Karolo ea 75
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Amherst, Ohio, ka la 25 Pherekhong 1832. Karolo ena e kenyelletsa ts’enolo tse peli tse fapaneng (ea pele, temaneng ea pele ho isa ho ea mashome a mabeli a metso e ‘meli le ea bobeli, ho tloha temaneng ea mashome a mabeli a metso e meraro ho isa ho ea mashome a mararo a metso e ts’eletseng) tse fanoeng ka letsatsi le ts’oanang. Ketsahalo e ne e le seboka seo Joseph Smith a neng a ts’ehetsoa le ho behoa e le Mookameli oa Boprista bo Boholo. Baholo ba itseng ba ne ba lakatsa ho ithuta haholoanyane ka mesebetsi ea bona ea nako eo. Ts’enolo tsena li ile tsa latela.
1–5, Baholo ba ts’epahalang ba rutang evangeli ba tla fumana bophelo ba bosafeleng; 6–12, Rapellang ho amohela Mots’elisi, ea rutang lintho tsohle; 13–22, Baholo ba tla lula kahlolong ea ba latolang molaetsa oa bona; 23–36, Malapa a barumuoa lichabeng a lokela ho fumana thuso ho tsoa ho kereke.
1 Kannete-nete, ke re ho lona, ke buoa esita le ka lentsoe la Moea oa ka, esita le Alfa le Omega, Morena oa lona le Molimo oa lona—
2 Mamelang, oho lona ba faneng ka mabitso a lona ho ea phatlalatsa evangeli ea ka, le ho hlaola ts’imo ea ka ea morara.
3 Bonang, ke re ho lona ke thato ea ka hore le lokela ho tsamaea ‘me le se ke la ema, esita le ho ba botsoa empa le sebetse ka matla a lona—
4 Le phahamisa mantsoe a lona joaloka molumo oa terompeta, le phatlalatsa ‘nete malebana le ts’enolo le melao eo ke le nehileng eona.
5 ’Me ke joana, haeba le ts’epahala le tla belesoa ka mangata, ’me le roesoe moqhaka oa hlompho le khanya le ho se shoe le bophelo ba bosafeleng.
6 Ka baka leo, kannete ke re ho mohlanka oa ka William E. McLellin, ke hlakola thomo eo ke neng ke mo nehile eona ea ho ea linaheng tse ka bochabela;
7 ’Me ke mo neha thomo e ncha le taelo e ncha, tseo ‘na, Morena, ke mokhalemang ka lebaka la lipelaelo tsa pelo ea hae;
8 ’Me o entse sebe; leha ho le joalo, kea mo ts’oarela ‘me ke re ho eena hape, Tsamaea u ee linaheng tse boroa.
9 ’Me etsang hore mohlanka oa ka Luke Johnson a tsamaee le eena, ‘me a phatlalatse lintho tseo ke ba laetseng tsona—
10 Ba bitsa lebitso la Morena bakeng sa Mots’elisi, ea tlang ho ba ruta lintho tsohle tse bohlokoa bakeng sa bona—
11 Ba rapela kamehla hore ba se ke ba nyahama; ‘me ha feela ba ntse ba etsa sena, ke tla ba le bona ho isa qetellong.
12 Bonang, sena ke thato ea Morena Molimo oa lona malebana le lona. Esita le joalo. Amen.
13 ’Me hape, kannete ho rialo Morena, etsang hore mohlanka oa ka Orson Hyde le mohlanka oa ka Samuel H. Smith ba nke leeto la bona ho ea linaheng tse ka bochabela, ‘me ba phatlalatse lintho tseo ke ba laetseng tsona; ‘me ha feela ba ts’epahala, bonang, ke tla ba le bona ho isa qetellong.
14 ’Me hape, kannete ke re ho mohlanka oa ka Lyman Johnson, le ho mohlanka oa ka Orson Pratt, ba lokela ho nka leeto ho ea linaheng tse ka bochabela; ‘me talimang, le bone, ke boetse ke na le bona esita le ho isa qetellong.
15 ’Me hape, ke re ho mohlanka oa ka Asa Dodds, le ho mohlanka oa ka Calves Wilson, hore le bona ba tla nka leeto la bona ho ea linaheng tse ka bophirima, ‘me ba phatlalatse evangeli, esita le joaloka ha ke ba laetse.
16 ’Me ea ts’epahalang o tla hlola lintho tsohle, ‘me o tla phahamisoa ka letsatsi la ho qetela.
17 ’Me hape, ke re ho mohlanka oa ka Major N. Ashley, le mohlanka oa ka Burr Riggs, etsang hore le bona ba nke leeto la bona ho ea naheng e ka boroa.
18 Ee, etsang hore bao bohle ba nke leeto la bona, joaloka ha ke ba laetse, ba tsamaee ntlo le ntlo, le ho tloha motsaneng ho isa motsaneng o mong, le ho tloha motseng ho isa motseng o mong.
19 ’Me ntlong efe kapa efe eo le kenang ho eona, ‘me ba le amohela, le siee tlhohonolofatso ea lona holim’a ntlo eo.
20 ’Me ntlong efe kapa efe eo le kenang ho eona, ’me ba sa le amohele, le tla tsoa kapele ntlong eo, le hlohlore lerole la lieta tsa lona, e be bopaki ho bona.
21 ’Me le tla tlala ka thabo le nyakallo; ’me le tsebe sena, hore ka letsatsi la kahlolo le tla ba baahloli ba ntlo eo, ’me le tla ba otla;
22 ’Me ho tla mamelleha ho bahetene ka letsatsi la kahlolo, ho feta ntlo eo; ka baka leo, tlamang matheka a lona, ’me le ts’epahale, ’me le tla hlola linthong tsohle, ’me le phahamisoe ka letsatsi la ho qetela. Esita le joalo, Amen.
23 ’Me Hape, ho rialo Morena ho lona, oho lona baholo ba kereke ea ka, bao le faneng ka mabitso a lona hore le ke le tsebe thato ea hae malebana le lona—
24 Bonang, ke re ho lona, hore ke mosebetsi oa kereke ho thusa ho ts’ehetsa malapa ao, hape le ho ts’ehetsa malapa a bao ba bitsoang ’me ba hlokang ho romelloa lefats’eng ho phatlalatsa evangeli ho lefats’e.
25 Ka baka leo, ’na, Morena, ke le neha taelo ena, hore le fumane libaka bakeng sa malapa a lona, ha feela baena ba lona ba ikemiselitse ho bula lipelo tsa bona.
26 ’Me etsang hore bohle ba ka fumanang libaka bakeng sa malapa a bona, le ts’ehetso ea kereke bakeng sa bona, ba se ke ba hloleha ho ea lefats’eng, ebang ke ho ea ka bochabela kapa bophirima, kapa ka leboea kapa ka boroa.
27 Etsang hore ba kope ‘me ba tla fumana, ba kokote, ‘me ba tla buleloa, ‘me ho tsebahatsoe ho tsoa holimo, esita le ka Mots’elisi, moo ba tlang ho ea teng.
28 ’Me hape, kannete ke re ho lona, hore monna e mong le e mong ea filoeng boikarabello ba ho hlokomela lelapa la hae, etsang hore a le hlokomele ‘me a ke ke a lahleheloa ke moqhaka oa hae; ‘me mo leseng a sebeletse kereke.
29 Etsang hore monna e mong le e mong a be mafolofolo linthong tsohle. ‘Me ea botsoa a ke ke a ba le sebaka ka hare ho kereke, ntle le ha a ka baka ‘me a lokisa litsela tsa hae.
30 Ka baka leo, etsang hore mohlanka oa ka Simeon Carter le mohlanka oa ka Emer Harris ba kopane bosebeletsing;
31 ’Me le mohlanka oa ka Ezra Thayre le mohlanka oa ka Thomas B. Marsh;
32 Hape mohlanka oa ka Hyrum Smith le mohlanka oa ka Reynolds Cahoon;
33 ’Me le mohlanka oa ka Daneil Stanton le mohlanka oa ka Seymour Brunson;
34 ’Me le mohlanka oa ka Sylvester Smith le mohlanka oa ka Gideon Carter;
35 ’Me le mohlanka oa ka Ruggles Eames le mohlanka oa ka Stephen Burnett;
36 ’Me le mohlanka oa ka Micah B. Welton hape le mohlanka oa ka Eden Smith. Esita le joalo. Amen.