Karolo ea 53
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Algernon Sidney Gilbert, Kirtland Ohio, ka la 8 Phuptjane 1831. Ka kopo ea Sidney Gilbert, Moporofeta o ile a botsa ho Morena ka mosebetsi oa Moena Gilbert le ho khethoa hoa hae ka kerekeng.
1–3, Pitso le khetho ea Sidney Gilbert ka hare ho kereke ke ho behoa matsoho e le moholo; 4–7, O lokela hape ho sebeletsa e le mothusi oa mobishopo.
1 Bona, ke re ho uena mohlanka oa ka Sidney Gilbert, hore ke utloile lithapelo tsa hau; ’me u bitsitse ho ’na hore ho ke ho tsebahatsoe ho uena, ka Morena Molimo oa hau, malebana le pitso le khetho ea hau ka hare ho kereke, eo ’na Morena ke e thehileng matsatsing ana a ho qetela.
2 Bona, ’na Morena, ea ileng a thakhisoa bakeng sa libe tsa lefats’e, ke u fa taelo hore u tla tlohela tsa lefats’e.
3Â Inkele peho ea ka ea matsoho, esita le ea moholo, ho ruta tumelo le pako le tlhatsuo ea libe, ho latela lentsoe la ka, le kamohelo ea Moea o Halalelang ka peho ea matsoho;
4 ’Me hape ho ba moemeli oa kereke sebakeng se tlang ho khethoa ke mobishopo, ho latela litaelo tse tlang ho fanoa kamor’a mona.
5 ’Me hape, kannete ke re ho uena, u tla nka leeto la hau le mohlanka oa ka Joseph Smith le Sidney Rigdon.
6 Bona, tsena ke lits’ebeletso tsa pele tseo u tlang ho li fuoa; ’me masalla a tla tsebisoa ha nako e fihla, ho latela mosebetsi oa hau ts’imong ea ka ea morara.
7 ’Me hape, ke batla u ithute hore ea bolokoang ke ea mamellang ho isa qetellong. Esita le joaloo. Amen.