Karolo ea 85
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 27 Pulungoana 1832. Karolo ena ke qotsulo e tsoang lengolong la Moporofeta ho William W. Phelps, ea neng a phela Independence, Missouri. E arabela lipotso ka bahalaleli bao ba neng ba falletse Sione empa ba ne ba sa latela taelo le ho nyehela thepa tsa bona ‘me joana ba ne ba sa fumana lefa la bona ho latela moralo o thehiloeng ka Kerekeng.
1–5, Bojalefa ba Sione bo tla amoheloa ka nyehelo; 6–12, Ea sefutho ‘me ea matla o tla fa Bahalaleli lefa la bona Sione.
1 Ke boikarabello ba mongoli oa Morena, eo ea mo khethileng, ho boloka nalane, le lingoliloeng tsa kereke tse akaretsang tsa lintho tsohle tse etsahalang Sione, ‘me le tsa bohle ba nyehelang thepa, le ba amohelang bojalefa ka molao ho tsoa ho mobishopo;
2 ’Me hape mokhoa oa bona oa bophelo, tumelo ea bona, le mesebetsi; hape le ea bakoenehi ba koenehang kamor’a ho fumana bojalefa ba bona.
3 Ho khahlanong le thato le taelo ea Molimo hore ba sa fumanang lefa la bona ka nyehelo, ho latela molao oa hae, oo a ba fileng oona, hore a ke a lefise batho ba hae boshome, ho ba lokisetsa khahlanong le letsatsi la phetetso le la ho cha, hore ba ngolisoe le batho ba Morena.
4 Leha e le tatellano ea leloko la bona hore e bolokoe, kapa ho re e be teng moo e ka fumanoang lingoliloeng life kapa life kapa nalaneng ea kereke.
5 Mabitso a bona a ke ke a fumanoa, leha e le mabitso a bo-ntat’a, kapa mabitso a bana a ngotsoe ka bukeng ea molao oa Molimo, ho rialo Morena oa Makhotla.
6 Ee, joana ho rialo lentsoe le lenyenyane le khutsitseng, le sebelang ‘me le phunyeletsang linthong tsohle ‘me leo hangata le etsang masapo a ka a reketle ha le etsa ponahatso, le re:
7 ’Me ho tla etsahala hore, ‘na, Morena Molimo, ke romele e mong ea sefutho ‘me ea matla, a ts’oere molamu oa matla ka letsohong la hae, a apesitsoe khanya joaloka ha eka ke seaparo, eo molomo oa hae o tlang ho bua mantsoe, mantsoe a bosafeleng; ha pelo ea hae e tla be e le mohloli oa ‘nete, ho hlophisa ntlo ea Molimo, le ho hlophisa ka lotho lefa ba bahalaleli bao mabitso a bona a fumanoang, le mabitso a bo-ntat’a bona, le a bana ba bona, a ngoliloeng bukeng ea molao oa Molimo;
8 Empa motho eo ea neng a bitsitsoe ke Molimo ‘me a khethiloe, ea isang letsoho la hae ho tsitsisa areka ea Molimo, a tla oela ka tsenene ea lefu, joaloka sefate se otliloeng ka ho phatsima ha lehalima.
9 ’Me bohle bao ba ke keng ba fumanoa ba ngotsoe ka bukeng ea khopotso, ha ba na ho fumana lefa ka letsatsi leo, empa ba tla khaoloa likoto, ‘me karolo tsa bona li tla khetheloa bona har’a baikaketsi, moo lillo le litsikitlano tsa meno li tlang ho ba teng.
10 Lintho tsena ha ke li bue ka bo-nna; ka baka leo, joaloka ha Morena a li bua, o tla boela a li phethahatse.
11 ’Me bao e leng ba Boprista bo Boholo, bao mabitso a bona a sa fumanoeng a ngotsoe ka bukeng ea molao, kapa a ba fumanoang ba koenehile, kapa a ba khaotsoeng kerekeng, hammoho le boprista bo ka tlase, kapa litho, ka letsatsi leo ba ke ke ba fumana lefa har’a bahalaleli ba ea Holimo-limo;
12 Ka baka leo, ho tla etsoa ho bona joaloka ha ho entsoe ho bana ba moprista, joalaka ha ho tla be ho ngoliloe ka khaolong ea bobeli le ea mashome a ts’eletseng a motso o mong le temana ea bobeli ea Esdrase.