Karolo ea 79
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram, Ohio, ka la 12 Tlhakubele 1832.
1–4, Jared Carter o bitsetsoa ho ruta evangeli ka Mots’elisi.
1 Kannete kere ho uena, ke thato ea ka hore mohlanka oa ka Jared Carter o lokela ho tsamaea hape ho ea linaheng tse ka bochabela, ho tloha sebakeng ho ea ho se seng, le ho tloha motseng ho ea ho o mong, ka matla a peho ea matsoho eo ka eona a behiloeng matsoho, a phatlalatsa litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo, esita le evangeli e sa feleng.
2 ‘Me ke tla mo romella Mots’elisi, ea tlang ho mo ruta ‘nete le tsela eo a tlang ho tsamaea ka eona;
3 ‘Me ha feela a ts’epahala, ke tla mo roesa moqhaqa hape ka mangata.
4 Ka baka leo, lesa pelo ea hau e thabe, mohlanka oa ka Jared Carter, ‘me u se ke ua ts’aba, ho rialo Morena esita le Jesu Kreste. Amen.