latela keletso eo ba e fumanang, ba tla ba le matla kamor’a matsatsi a mangata ho fihlela lintho tsohle tse amanang le Sione.

38 ‘Me hape ke re ho lona, ipiletseng bakeng sa khotso, eseng ho batho feela ba le otlileng empa hape le ho batho bohle;

39 ‘Me phahamisang folakha ea khotso, ‘me le etse phatlalatso ea khotso ho isa lipheletsong tsa lefats’e;

40 ‘Me le etse likopo tsa khotso ho bao ba le otlileng, ho latela lentsoe la Moea le ka ho lona, ‘me lintho tsohle li tla sebetseha hammoho molemong oa lona.

41 Ka baka leo, ts’epahalang; ‘me talimang, le bone, ke na le lona esita le ho isa qetellong. Esita le joalo. Amen.