Karolo ea 91
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 9 Tlhakubele 1833. Moporofeta ka nako ena o ne a phathahane ke phetolelo ea Testament ea Khale. Ha a fihlela karolo ea lingoliloeng tsa khale tse bitsoang Apocryfa, o ile a botsa Morena ‘me a fumana taelo ena.
1–3, Apocryfa boholo ba eona e fetoletsoe ka nepo empa e ts’etse likenyeletso tse ngata ka matsoho a batho tseo e seng tsa ‘nete; 4–6, E molemo ho ba chabiselitsoeng ke Moea.
1 Kannete, joana ho rialo Morena ho lona malebana le Apocryfa—Ho na le lintho tse ngata tse ts’etsoeng ka ho eona tseo eseng tsa ‘nete, ‘me boholo e fetoletsoe ka nepo.
2 Ho na le lintho tse ngata tse ts’oetsoeng ka ho eona tseo eseng tsa ‘nete, tseo e leng likenyeletso ka matsoho a batho.
3 Kannete, ke re ho lona, hore ha ho hlokahale hore Apocryfa e fetoleloe.
4 Ka baka leo, mang kapa mang ea e balang, a ke a utloisise, hobane Moea o bonahatsa ‘nete;
5 ‘Me mang le mang ea chabiselitsoeng ke Moea o tla fumana molemo o tsoang moo;
6 ‘Me mang le mang ea sa amoheleng Moea, o sitoa ho fumana molemo. Ka baka leo, ha ho hlokahale hore e fetoleloe. Amen.