Karolo ea 107
Ts’enolo ka boprista, e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, mafelong a mariha kapa hoetla ea 1835. Leha karolo ena e ngotsoe ka 1835, lingoliloeng tsa nalane li tiisa hore bongata ba litemana ho tloha ho 60 ho ea ho 100 li kenyeletsa ts’enolo e fanoeng ka Joesph Smith ka la 11 Pulungoana 1831. Karolo ena e amahanngoa le tlhophiso ea Lekhotla la ba Leshome le Metso e ‘Meli ka Hlakola le Hlakubele 1835. Mohlomong Moporofeta o e fetisitse ponts’eng ea ba neng ba lokisetsa ho tsamaea ka la 4 Mots’eanong 1835, thomong ea pele ea lekhotla.
1–6, Ho na le boprista ba mefuta e ‘meli; ba Melkisedeke le ba Aarone; 7–12, Ba nang le Boprista ba Melkisedeke ba na le matla a ho tsamaisa liofising tsohle tsa kereke; 13–17, Bobishopo bo okamela Boprista ba Aarone, bo tsamaisang lits’ebeletso tse kantle; 18–20, Boprista ba Melkisedeke bo ts’oere linotlolo tsa litlhohonolofatso tsohle tsa moea; Boprista ba Aarone bo ts’oere linotlolo tsa bosebeletsi ba mangeloi; 21–38, Boetapele ba Pele, ba Leshome le Metso e ‘Meli, le ba Mashome a Supileng ba bopa makhotla a okametseng, ao liqeto tsa ‘ona li lokelang ho etsoa ka kopanelo le ho loka; 39–52, Tlhophiso ea patriareka e thehoa ho tloha ho Adama ho isa ho Noe; 53–57, Bahalaleli ba khale-khale ba ile ba bokana Adam-ondi-Ahmane, ‘me Morena o ile a hlaha ho bona; 58–67, Ba Leshome le Metso e ‘Meli ba lokela ho hlophisa liofisiri tsa kereke ka nepo; 68–76, Babishopo ba sebeletsa e le baahloli ba tloaelehileng Iseraele; 77–84, Boetapele ba Pele le ba Leshome le Metso e ‘Meli bo bopa lekhotla le ka holimo-limo ka kerekeng; 85–100, Baokameli ba Boprista ba tsamaisa makhotla a bona ka ho fapana.
1 Ka kerekeng, ho na le boprista, ba mefuta, e ‘meli, ba Melkisedeke le ba Aarone, ho kenyeletsa le Boprista ba Levitike.
2 Ba pele bo bitsoa Boprista ba Melkisedeke hobane Melkisedeke e ne e le moruti e moholo haholo.
3 Pele ho letsatsi lena bo ne bo bitsoa Boprista bo Halalelang, kamorao ho Tlhophiso ea Mor’a Molimo.
4 Empa ka lebaka la hlompho kapa tlhompho e tebileng ho lebitso la Ea Phahameng, ho qoba pheta-pheto ea khafetsa ka lebitso la hae, bona, kereke, matsatsing a khale-khale, ba ile ba bitsa boprista boo ka Melkisedeke, kapa Boprista ba Melkisedeke.
5 Bookameli bo bong bohle kapa li ofisi ka kerekeng ke lihlomathiso ho boprista bona.
6 Empa ho na le likarolo tse peli kapa likarolo tse kholohali—e ‘ngoe ke Boprista ba Melkisedeke, ‘me e ‘ngoe ke Boprista ba Aarone kapa ba Levitike.
7 Ofisi ea moholo e tla ka tlase ho boprista ba Melkisedeke.
8 Boprista ba Melkisedeke bo ts’oere tokelo ea boetapele, ‘me bo na le matla le tokelo holim’a liofisi tsohle ka kerekeng lilemong tsohle tsa lefats’e, ho tsamaisa lintho tsa moea.
9 Boetapele ba Boprista bo Boholo, ho ea ka taelo ea Melkisedeke, bo na le tokelo ea ho tsamaisa liofising tsohle ka kerekeng.
10 Baprista ba baholo ho ea ka taelo ea Boprista ba Melkisedeke ba na le tokelo ea ho tsamaisa lipitsong tsa bona, ka tlas’a tataiso ea bookameli, ho tsamaisa lintho tsa moea, ‘me hape le ka ofising ea moholo, moprista (oa taelo ea Levitike), moruti, motiakone, le setho.
11 Moholo o na le tokelo ea ho tsamaisa sebakeng sa hae ha moprista e moholo a le sieo.
12 Moprista e moholo le moholo ba lokela ho tsamaisa linthong tsa moea, tse lumellanang le lilekane le litaelo tsa kereke; ‘me ba na le tokelo ea ho tsamaisa liofising tsena tsohle tsa kereke haeba ho se na baetapele ba baholo ba teng.
13 Boprista ba bobeli bo bitsoa Boprista ba Aarone, hobane bo ile ba fanoa ho Aarone le peo ea hae, melokong eohle ea bona.
14 Lebaka la ho bitsoa boprista bo tlase ke hobane ke sehlomathiso ho bo boholo, kapa Boprista ba Melkisedeke, ‘me bo na le matla a ho tsamaisa lits’ebeletso tse kantle.
15 Bobishopo ke boetapele ba boprista bona, ‘me bo ts’oere linotlolo kapa matla a bo ts’oanang.
16 Ha ho motho ea nang le tokelo ea molao ofising ena, ho ts’oara linotlolo tsa boprista bona, ntle le ha e le setloholo sa Aarone ka kotloloho.
17 Empa joaloka ha moprista e moholo oa Boprista ba Melkisedeke a na le tokelo ea ho tsamaisa liofising tsohle tse tlase, a ka tsamaisa ofising ea mobishopo ha ho se setloholo sa Aarone ka kotloloho se fumanoang, ntle le ha a bitsoa ‘me a khethoa le ho behoa ho matla ana ka matsoho a Boetapele ba Boprista ba Melkisedeke.
18 Matla le tokelo a bo phahameng, kapa Boprista ba Melkisedeke, bo lokela ho ts’oara linotlolo tsa litlhohonolofatso tsohle tsa moea tsa kereke—
19 Ho ba le monyetla oa ho fumana liphiri tsa ‘muso oa maholimo, hore maholimo a phetleloe bona, ho buisana le phutheho e akaretsang le kereke ea Letsibolo, le ho natefeloa ke puisano le boteng ba Molimo Ntate, le Jesu ‘muelli oa selekane se secha.
20 Matla le tokelo ea bo tlase, kapa Boprista ba Aarone, ke ho ts’oara linotlolo tsa bosebeletsi ba mangeloi, le ho tsamaisa lits’ebeletso tse kantle, lengolo la evangeli, kolobetso ea pako bakeng sa tlhatsuo ea libe, ka ho lumellana le lilekane le litaelo.
21 Ha ho hlokahala ho na le baetapele, kapa liofisisri tse okamelang tse hlahang ho, kapa tse khethoang kapa tse tsoang ho ba behiloeng liofising tse ‘maloa ho boprista bona ka bobeli.
22 Ka Boprista ba Melkisedeke, Baprista ba Baholo ba bararo ba Okametseng, ba khethiloeng ke lekhotla, ba khethoa le ho behoa ofising eo, ba ts’ehelitsoe ka boits’epo, tumelo, le thapelo ea kereke, ba bopa lekhotla la Boetapele ba Kereke.
23 Baeletsi ba leshome le metso e ‘meli ba etang ba bitsoa ba Baapostola ba Leshome le Metso e ‘Meli, kapa lipaki tse khethehileng tsa lebitso la Kreste ka lefats’e lohle—ke joana ba fapanang le liofisi tse ling ka hare ho kereke mesebetsing ea lipitso tsa bona.
24 ‘Me ba bopa lekhotla, le lekanang ka tokelo le ka matla ho baetapele ba bararo ba boletsoeng pele.
25 Ba Mashome a Supileng ba boela ba bitsetsoa ho ruta evangeli, le ho ba lipaki tse khethehileng ho Balichaba le ka lefats’e lohle—ke joana ba fapanang le liofisiri tse ling ka hare ho kereke mesebetsing ea lipitso tsa bona.
26 ‘Me ba bopa lekhotla, le lekanang ka tokelo le la lipaki tse Leshome le Metso e ‘Meli tse khethehileng kapa Baapostola ba sa tsoa boleloa.
27 ‘Me qeto e etsoang ke le leng la makhotla e tlameha ho ba ka lentsoe le le leng le ts’oanang; ke hore, setho se seng le se seng lekhotleng le leng le le leng se tlameha ho lumellana le liqeto tsa lona, e le ho etsa liqeto tsa lona ka matla a lekanang kapa ka matla a molao e ‘ngoe ho e ‘ngoe—
28 Bongata bo ka bopa lekhotla ha maemo a sa lumele hore ho be joalo—
29 Ntle le haeba ho le joalo, liqeto tsa bona ha li na tokelo e ts’oanang le litlhohonolofatso le liqeto tseo lekhotla la baetapele ba bararo li neng li le ka teng khale-khale, ba ileng ba behoa ka mokhoa oa Melkisedeke, ‘me e ne ele batho ba lokileng ‘me ba halalelang.
30 Liqeto tsa makhotla ana, kapa le leng la ‘ona, li tla etsoa ka ho loka hohle, ka khalalelo, le ka boikokobetso ba pelo, bonolo le mamello, le ka tumelo, le bokhabane, le tsebo, boits’oaro, mamello, bomolimo, lerato la boena, lerato la sebele;
31 Hobane ts’episo ke, haeba lintho tsena li ata ka ho bona ba ke ke ba sitoa ho beha litholoana tsebong ea Morena.
32 ‘Me haeba qeto e fe kapa e fe ea makhotla ana e entsoe ka ho se loke, e ka tlisoa ka pele ho phutheho e akaretsang ea makhotla a ‘maloa, a bopang baetapele ba moea ba kereke; ho seng joalo ha ho na ho ba le boipiletso ho tsoa liqetong tsa bona.
33 Ba Leshome le Metso e ‘Meli ke Lekhotla le Phahameng le Okametseng le Etang, le tsamaisang ka lebitso la Morena, ka tlas’a tataiso ea Bookameli ba Kereke, ka ho lumellana le leholimo; ho aha kereke, le ho laola litaba tsohle tse ts’oanang lichabeng tsohle, pele, ho Balichaba ‘me labobeli ho Ba-Juda.
34 Ba Leshome le Metso e ‘Meli ba lokela ho etsa ka lebitso la Morena, ka tla’sa tataiso ea Ba Leshome le Metso e ‘Meli kapa lekhotla le leholo le etang, ho aheng kereke le ho laola litaba tse ts’oanang lichabeng tsohle, ho qala ka Balichaba ‘me ebe ho Ba-Juda—
35 Ba Leshome le Metso e ‘Meli ba romeloa kantle, ba ts’oere linotlolo, ho bula monyako ka phatlalatso ea evangeli ea Jesu Kreste, ‘me ba qala ho Balichaba ‘me ebe Ba-Juda.
36 Makhotla a maholo a teng sebakeng seo, literekeng tse kholo tsa Sione, ba bopa lekhotla le lekanang ka tokelo litabeng tsa kereke, liqetong tsa bona tsohle, ho lekhotla la boetapele, kapa ho lekhotla le leholo le etang.
37 Lekhotla le leholo Sione le bopa lekhotla le lekanang le lona litabeng tsa kereke, liqetong tsohle tsa bona, ho makhotla a ba Leshome le ‘Metso e Meli literekeng tse kholo tsa Sione.
38 Ke mosebetsi oa lekhotla le leholo le etang ho bitsa ba Mashome a Supileng, ha ba hloka thuso, ho tlatsa lipitso tse ngata bakeng sa ho ruta le ho tsamaisa evangeli, ntle le ba bang.
39 Ke mosebetsi oa ba Leshome le Metso e ‘Meli, makaleng ‘ohle a maholo a kereke, ho beha baruti ba evangeli, joaloka ha ba tla hloaeloa bona ka ts’enolo—
40 Mokhoa oa boprista bona o ile oa tiisoa e le ho neheletsanoa ho tloha ho ntate ho isa ho mora, ‘me ka nepo o oela ho litloholo tsa ‘nete tsa peo e khethiloeng, eo ho eona eo ts’episo e entsoeng.
41 Mokhoa oona o ile oa qaloa matsatsing a Adama, ‘me oa theoha ka leloko ka tsela e latelang:
42 Ho tloha ho Adama ho ea ho Setha, ea ileng a behoa ke Adama ha a le lilemo tse mashome a ts’eletseng le metso e robong, ‘me a hlohonolofatsoa ke eena lilemo tse tharo pele ho lefu la hae (Adama),’me a fumana ts’episo ea Molimo ka ntat’ae, hore litloholo tsa hae li lokela ho khethoa ke Morena, le hore li lokela ho bolokoa ho isa pheletsong ea lefats’e;
43 Hobane eena (Seta) e ne e le monna ea phethahetseng, ‘me sets’oants’o sa hae e ne e le sa ntat’ae, haholo hoo a neng a bonahala ho ba joalo ka ntat’ae linthong tsohle, ‘me o ne a ka khetholloa ho eena ka lilemo feela.
44 Enose o ile a behoa ha a le lilemo li lekholo le mashome a mararo a metso e mene le likhoeli tse ‘ne, ka letsoho la Adama.
45 Molimo o ile a bitsetsa Kaine lefelleng ka selemo sa hae sa bo mashome a mane; ‘me o ile a kopana le Adama ha a ntse a tsamaea ho ea sebakeng sa Shedolamaka. O ne a le lilemo tse mashome a robeli a metso e supileng ha a ne a fumana peho ea hae.
46 Mahalaleele o ne a le lilemo tse makholo a mane le mashome a robong le metso e ts’eletseng ha a ne a behoa ka letsoho la Adama, ea ileng a boela a mo hlohonolofatsa.
47 Jerede o ne a le lilemo tse makholo a mabeli ha a ne a behoa matsoho tlasa letsoho la Adama, ea ileng a boela a mo hlohonolofatsa.
48 Henoke o ne a le lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano ha a ne a behoa ka letsoho la Adama; ‘me o ne a le lilemo tse mashome a ts’eletseng le metso e mehlano ‘me Adama o ile a mo hlohonolofatsa.
49 ‘Me o ile a bona Morena, ‘me a tsamaea le eena, ‘me o ne a le ka pele ho sefahleho sa hae ka mehla; ‘me o ile a tsamaea le Molimo lilemo tse makholo a mararo le mashome a ts’eletseng a metso e mehlano, e leng se neng se mo etsa lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo a lilemo ha a ne a nkeloa leholimong.
50 Methusela o ne a le lilemo tse lekholo ha a ne a behoa ka letsoho la Adama.
51 Lemeke o ne a le lilemo tse mashome a mararo a metso e ‘meli ha a ne a behoa ka letsoho la Setha.
52 Noe o ne a le lilemo tse leshome ha a ne a behoa ka letsoho la Methusela.
53 Lilemo tse tharo pele ho lefu la Adama, o ile a bitsa Setha, Enose, Kaine, Mahalaleele, Jerede, Henoke le Methusela, bao kaofela e neng e le baprista, le masalla a leloko la hae a neng ba lokile, ho ea khohloaneng ea Adam-ondi-Ahmane, ‘me moo a ba neha tlhohonolofatso ea hae ea ho qetela.
54 ‘Me Morena o ile a itlhahisa ho bona, ‘me ba ile ba tsoha ‘me ba hlohonolofatsa Adama, ‘me ba mo bitsa Mikaele, khosana, arekangeloi.
55 ‘Me Morena o ile a fana ka mats’eliso ho Adama, ‘me a re ho eena: Ke u behile ka hloohong; mats’oele a lichaba a tla tla ka uena, ‘me uena u khosana holim’a bona ka ho sa feleng.
56 ‘Me Adama o ile a ema ka har’a phutheho; ‘me, ho sa natsoe hore na o ne a kotlobane hakae ka lebaka la lilemo, a tletse ka Moea o Halalelang, o ile a nooa eng kapa eng e tlang ho oela leloko la hae ho isa molokong oa morao-rao.
57 Lintho tsena tsohle li ne li ngotsoe ka bukeng ea Henoke, ‘me ho tla pakoa ka tsona ha nako e nepahetse.
58 Ke mosebetsi oa ba Leshome le Metso e ‘Meli, ho boela, ba beha le ho hlophisa liofisi tsohle tse ling tsa kereke, e le ho lumellana le ts’enolo e reng:
59 Ho kereke ea Kreste lefats’eng la Zion, ho tlatseletsa melaong ea kereke e malebana le melao ea mosebetsi oa kereke—
60 Kannete, ke re ho lona, ho rialo Morena oa Makhotla, ho hlokahala ho be le baholo ba okamelang hore ba okamela holim’a bao e leng ba ofisi ea moholo;
61 ‘Me hape le baprista ho okamela holim’a bao e leng ba ofisi ea moprista;
62 ‘Me hape le baruti ho okamela holim’a bao e leng ba ofisi ea moruti, ka mokhoa o ts’oanang, ‘me hape le batiakone—
63 Ka baka leo, ho tloha ho motiakone ho ea ho moruti, le ho tloha ho moruti ho ea ho moprista, ho tloha ho moruti ho ea ho moholo, ka bo mong ha ba khethoa, ho latela lilekane le litaelo tsa kereke.
64 Ebe ho tla Moprista e Moholo, e leng e moholo ho feta bohle.
65 Ka baka leo, ho hlokahala hore e mong a khethoe e le Moprista e Moholo ho okamela holim’a boprista, ‘me o tla bitsoa Mookameli oa Boprista bo Boholo ba Kereke;
66 Kapa, ka mantsoe a mang, Moprista e Moholo ea Okametseng Boprista bo Boholo ba Kereke.
67 Ho tsoa ho boprista bo ts’oanang ho tla tsamaiso ea lits’ebeletso le litlhohonolofatso holim’a kereke ka peho ea matsoho.
68 Ka baka leo, ofisi ea mobishopo hae lekane le eona; hobane ofisi ea mobishopo e ka tsamaisong ea lintho tsohle tsa nama;
69 Leha ho le joalo mobishopo o tlameha ho khethoa ho Boprista bo Moholo, ntle le ha e-ba ke setloholo sa Aarone ka kotloloho;
70 Hobane ntle le hore ebe ke setloholo sa Aarone ka kotloloho o tla sitoa ho ts’oara linotlolo tsa boprista boo.
71 Leha ho le joalo, moprista e moholo, e le ho bolela hore, ka mokhoa ea Melkisedeke, a ka khethoa ho sebeletsa linthong tsa nama, a e-na le tsebo ea tsona ka Moea oa ‘nete;
72 ‘Me a boele e be moahloli Israele, ho etsa mosebetsi oa kereke, ho lula kahlolong ea ba sitiloeng ho latela bopaki joaloka ha bo tla tekoa ka pele ho eena ho latela melao, ka thuso ea baeletsi, bao a ba khethileng kapa bao a tlang ho ba khetha har’a baholo ba kereke.
73 Oona ke mosebetsi oa mobishopo eo e sena setloholo sa Aarone ka kotloloho, empa a behiloe ho Boprista bo Boholo ka mokhoa oa Melkisedeke.
74 Ke joana e tlang ho ba moahloli, esita le moahloli ea tloaelehileng har’a baahi ba Sione, kapa seterekeng se seholo sa Sione, kapa lekaleng lefe kapa lefe la kereke moo a tlang ho behoa teng boruting ba hae ho fihlela maliboho a Sione a eketseha ‘me ho hlokahala hore ho be le mobishopo kapa baahloli Sione kapa kae kapa kae feela.
75 ‘Me ha feela ho e-na le babishopo ba bang ba khethoang ba tla sebetsa ka ofising e ts’oanang.
76 Empa setloholo sa Aarone ka kotloloho se na le tokelo ka molao ho boetapele ba boprista bona, ho linotlolo tsa bosebeletsi bona, ho sebetsa ka ofising ea mobishopo a ikemetse, ho se baeletsi, ntle le boemong boo Mookameli oa Boprista bo Boholo, ka mokhoa ea Melkisedeke, a lekoang, ho lula joaloka moahloli Israele.
77 ‘Me liqeto tsa le leng la makhotla ana, tse lumellanang le taelo e reng:
78 Hape, kannete, ke re ho lona, mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa kereke, le linyeoe tse thata ka ho fetisa tsa kereke, le ha ho ka ba le ho se khotsofale holim’a liqeto tsa mobishopo kapa baahloli, e tla fetisetsoa le ho nkeloa ho lekhotla la kereke, kapele ho Boetapele ba Boprista bo Boholo.
79 ‘Me Boetapele ba lekhotla la Boprista bo Boholo bo tla ba le matla a ho bitsa baprista ba bang ba baholo, esita le ba leshome le metso e ‘meli, ho thusa joaloka baeletsi; ‘me ke joana Boetapele ba Boprista bo Boholo le baeletsi ba bona ba tla ba le matla a ho etsa qeto holim’a bopaki ho latela melao ea kereke.
80 ‘Me kamor’a qeto ena, ha e hlole e hopoleha ka pele ho Morena; hobane lena ke lona lekhotla le leholo la Kereke ea Molimo, le qeto ea ho qetela holim’a likhang litabeng tsa moea.
81 Ha ho motho ofe kapa ofe eo e leng karolo ea kereke eo e leng mokhelo lekhotleng lena la kereke.
82 ‘Me ha feela Moetapele oa Boprista bo Boholo a tla sitoa, o tla tlisoa ka pele ho lekhotla le tloaelehileng la kereke, le tlang ho thusoa ke baeletsi ba leshome le metso e ‘meli la Boprista bo Boholo;
83 ‘Me qeto ea bona holim’a hlooho ea hae e tla ba qetello ea khang malebana le eena.
84 Ke joana, ho seng eo e tlang ho ba mokhelo ho toka le melao ea Molimo, hore lintho tsohle li ke li etsoe ka nepo le ka hlonepho ka pele ho eena, ho latela ‘nete le ho loka.
85 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, mosebetsi oa moetapele ofisi ea motiakone ke ho okamela batiakone ba leshome le metso e ‘meli, ho lula lekhotleng le bona, le ho ba ruta mesebetsi ea bona, ba matlafatsana moeeng, joaloka ha ho fanoe ho latela lilekane.
86 ‘Me hape mosebetsi oa mookameli ofising ea baruti ke ho okamela baruti ba mashome a mabeli a metso e mene le ho lula lekhotleng le bona, a ba ruta mesebetsi ea ofisi ea bona, joaloka ha ho fanoe ka har’a lilekane.
87 Hape mosebetsi oa mookameli holim’a Boprista ba Aarone ke ho okamela baruti ba mashome a mane a metso e robeli, le ho lula le bona lekhotleng, ho ba ruta mesebetsi ea ofisi ea bona, joaloka ha e fanoe ka har’a lilekane.
88 Mookameli enoa o lokela ho ba mobishopo; hobane oona ke o mong oa mesebetsi ea boprista bona.
89 Hape, mosebetsi oa mookameli holim’a ofisi ea baholo ke ho okamela baholo ba mashome a robong a metso e ts’eletseng, le ho lula lekhotleng le bona, le ho ba ruta ho latela lilekane.
90 Boetapele bona ke bo fapaneng le bane ba mashome a supileng, ‘me bo thehiloe bakeng sa ba sa eteleng lefats’e lohle.
91 ‘Me hape, mosebetsi oa Mookameli oa ofisi ea Boprista bo Boholo ke ho okamela kereke eohle, le ho ba joaloka Moshe—
92 Bonang, bona ke bohlale, ee, ho ba senooe, mosenoli, le mofetoleli, le moporofeta, ea nang le lineo tsohle tsa Molimo tseo a li behileng hlooho ea kereke.
93 ‘Me ke ho latela pono e bonts’ang tlhophiso ea ba Mashome a Supileng, hore ba lokela ho ba le baokameli ba supileng ho ba okamela, ba khethiloeng ka har’a nomoro ea ba mashome a supileng;
94 ‘Me mookameli oa bosupa oa boetapele bona o lokela ho okamela ba ts’eletseng;
95 ‘Me baokameli bana ba supileng ba lokela ho khetha ba bang ba mashome a supileng ntle le ho ba mashome a supileng ba pele bao e leng karolo ea bona, ‘me ba lokela ho ba okamela.
96 ‘Me ba bang hape ba mashome a supileng, ho fihlela supa ha mashome a supileng, haeba mosebetsi ts’imong ea morara o hloka joalo.
97 ‘Me bana ba mashome a supileng ba lokela ho ba baruti ba etelang, ho Balichaba pele ‘me hape le ho Ba-Juda.
98 Ere ka ha liofisiri tse ling tsa kereke, tseo e seng karolo ea ba Leshome le Metso e ‘Meli, leha e le ea ba Mashome a Supileng, ha ba ka tlase ho boikarabello ba ho etela har’a lichaba tsohle, empa ba tla eta ha maemo a bona a lumela, ho sa natsoe hore ba ka ts’oara liofisi tse holimo le tsa boikabarabello ka hare ho kereke.
99 Ka baka leo, joale etsang hore motho e mong le e mong a ithute mosebetsi oa hae, le ho sebetsa ka ofising eo a e khethetsoeng, ka mafolofolo ‘ohle.
100 Ea botsoa a ke ke a nkoa a lokeleha ho ema, le ea sa ithuteng mesebetsi ea hae ‘me a sa bonts’e a amohelehile, a ke ke a nkoa a lokeleha ho ema. Esita le joalo. Amen.