Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 12


Karolo ea 12

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Joseph Knight Sr., Harmony, Pennsylvania, ka Mots’eanong 1829. Joseph Knight o ile a lumela liphatlalatso tsa Joseph Smith malebana le ho ba le matlapa a Buka ea Mormone le mosebetsi oa phetolelo o neng o tsoelapele ka nako eo ’me makhetlo a mangata o ile a fana ka thuso ea thepa ho Joseph Smith le ho mongoli oa hae, e ileng ea ba nolofaletsa hore ba tsoelepele ho fetolela. Ka kopo ea Joseph Knight, Moporofeta o ile a botsa Morena ’me a fumana ts’enolo ena.

1–6, Basebetsi ts’imong ea morara ba lokela ho fumana poloko; 7–9, Bohle ba lakatsang ’me ba ts’oaneleha ba ka thusa mosebetsing oa Morena.

Mosebetsi o moholo o tsotehang o haufi le ho tla har’a bana ba batho.

Bona, ke ’na Molimo; mamela lentsoe la ka, le potlakang ’me le matla, le bohale ho feta sabole e leolitsoeng ka nqa tse peli, ho arola ka lehare manonyeletso le ’moko; ka baka leo, mamela lentsoe la ka.

Bona, ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ka baka leo, mang kapa mang ea lakatsang ho kotula, mo lumelleng a kenye sekele ea hae ka matla a hae, ’me a kotule ha letsatsi le sa le teng, hore a ke a boloke bakeng sa moea oa hae poloko e sa feleng ’musong oa Molimo.

Ee, mang kapa mang ea tla kenya sekele ea hae ’me a kotule, ea joalo ke ea bitsoang ke Molimo.

Ka baka leo, haeba u tla kopa ho ’na, u tla fumana; haeba u tla kokota, u tla buleloa.

Joale, joaloka ha u kopile, bona, ke re ho uena, boloka litaelo tsa ka, ’me u batle ho tlisa le ho theha morero oa Sione.

Bona, ke bua ho uena, hape le ho bohle ba nang le litakatso tsa ho tlisa le ho theha mosebetsi oona;

’Me ha ho motho ea ka thusang mosebetsing oona ntle le hore e be ea ikokobelitseng, ea tletseng lerato, a e-na le tumelo, ts’epo le lerato la sebele, a na le boits’oaro linthong tsohle, eng kapa eng e tlang ho ts’epeloa tlhokomelong ea hae.

Bona, ke ’na leseli le bophelo ba lefats’e ea buang mantsoe ana, ka baka leo, mamela ka hloko le ka sefutho sa hau, ’me joale ebe ua bitsoa. Amen.