Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 62


Karolo ea 62

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, lebopong la Noka ea Missouri e Chariton, Missouri, ka la 13 Phato 1831. Ka letsatsi lena Moporofeta le sehlopha sa hae, se neng se le tseleng e tsoang Independence ho ea Kirtland, ba kopane le baholo ba ’maloa ba neng ba le tseleng ea bona ho ea lefats’eng la Sione, ’me, kamor’a litumeliso tse nyakalatsang, a amohela ts’enolo ena.

1–3, Bopaki bo ngoloa leholimong; 4–9, Baholo ba tla eta ’me ba rute ho latela kahlolo le joaloka ha ba tataisoa ke Moea.

Bonang, ’me le utloe, oho lona baholo ba kereke ea ka, ho rialo Morena Molimo oa lona, esita le Jesu Kreste, ’muelli oa lona, ea tsebang bofokoli ba batho le kamoo a thusang bona ba lekoang.

’Me kannete mahlo a ka a holim’a bao ha joale ba e-so tsamaee ho ea lefats’eng la Sione; ka baka leo thomo ea lona ha joale ha e-so phethahale.

Leha ho le joalo, le lehlohonolo, hobane bopaki boo le bo faneng bo ngotsoe leholimong bakeng sa mangeloi ho bo sheba; ’me a nyakalla ke lona, ’me libe tsa lona li ts’oaretsoe.

’Me joale tsoelang pele ka leeto la lona. Bokanang holim’a lefats’e la Zion; ’me le ts’oare kopano ’me le nyakalle hammoho, ’me le nehele ts’ebeletso e halalelang ho ea Holimo-limo.

’Me kamorao ho moo le ka khutla ho ea paka, ee, esita le hammoho, kapa ka bobeli, joaloka ha le bona ho le molemo, ha ho tsotellehe ho ’na; ha feela le ts’epahala, ’me le phatlalatsa litaba tse molemo ho baahi ba lefats’e, kapa har’a liphutheho tsa ba khopo.

Bonang, ’na, Morena, ke le tlisitse hammoho hore ts’episo e ke e phethahatsoe, hore ba ts’epahalang har’a lona ba tla bolokoa ’me ba nyakalle hammoho lefats’eng la Missouri. ’Na, Morena, ke ts’episa ba ts’epahalang ’me ha nka ke ka thetsa.

’Na, Morena, ke ikemiselitse, haeba e mong oa lona a lakatsa ho palama lipere, kapa limmoulo, kapa likariki, o tla fumana tlhohonolofatso ena, haeba a e fumana ho tsoa letsohong la Morena, ka pelo e tletseng teboho linthong tsohle.

Lintho tsena li sala le lona ho etsa ho latela qeto le tataiso ea Moea.

Bonang, ’muso ke oa lona. ’Me talimang, le bone, ke na le ba ts’epahalang ka mehla. Esita le joalo. Amen.