Karolo ea 101
Ts’enolo e faneong ho Moporofeta Joseph Smith, Kirtland Ohio, ka la 16 le 17 Ts’itsoe 1833. Ka nako ena bahalaleli ba neng ba bokane Missouri ba ne ba fumana tlhoriso tse kholo. Mekhopi e ne e ba lelekile mahaeng a bona a Jackson County; ‘me ba bang ba Bahalaleli ba ne ba lekile ho ipeha Van Buren, Lafayette, le Ray Counties, empa tlhoriso e ile ea ba latela. Sehlopha se seholo sa Bahalaleli ka nako eo se ne se le Clay County, Missouri. Ho ile ha e-ba le lits’oso tse ngata tsa lefu khahlanong le litho tsa Kereke. Bahalaleli ba Jackson County ba ile ba lahleheloa ke thepa, liaparo, mehlape, le thepa e ‘ngoe ea botho; le lijalo tsa bona tse ngata li ile tsa senyeha.
1–8, Bahalaleli ba ea khalengoa le ho hlorisoa ka lebaka la litlolo tsa bona; 9–15, khalefo ea Morena e tla oela holim’a lichaba, empa sechaba sa Hae se tla bokelloa le ho ts’elisoa; 16–21, Sione le litekere tsa hae li tla thehoa; 22–31, Mofuta oa bophelo nakong ea Sekete sa Lilemo oa thehoa; 32–42, Bahalaleli ba tla hlohonolofala le ho putsoa nakong eo; 43–62, Papiso ea monna ea lokileng le lifate tsa mohloare e bolela mathata le tokollo ea qetellong ea Sione; 63–75, Bahalaleli ba tla tsoelapele ho bokana hammoho; 76–80, Morena o ile a theha Molao oa Motheo oa United States; 81–101, Bahalaleli ba lokela ho kopa bakeng sa ho lefella melato e entsoeng, ho latela sets’oants’o sa mosali le moahloli ea sa lokang.
1 Kannete ke re ho lona, malebana le baena ba lona ba hlokofalitsoeng, le ho hlorisoa ‘me ba lelekelloa kantle ho lefats’e la bona la lefa—
2 ‘Na Morena, ke lumelletse hore mahlomola a tle holim’a bona, ao ka oona ba hlokofalitsoeng, ka lebaka la lits’ito tsa bona;
3 Empa ke tla ba etsa ba ka, ‘me e tla ba ba ka ka letsatsi leo ke tlang ho hloaea mahakoe a ka.
4 Ka baka leo, ba lokela ho khalengoa le ho lekoa, esita le joaloka Abrahama, ea ileng a laeloa ho fana ka mora oa hae a lemong.
5 Hobane bohle ba ke keng ba mamella khalemo, empa ba ntatola, ba ke ke ba halaletsoa.
6 Bonang, ke re ho lona, ho bile le liphapano, likhohlano le mona, le liqabang, le litakatso tsa meharo le mehono har’a bona; ka baka leo ka lintho tsena ba silafalitse mafa a bona.
7 Ba ne ba le lesisitheho ho mamela lentsoe la Morena Molimo oa bona; ka baka leo, Morena Molimo oa bona o lesisitheho ho mamela lithapelo tsa bona, ho ba araba ka letsatsi la bona la mathata.
8 Ka letsatsi la bona la khotso ba ile ba nka keletso ea ka hanyenyane; empa, ka letsatsi la bona la mathata, ha ho hlokahala ba mpatla.
9 Kannete ke re ho lona, ho sa natsoe libe tsa bona, mala a ka a tletse ka qenehelo ho bona. Ha ke na ho ba leleka ka kaofela; ‘me ka letsatsi la khalefo ke tla hopola mohau.
10 Ke hlapantse, ‘me taelo e se e tsoile ka taelo ea pele eo ke e faneng ho lona, hore ke tla tlohela sabole ea khalefo ea ka sebakeng sa batho ba ka; ‘me esita le joaloka ha ke boletse, ho tla etsahala.
11 Khalefo ea ka e haufi le ho ts’olloa ntle le tekanyo holim’a lichaba tsohle; ‘me sena ke tla se etsa ha senoelo sa libe tsa bona se tletse.
12 ‘Me ka letsatsi leo bohle ba fumanoang holim’a tora ea tebelo, kapa ka mantsoe a mang, Iseraele eohle ea ka, e tla bolokeha.
13 ‘Me bohle ba qhalakaneng ba tla bokelloa.
14 ‘Me bohle ba ileng ba siama ba tla ts’elisoa.
15 ‘Me bohle ba ileng ba nehela bophelo ba bona lebitsong la ka ba tla roesoa moqhaka.
16 Ka baka leo, etsang hore lipelo tsa lona li ts’elisehe malebana le Sione; hobane nama eohle e matsohong a ka; khutsang ‘me le tsebe hore ke Molimo.
17 Sione e ke ke ea tlosoa sebakeng sa eona, ho sa natsoe hore na bana ba hae ba qhalakane.
18 Ba setseng, ‘me ba hloekile ka pelong, ba tla khutla, ‘me ba tla tla mafeng a bona, bona le bana ba bona, ka lipina tsa nyakallo e sa feleng, ho aha libaka tse senyehileng tsa Sione—
19 ‘Me lintho tsena tsohle hore baporofeta ba tle ba phethahale.
20 ‘Me, bonang, ha ho sebaka se seng se khethiloeng ho feta seo ke se khethileng; leha e le ho ba le sebaka sefe kapa sefe se seng se khethiloeng ho feta seo ‘na ke se khethileng, bakeng sa mosebetsi oa ho bokella bahalaleli—
21 Ho fihlela letsatsi le tla leo ho ke keng ha fumanoa phaposi bakeng sa bona; ‘me joale ke na le libaka tse ling tseo ke tlang ho li khethela bona, ‘me li tla bitsoa litereke tse kholo, bakeng sa masela kapa matla a Sione.
22 Bonang, ke thato ea ka, hore bohle ba bitsang lebitso la ka, ‘me ba nkhumamela ho latela evangeli e sa feleng, ba lokela ho bokana hammoho, ‘me ba eme libakeng tse halalelang;
23 ‘Me ba lokisetse ts’enolo e tlang ho tla, ha lesira le apesitseng tempele ea ka, tabernakeleng ea ka, le patang lefats’e, le tla tlosoa, ‘me nama eohle e tla mpona hammoho.
24 ‘Me ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e bolang, ka bobeli ea batho, kapa ea libata tsa naha, kapa ea linonyana tsa leholimo, kapa ea litlhapi tsa leoatle, e lulang holim’a sefahleho sa lefats’e, e tla felisoa;
25 ‘Me hape ea elemente e tla qhibiliha ka mocheso o bohale; ‘me lintho tsohle li tla nchafala, hore tsebo ea ka le khanya li ke li hlole holim’a lefats’e.
26 ‘Me ka letsatsi leo sera sa motho, le sera sa libata, ee, sera sa nama eohle, se tla emisa ka pel’a sefahleho sa ka.
27 ‘Me ka letsatsi leo eng kapa eng eo motho a tlang ho e kopa, e tla fanoa ho eena.
28 ‘Me ka letsatsi leo Satane a ke ke a e-ba le matla a ho leka motho ofe kapa ofe.
29 ‘Me ha ho na ho ba le masoabi hobane ho se na lefu.
30 Ka letsatsi leo lesea le ke ke la shoa ho fihlela le le leholo; ‘me bophelo ba lona bo tla ba joaloka lilemo tsa sefate;
31 ‘Me haeba le shoa ha le na ho robala, ke hore lefats’eng, empa le tla fetoha ka ho panya ha leihlo, ‘me le tla nkeloa holimo, ‘me phomolo ea lona e tla ba e khanyang.
32 Ee, kannete ke re ho lona, ka letsatsi leo ha Morena a tla, o tla senola lintho tsohle—
33 Lintho tse fetileng, le lintho tse patiloeng tseo ho seng motho ea li tsebang, lintho tsa lefats’e, ka tsona tseo le entsoeng, le sepheo le qetello ea lona—
34 Lintho tse bohlokoa ka ho fetisisa, lintho tse holimo, le lintho tse tlase, lintho tse lefats’eng, le tse holim’a lefats’e, le tse leholimong.
35 ‘Me bohle ba mamellang litlhoriso lebitsong la ka, ‘me ba mamella ka tumelo, leha ba bitsetsoa ho tella bophelo ba bona bakeng sa ka ba tla ba le kabelo ea khanya ena eohle.
36 Ka baka leo, se ts’abeng esita le ho isa lefung; hobane lefats’eng nyakallo ea lona ha ea tlala, empa ho ‘na nyakallo ea lona e tletse.
37 Ka baka leo, le se ke la tsotella ‘mele, leha e le bophelo ba ‘mele; empa le tsotelle moea, le bophelo ba moea.
38 ‘Me le batle sefahleho sa Molimo ka mehla, hore ka mamello le ke le rue meea ea lona, ‘me le tla ba le bophelo ba bosafeleng.
39 Ha batho ba bitsetsoa evangeling ea ka e sa feleng, ‘me ba etsa selekane ka selekane se sa feleng, ba nkoa e le letsoai la lefats’e le senoko sa batho;
40 Ba bitsoa ho ba senoko sa batho; ka baka leo, haeba letsoai leo la lefats’e le lahleheloa ke tatso ea lona, bonang, ho tloha moo ha le na molemo oa letho ntle le ho lahleloa kantle ‘me le hatakeloe tlas’a maoto a batho.
41 Bonang, bohlale ke bona malebana le bana ba Sione, esita le ba bangata, empa eseng bohle; ba ile ba fumanoa e le ba sitiloeng, ka baka leo ba tlameha ho khalengoa—
42 Ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.
43 ‘Me joale, ke tla le bonts’a sets’oants’o, hore le ke le tsebe thato ea ka malebana le topollo ea Sione.
44 Monna e mong ea lokileng o ne a e-na le seratsoana sa mobu, se khethiloeng; ‘me o ile a re ho bahlanka ba hae: Tsamaeang le ee ts’imong ea ka ea morara, esita le seratsoana sena se khethiloeng sa mobu, ‘me le leme lifate tse leshome le metso e ‘meli tsa mohloare;
45 ‘Me le behe balebeli ho li pota-pota, ‘me le ahe tora, hore e mong a ke a bone ho pota-pota lefats’e leo, ho ba molebeli holim’a tora, hore lifate tsa ka tsa mehloare li se ke tsa robehela fats’e ha sera se tla ho senya le ho inkela tholoana ea ts’imo ea ka ea morara.
46 Joale, bahlanka ba monna ea lokileng ba ile ba ea ‘me ba etsa joaloka ha morena oa bona a ba laetse, ‘me ba lema lifate tsa mohloare, ‘me ba aha seotloana ho pota-pota, ‘me ba beha balebeli, ‘me ba ile ba qala ho aha tora.
47 ‘Me ha ba ntse ba beha motheo oa teng, har’a bona ba ile ba qala ho re: Ke eng seo morena a se hlokang ka tora ee?
48 ‘Me ba ile ba ipotsa ka nako e telele, ba bua ha’ra bona: Ebe ke eng seo Morena a se hlokang ka tora ee, ka ha nako ena e le ea khotso?
49 Ebe chelete ee e ke ke ea fanoa ho libanka? Hobane ha ho na tlhokahalo ea lintho tsena.
50 ‘Me ha ba ntse ba qabana ka bo bona ba ile ba ba botsoa, ‘me ba se ke ba mamela litaelo tsa Morena oa bona.
51 ‘Me sera se ile sa tla bosiu, ‘me sa roba seotloana; ‘me bahlanka ba monna ea lokileng ba ile ba tsoha ‘me ba ne ba ts’ohile, ‘me ba ile ba baleha; ‘me sera sa senya mesebetsi ea bona, ‘me sa roba lifate tsa mohloare.
52 Joale, bonang, monna ea lokileng, morena oa ts’imo ea morara, o ile a bitsa bahlanka ba hae, ‘me a re ho bona, Hobaneng! Ke eng sesosa sa bokhopo boo bo bokaale?
53 A na ha lea lokela hore ebe le entse esita le ka moo ke le laetseng, ‘me—kamorao hore le leme ts’imo ea morara, ‘me le ahe seotloana ho pota-pota, ‘me le behe balebeli holim’a mabota a teng—le ahe tora hape, ‘me le behe balebeli holim’a tora, ‘me le lebele ts’imo ea ka ea morara, ‘me la se ke la robala, esere sera sa tla ho lona?
54 ‘Me bonang, molebeli holim’a tora a ka be a bone sera se sale hole; ‘me hape le ka be le lokisitse le ho thibela sera hore se se ke sa heletsa seotloana sa eona, ‘me la sirelelitse ts’imo ea ka matsohong a sesinyi.
55 ‘Me morena oa ts’imo ea morara o ile a re ho bahlanka ba hae: Tsamaeang ‘me le bokelle hammoho masalla a bahlanka ba ka, ‘me le nke matla oohle a ntlo ea ka, bao e leng bahlabani ba ka, bahlankana, le ba lilemo li maraheng le bona har’a bahlanka ba ka, bao e leng matla a ntlo ea ka, ntle le bao ke ba khethetseng ho lula;
56 ‘Me tsamaeang lona hang-hang ho ea lefats’eng la ts’imo ea ka ea morara, ‘me le bokelle ts’imo ea ka ea morara; hobane ke ea ka; ke e rekile ka chelete.
57 Ka baka leo, potlakang lona le ee lefats’eng la ka; lihang marako a lira tsa ka; lihelang fats’e litora tsa bona, ‘me le qhalakanye balebeli ba bona.
58 ‘Me ha feela ba bokana hammoho khahlanong le lona, inkahloleleng lira tsa ka, hore haufi nka tla le masalla a ntlo ea ka ‘me ra nka lefats’e.
59 ‘Me mohlanka a re ho morena oa hae: Lintho tsee li tla etsahala neng?
60 ‘Me o ile a re ho mohlanka oa hae: Ha ke batla; tsamaeang le potlake, ‘me le etse lintho li fe kapa li fe tsohle tseo ke le laetseng tsona;
61 ‘Me sena e tla ba tiiso le tlhohonolofatso ea ka holim’a lona—mohlokomeli ea ts’epahalang le ea bohlale ka hare ho ntlo ea ka, ‘musi oa ‘muso oa ka.
62 ‘Me mohlanka oa hae a phakisa a tsamaea, ‘me a etsa lintho tsohle tseo morena oa hae a mo laetseng tsona; ‘me kamor’a matsatsi a mangata lintho tsohle li ile tsa phethahala.
63 Hape, kannete ke re ho lona, ke tla le bonts’a bohlale bo ka ho ‘na malebana le likereke tsohle, ha feela ba lakatsa ho tataisoa ka tsela e lokileng le e nepahetseng bakeng sa poloko ea bona—
64 Hore mosebetsi oa pokello ‘moho ea bahalaleli ba ka e ke e tsoelepele, hore nke ke ba ahe lebitsong la ka holim’a libaka tse halalelang; hobane nako ea kotulo ea tla, ‘me lentsoe la ka le tlameha ho phethahala.
65 Ka baka leo, ke tlameha ho bokella batho ba ka, ho latela sets’oants’o sa koro le mofoka, hore koro e ke e bokelloe melikong ho fumana bophelo ba bosafeleng, le ho roesoa moqhaka oa ‘muso oa selestiale, ha ke tla tla ‘musong oa Ntate ho putsa motho e mong le e mong ho latela kamoo mosebetsi ea hae o tlang ho ba ka teng;
66 Ha mofoka oona o tla tlangoa mangata, ‘me litlamo tsa teng li be thata, hore o ke o chesoe ka mollo o sa feleng.
67 Ka baka leo, taelo ke e fana ho likereke tsohle, hore li tla tsoelapele ho bokellana hammoho libakeng tseo ke li khethileng.
68 Leha ho le joalo, joaloka ha ke boletse ho lona taelong e fetileng, etsang hore pokano ea lona e se ke ea e-ba ka potlako, kapa ha ho baleha; empa etsang hore lintho tsohle li lokisoe ka pele ho lona.
69 ‘Me hore lintho tsohle li tle li lokisoe ka pele ho lona, bolokaang taelo eo ke e faneng malebana le lintho tsena—
70 E reng, kapa e rutang, ho reka mobu oohle ka chelete, o ka rekoang ka chelete, tikolohong e pota-potileng lefats’e leo ke le khethileng ho ba lefats’e la Sione, bakeng sa qalo ea pokello ea bahalaleli ba ka;
71 Mafats’e ‘ohle a ka rekoang seterekeng sa Jackson, le linaheng tse pota-potileng, ‘me le sie masalla letsohong la ka.
72 Joale, ke re ho lona, etsang hore likereke tsohle li bokelle hammoho lichelete tsa bona; etsang hore lintho tsena li etsoe ka nako ea tsona, empa eseng ka ho potlaka; ‘me le bone hore lintho tsohle li lokile ka pele ho lona.
73 ‘Me etsang hore batho ba hlomphehang ba khethoe, esita le batho ba bohlale, ‘me le ba rome ho reka mobu oona.
74 ‘Me likereke tse linaheng tse ka bochabela, ha li ahoa, haeba li tla mamela keletso ena li ka reka mobu ‘me tsa bokana hammoho ho oona; ‘me ka tsela ena li tla ka theha Sione.
75 Esita le joale ho na le ho lekaneng polokelong, ee, esita le ka bongata, ho lopolla Sione le ho theha libaka tsa hae tse senyehileng, tse ke keng tsa hlola li heletsoa, e ne e le likereke, tse ipitsang ka lebitso la ka, tse batlang ho mamela lentsoe la ka.
76 ‘Me hape ke re ho lona, bao ba neng ba qhalakantsoe ke lira tsa bona, ke thato ea ka hore ba tla tsoelapele ho kopa ka tieo hore ho etsoe toka, le topollo, ka matsoho a ba behiloeng e le babusi ‘me ba na le tokelo holim’a lona.
77 Ho ea ka melao le molao oa motheo oa batho, oo ke entseng hore o thehoe, ‘me o tle o bolokoe bakeng sa litokelo le polokeho ea nama eohle, ho latela metheo e lokileng le e halalelang;
78 Hore motho e mong le e mong a ke a etse ka thuto ea tumelo le motheo e amanang le bokamoso, ho latela boikhethelo ba boits’oaro boo ke bo faneng ho eena, hore motho e mong le e mong a ke a be le boikarabello bakeng sa libe tsa hae ka letsatsi la kahlolo.
79 Ka baka leo, ha ho ea loka hore motho o fe kapa o fe a tle a be litlamong tsa e mong.
80 ‘Me ka baka lena ke thehile Molao oa Motheo oa naha ena, ka matsoho a banna ba bohlale bao ke ba holiselitseng lebaka lona lena, ‘me ke pholositse lefats’e ka ts’ollo ea mali.
81 Joale, ke eng eo ke tla bapisa bana ba Sioe le eona? Ke tla ba bapisa le sets’oants’o sa mosali le moahloli ea sa lokang, hobane batho ba lokela ho rapela kamehla ‘me ba se ke ba khathala, se reng—
82 Ho ne ho e-na le moahloli motseng ea neng a sa ts’abe Molimo, leha e le ho hlompha batho.
83 ‘Me ho ne ho e-na le mohlolohali motseng oo, ‘me o ile a tla ho eena a re: nkahlolele sera sa ka.
84 ‘Me o ile a sitoa ha nakoana, empa kamorao ho moo o ile a re ka hare ho eena: Leha ke sa ts’abe Molimo, ebile ke sa hlomphe motho, empa hobane mohlolohali enoa oa ntlhopha ke tla ahlolela esere a tsoelapele ho nkhathatsa.
85 Ke joana ke tlang ho bapisa bana ba Sione.
86 Etsa hore ba kope maotong a moahloli;
87 ‘Me haeba a sa ba memele, etsa hore ba kope maotong a ‘musi;
88 ‘Me ha ‘musi a sa ba mamele, etsa hore ba kope maotong a mookameli;
89 ‘Me haeba mookameli a sa ba mamele, ebe Morena o tla ema a tle a tsoe sebakeng seo a ipatileng ho sona, ‘me ka khalefo ea hae a hlokofatse sechaba;
90 ‘Me bohaleng ba hae bo chesang, le khalefong ea hae e tukang, ka nako ea hae, o tla khaola bakhopo, ba sa ts’epahaleng, le bahlokomeli ba sa lokang, ‘me a ba khethele karolo ea bona har’a baikaketsi, le ba sa lumeleng;
91 Esita le lefifing le kantle, moo ho nang le lillo, le ho bokolla, le tsikitlano tsa meno.
92 Rapelang lona, ka baka leo, hore litsebe tsa bona li ke li bulehele sello sa lona, hore nke ke be mosa ho bona, hore lintho tsena li se ke tsa tla holim’a bona.
93 Seo ke se buileng ho lona sea hlokahala, hore batho bohle ba tle ba hloke lebaka;
94 Banna bao ba bohlale le babusi ba ka utloa ‘me ba tseba seo ba sa kang ba se nahana;
95 Hore nke ke tsoelepele ho phethahatsa molao oa ka, molao o sa tloaelehang, ‘me ba etse mosebetsi oa ka, mosebetsing o sa tloaelehang, hore batho ba ke ba tsebe lipakeng tsa se lokileng le bokhopo, ho rialo Molimo oa hau.
96 ‘Me hape, ke re ho lona, ho khahlanong le taelo ea ka le thato ea ka hore mohlanka oa ka Sidney Gilbert a rekise ntlo ea ka ea polokelo, eo ke e khethetseng batho ba ka, matsohong a lira tsa ka.
97 Le se ke la lumella hore seo ke se khethileng se silafatsoe ke lira tsa ka, ka tumello ea ba ipitsang ka lebitso la ka;
98 Hobane sena ke sebe se bohloko le se boima khahlanong le ‘na, le khahlanong le batho ba ka, ka lebaka la lintho tseo ke li laetseng ‘me tse tlang ho oela lichaba haufinyane.
99 Ka baka leo, ke thato ea ka hore batho ba ka ba kope, ‘me ba ts’oare kopo holim’a seo ke ba khethetseng sona, le ha ba sa lokela ho lumelloa ho lula ho eona.
100 Le ha ho le joalo, ha ke bolele hore ha ba na ho lula ho eona; hobane ha feela ba tlisa litholoana le mesebetsi e lekaneng bakeng sa ‘muso oa ka, ba tla lula ho oona.
101 Ba tla aha, ‘me ba bang ha ba na ho e ja lefa; ba tla lema masimo a morara, ‘me ba tla ja tholoana ea teng. Esita le joalo. Amen.