Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 74


Karolo ea 74

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Wayne County, New York, ka 1830. Esita le pele Kereke e thehoa, lipotso li ne li ile tsa tsoha mabapi le mokhoa o nepahetseng oa kolobetso, tse lebisitseng hore Moporofeta a batle likarabo tabeng eo. Nalane ea Joseph Smith e bolela hore ts’enolo ena ke tlhaloso ea 1 Bakorinthe 7:4, lengolo le halalelang le neng le sebelisoa khafetsa ho ts’ehetsa kolobetso ea masea.

1–5, Paulosi o eletsa Kereke ea nako ea hae ho se boloke molao oa Moshe; 6–7, Bana ba banyenyane ba halalela ‘me ba halaletsoa ka Topollo.

Hobane monna ea sa lumeleng o halaletsoa ke mosali, ‘me mosali ea sa lumeleng o halaletsoa ke monna; hoja ha ho joalo e ka be eba bana ba lona ba lits’ila, empa joale ba halalela.

Joale, matsatsing a baapostola molao oa lebollo o ne o le teng har’a Ba-Juda bohle ba neng ba sa lumele evangeli ea Jesu Kreste.

’Me ho ile ha etsahala hore ho tsohe likhang har’a batho malebana le molao oa lebollo, hobane monna ea sa lumeleng a ne a lakatsa hore bana ba hae ba lokela ho bolla ‘me ba fetohe ba mamele molao oa Moshe, oo molao o neng o se o phethahalitsoe.

’Me ho ile ha etsahala hore bana bao, ba holisitsoeng ba mamela molao oa Moshe, ba ile ba latela litloaelo tsa bo-ntat’a bona ‘me ba se ke ba lumela evangeli ea Kreste, ka tsela eo, ba fetoha ba lits’ila.

Ka baka leo, ke ka lebaka lena moapostola a ngoletseng kereke, a ba neha taelo, eseng ea Morena, empa ea hae, hore molumeli ha lokela ho kopana le ea sa lumeleng; ntle le hore molao oa Moshe o lokela o felisoe har’a bona,

Hore bana ba bona ba ke ba tsoelepele ntle le lebollo; ‘me hore moetlo o ke o felisoe, o reng bana ba banyenyane ba lits’ila; hobane o ne o le teng har’a Ba-Juda;

Empa bana ba banyenyane ba halalela, ba halalelitsoe ka topollo ea Jesu Kreste; ‘me sena ke seo mangolo a halalelang a se bolelang.