Karolo ea 90
Ts’enolo ho Moporofeta Joseph Smith, e fanoeng Kirtland, Ohio ka la 8 Tlhakubele 1833. Ts’enolo ena ke khato e tsoelang pele ea ho theha Boetapele ba Pele (bona sehlooho sa karolo ea 81); ka lebaka la eona baeletsi ba boletsoeng ba ile ba behoa matsoho ka la 18 Tlhakubele 1833.
1–5, Linotlolo tsa ‘muso li fanoa ho Joseph Smith ‘me ka eena ho ea ho Kereke; 6–7, Sidney Ridgon le Frederick G. Williams ba tla sebeletsa Boetapeleng ba Pele; 8–11, Evangeli e tla rutoa ho lichaba tsa Iseraele, ho Balichaba, le ho Ba-Juda, motho e mong le e mong a e utloa ka leleme la habo; 12–18, Joseph Smith le baeletsi ba hae ba tla hlophisa kereke ka nepo; 19–37, Batho ba fapaneng ba eletsoa ke Morena ho tsamaea ka ho loka ‘me ba sebeletse ‘musong oa hae.
1 Joana ho rialo Morena, kannete-nete ke re ho lona, le ts’oaretsoe libe tsa lona, ho latela kopo ea lona, hobane lithapelo tsa lona le lithapelo tsa baena ba lona li fihlile litsebeng tsa ka.
2 Ka baka leo, u lehlohonolo ho tloha nakong ena hore linotlolo tsa ‘muso li fanoe ho uena; ‘muso o tlang ho tla lekhetlong la ho qetela.
3 Kannete ke re ho uena, linotlolo tsa ‘muso oona li ke ke tsa hlola li nkoa ho uena, ha u ntse u le lefats’eng, leha e le lefats’eng le tlang;
4 Leha ho le joalo, ka uena ts’enolo li tla fanoa ho e mong, ee, esita le ho kereke.
5 ‘Me bohle ba amohelang ts’enolo tsa Molimo, etsa hore ba hlokomele kamoo ba li ts’oarang esere ba li nka joaloka ntho e bobebe, ‘me ba tlisoa tla’sa thohako ke hona, ‘me ba khoptjoa le ho oela ha lifefo li theoha, le moea o foka, ‘me lipula li theoha, ‘me li otla holim’a ntlo ea bona.
6 ‘Me hape, kannete ke re ho baena ba lona, Sidney Ridgon le Frederick G. Williams, libe tsa bona li ts’oaretsoe le tsona, ‘me ba nkoa ba lekana le uena ka ho ts’oara linotlolo tsa ‘muso oona oa ho qetela;
7 Le joaloka ka tsamaiso ea hau ka linotlolo tsa sekolo sa baporofeta, seo ke laetseng hore se hlophisoe;
8 Hore ka hona ba tle ba phethahatsoe boruting ba bona bakeng sa poloko ea Sione, le ea sechaba sa Iseraele, le ho Balichaba, joaloka ha ba bangata ba tla lumela;
9 Hore ka tsamaiso ea hau ba ka amohela lentsoe, ‘me ka tsamaiso ea bona lentsoe le ke le ee lipheletsong tsa lefats’e, ho Balichaba pele, ‘me joale, talimang, le bone, ba tla fetohela ka ho Ba-Juda.
10 ‘Me ebe ho tla letsatsi leo letsoho la Morena le tlang ho senoloa ka matla ho kholisa lichaba, lichaba tsa bohetene, ntlo ea Joseph, ka evangeli ea poloko ea bona.
11 Hobane ho tla etsahala hore ka letsatsi leo, hore motho e mong le e mong o tla utloa evangeli e feletseng ka leleme la habo, ‘me le ka puo ea habo, ka bao ba behiloeng matsoho ho matla ana, ka tsamaiso ea Mots’elisi, ea ts’olletsoeng holim’a bona bakeng sa ts’enolo ea Jesu Kreste.
12 ‘Me joale, kannete ke re ho lona, ke fana ho lona taelo hore le tla tsoelapele ka boruti le boetapele.
13 ‘Me ha le se le qetile phetolelo ea baporofeta, ho tloha hajoale le tla okamela litaba tsa kereke le sekolo seo;
14 ‘Me nako le nako, joaloka ha ho tla bonahatsoa ke Mots’elisi, le tla fumana ts’enolo ea ho manolla liphiri tsa ‘muso;
15 ‘Me le lokise likereke, le bale le ithute, ‘me le itloaetse libuka tse molemo, le ka lipuo, maleme, le sechaba.
16 ‘Me sena e tla ba mosebetsi le thomo bophelo bohle ba lona, ho okamela lekhotleng, le ho lokisa litaba tsohle tsa kereke ena le ‘muso.
17 Le se ke la soaba, leha e le ho ferekana; empa le eletsehe menahanong eohle ea lona e phahameng le boikhants’ong, hobane e tlisa leraba moeeng oa lona.
18 Lokisang matlo a lona; behellang botsoa le ho se hloeke hole le lona.
19 Joale, kannete ke re ho lona, etsang hore ho be le sebaka se fanoang, ka potlako bakeng sa lelapa la moeletsi le mongoli, esita le Frederick G. Williams.
20 ‘Me etsang hore mohlanka oa ka ea holileng, Joseph Smith, Sen., a tsoelepele le lelapa la hae holim’a sebaka seo a phelang ho sona hajoale; ‘me le se lumelle hore ho rekisoe ho fihlela molomo oa Morena o tla bolela.
21 ‘Me etsang hore moeletsi oa ka, esita le Sidney Ridgon, a sale moo a lulang teng ho fihlela molomo oa Morena o tla bolela.
22 ‘Me etsang hore mobishopo a batle ka mafolofolo ho fumana moemeli, ‘me etsang hore e be monna ea nang le maruo polokelong—monna oa Molimo, ‘me oa tumelo e tiileng—
23 Hore ka hona a ke a tsebe ho lefa mokoloto o mong le o mong; hore ntlo ea Morena ea polokelo e tle e se ke ea tlisetsoa lebitso le lebe ka pele ho mahlo a sechaba.
24 Batlang ka mofolofolo, rapelang kamehla, ‘me lintho tsohle li tla sebetsa hammoho molemong oa lona, haeba le tsamaea ka ho loka ‘me le hopola selekane seo le se entseng le ba bang.
25 Etsang hore malapa a lona a be manyenyane, haholo-holo la mohlanka oa ka ea holileng Joseph Smith, Sen., malebana le bao e seng karolo ea malapa a lona;
26 Hore lintho tseo tse fanoang bakeng sa lona, ho phethisa mosebetsi oa ka, li se ke tsa nkoa ho tloha ho lona ‘me tsa foana ho ba sa lokelehang—
27 ‘Me ka hona le sitisoe ho fihlela lintho tseo ke le laetseng tsona—
28 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, ke thato ea ka hore lekhabunyane la ka Vienna Jaques a tle a fumane chelete ea ho lefella lits’enyehelo tsa hae, ‘me a nyolohele lefats’eng la Sione;
29 ‘Me masalla a chelete a ke a nyeheloe ho ‘na, ‘me a tle a putsoe ka nako ea ka e nepahetseng.
30 Kannete ke re ho lona, hoa hlokahala mahlong a ka hore a tle a nyolohele lefats’eng la Sione, ‘me a fumane lefa ho tsoa letsohong la mobishopo;
31 Hore a ke a tsitse ka khotso ha feela a ts’epahala, ‘me a se ke a ba botsoa matsatsing a hae ho tloha nakong ena ho ea pele.
32 ‘Me bonang, kannete ke re ho lona, hore le tla ngola taelo ena, ‘me le re ho baena ba lona ba Sione, ka tumeliso ea lerato, hore ke le bitselitse ho okamela holim’a Sione ka nako ea ka e nepahetseng.
33 Ka baka leo, etsang hore ba emise ho nkhathatsa malebana le taba ena.
34 Bonang, ke re ho lona hore baena ba lona ba Sione ba qale ho baka, ‘me mangeloi a nyakalle ka lebaka la bona.
35 Leha ho le joalo, ha kea khahlisoa ke lintho tse ngata; ‘me ha kea khahlisoa ke mohlanka oa ka William E. McLellin, leha e le mohlanka oa ka Sidney Gilbert; le mobishopo hape, ‘me ba bang ba na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho baka ho tsona.
36 Empa kannete ke re ho lona, hore ‘na, Morena, ke tla loana le Sione, ‘me ke kope ba hae ba matla, ‘me ke mo khaleme ho fihlela a hlola ‘me a hloekile ka pele ho ‘na.
37 Hobane a ke ke a tlosoa sebakeng sa hae. ‘Na, Morena, ke rialo. Amen.