Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 98


Karolo ea 98

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 6 Phato 1833. Ts’enolo ena e ile ea tla ka lebaka la tlhoriso holim’a Bahalaleli ba neng ba le Missouri. Keketso ea tjako ea litho tsa Kereke Missouri e ile ea ts’oenya bajaki ba bang, ba neng ba ikutloa ba ts’osoa ke palo ea bahalaleli, ts’usumetso ea bona lipolotiking le moruong, le phapang ea moetlo le ea bolumeli. Ka la 20 Phupu 1833, mokhupi oa batho o ile oa senya thepa ea Kereke, oa neta litho tse peli tsa Kereke ka sekontiri le ka masiba, ‘me oa batla hore litho tsa Kereke li tlohe Jackson County. Matsatsi a mararo hamorao, baetapele ba Kereke ba ile ba tekena tumellano ea ho etsa joalo. Le hoja litaba tse ling tsa mathata a Missouri kantle ho qeea-qeeo li ne li se li fihlile ho Moporofeta Kirtland (bohole ba limaele tse makholoho a robong), botebo ba boemo bona bo ne bo ka tsejoa ke eena ka nako eo feela ka ts’enolo.

1–3, Matsoenyeho a bahalaleli a tla ba molemong oa bona; 4–8, Bahalaleli ba lokela ho theha setsoalle le molao oa motheo oa naha; 9–10, Batho ba ts’epahalang, ba bohlale, le ba molemo ba lokela ho ts’ehetsoa pusong ea lefats’e; 11–15, Ba telang bophelo ba bona mosebetsing oa Morena ba tla ba le bophelo ba bosafeleng; 16–18, Tlohelang ntoa, le phatlalatse khotso; 19–22, Bahalaleli ba Kirtland ba ea khalengoa, ‘me ba laeloa ho baka; 23–32, Morena o senola melao ea hae mabapi le litlhoriso le mats’oenyeho a behiloeng holim’a sechaba sa Hae; 33–38, Ntoa e lokile ha feela e laetsoe ke Morena; 39–48, Bahalaleli ba lokela ho ts’oarela lira tsa bona, bao, haeba ba baka, le bona ba tla phonyoha kotlo ea Morena.

Kannete ke re ho lona metsoalle ea ka, le se ke la ts’aba, lipelo tsa lona li ke li ts’elisehe; ee, le nyakalle kamehla, ‘me ho tsohle le fane ka liteboho;

Le emetse Morena ka mamello, hobane lithapelo tsa lona li kene litsebeng tsa Morena oa Sabaothe, ‘me li ngotsoe ka tiiso ena le testamente ena—Morena o hlapanyelitse ‘me o laetse hore li tla amoheloa.

Hobane, o fana ka ts’episo ho lona, ka selekane se sa fetoheng hore lintho tseo li tla phethahala; ‘me lintho tsohle tseo le neng le hlorisoa ka tsona li tla sebetsa hammoho molemong oa lona, le bakeng sa khanya ea lebitso la ka, ho rialo Morena.

‘Me joale, kannete ke re ho lona malebana le melao ea naha, ke thato ea ka hore sechaba sa ka se boloke lintho tsohle tseo ke se laelang tsona.

‘Me hore molao oa naha oo e leng molaong oa motheo, o ts’ehetsang motheo oa tokoloho ho boloka litokelo le melemo, ke oa batho bohle, ‘me oa amoheleha ka pele ho ‘na.

Ka baka leo, ‘na, Morena, kea le lokafatsa, le baena ba lona ba kereke ea ka, ho theha setsoalle molao oo e leng molao oa motheo oa naha.

‘Me malebana le molao oa motho, eng kapa eng e fetang kapa e ka tlase ho sena, e tsoa bobeng.

‘Na, Morena Molimo, kea le lokolla, ka baka leo le lokolohile ruri; ‘me molao o boetse o etsa hore le lokolohe.

Leha ho le joalo, ha ba khopo ba busa batho ba siama.

10 Ka baka leo, banna ba ts’epahalang le banna ba bohlale ba lokela ho batloa ka mafolofolo, ‘me banna ba molemo le ba bohlale le lokela ho ba ts’ehetsa; ho seng joalo, eng kapa eng e ka tlase ho tsena e tsoa bobeng.

11 ‘Me ke fana taelo ho lona, hore le tla tlohela bobe bohle ‘me le khoramele ho tsohle tse ntle, hore le phele ka lentsoe le leng le leng le tsoang molomong oa Molimo.

12 Hobane o fana ho ba ts’epahalang mola ka mola, molao ka molao; ‘me ke tla le leka le ho le netefatsa ka sena.

13 ‘Me e mong le e mong ea telang bophelo ba hae bakeng sa ka, ka baka la lebitso la ka, o tla boela a bo fumane, esita le bophelo ba bosafeleng.

14 Ka baka leo, le se ke la ts’aba lira tsa lona, hobane ke entse qeto pelong ea ka, ho rialo Morena; hore ke tle ke le leke linthong tsohle, hore na le tla lula selekaneng sa ka, esita le ho isa lefung, e le hore le fumanoe le ts’oaneleha.

15 Hobane haeba le ke ke la lula selekaneng sa ka ha le lokeloe ke ‘na.

16 Ka baka leo, lahlang ntoa, le phatlalatse khotso, ‘me le batle ka tieo ho busetsa lipelo tsa bana ho bo-ntat’a bona, le lipelo tsa bo-ntat’a ho bana;

17 ‘Me hape, lipelo tsa Ba-Juda ho baporofeta, le baporofeta ho Ba-Juda; esere ka tla ‘me ka otla lefats’e lohle ka thohako, ‘me nama eohle ea timela ka pele ho ‘na.

18 Etsang hore lipelo tsa lona li se ferekane; hobane meaho e mengata ntlong ea Ntate, ‘me ke le lokiselitse bolulo; moo Ntate le ‘na re leng teng, le lona le tla ba teng.

19 Bonang, ‘na, Morena, ha kea khahloa ke ba bangata ba ka hare ho kereke e Kirtland;

20 Hobane ha ba tlohe libeng tsa bona, le litseleng tsa bona tse khopo, boikhohomosong ba lipelo tsa bona, le mohonong oa bona, le linthong tsohle tsa bona tse nyonyehang le ho boloka mantsoe a bohlale le a bosafeleng ao ke a faneng ho bona.

21 Kannete ke re ho lona, hore ‘na, Morena, ke tla ba khalemela ‘me ke etse eng kapa eng eo ke e batlang, haeba ba sa bake le ho boloka lintho tsohle tseo ke li boletseng ho bona.

22 ‘Me hape ke re ho lona, haeba le boloka eng kapa eng eo ke le laelang eona, ‘na, Morena, ke tla tlosa khalefo eohle le bohale ho lona, ‘me likhoro tsa lihele li ke ke tsa hlola khahlanong le lona.

23 Joale, ke bua le lona malebana le malapa a lona—haeba batho ba le otla, kapa ba otla malapa a lona ha ‘ngoe, ‘me le jare seo ka mamello, le sa rohakane khahlanong le bona, leha e le ho batla phetetso, le tla putsoa.

24 Empa haeba le sa jare seo ka mamello, ho tla baloa ho lona joaloka ha e ka ho lekantsoe joaloka tekanyo e lokileng ho lona.

25 ‘Me hape, haeba sera sa lona se tla le otla lekhetlo la bobeli, ‘me le sa rohakana khahlanong le sera sa lona, empa le jara seo ka mamello, moputso oa lona o tla menahana ha lekholo.

26 ‘Me hape, haeba se ka le otla lekhetlo la boraro, ‘me le jara seo ka mamello, moputso oa lona o tla menahanngoa makhetlo a mane.

27 ‘Me likotlo tsena tse tharo li tla ema khahlanong le sera sa lona haeba se sa bake, ‘me li ke ke tsa hlakoloa.

28 ‘Me joale, kannete ke re ho lona, haeba sera seo se ka phonyoha phetetso ea ka, hore se se ke sa tlisoa kahlolong ka pele ho ‘na, ebe le tla netefatsa hore le se lemosa ka lebitso la ka, hore se se ke sa hlola se le hlorisa, leha e le malapa a lona, esita le bana ba bana ba lona ho isa molokong oa boraro le oa bone.

29 ‘Me joale, haeba se ka tla ho lona kapa ho bana ba lona, kapa ho bana ba bana ba lona ho isa molokong oa boraro le oa bone, ke neetse lira tsa lona matsohong a lona.

30 ‘Me joale haeba le ka se hauhela, le tla putsoa ka lebaka la ho loka ha lona; ‘me hape le bana ba lona le bana ba bana ba lona ho isa molokong oa boraro le oa bone.

31 Leha ho le joalo, sera sa lona se matsohong a lona; ‘me haeba le se putsa ho ea ka mesebetsi ea sona, le lokafalitsoe; haeba se kile sa batla bophelo ba lona, ‘me bophelo ba lona bo le kotsing ka lebaka la sona, sera sa lona se matsohong a lona ‘me le lokafalitsoe.

32 Bonang, sena ke molao oo ke o fileng mohlanka oa ka Nefi, le bo-ntat’ae, Josefa, le Jakobo, le Isaaka, le Abrahama, le baporofeta le baapostola bohle ba ka ba khale-khale.

33 ‘Me hape, sena ke molao oo ke o fileng baboholo-holo ba ka, hore ba se ke ba ea ntoeng khahlanong le sechaba sefe kapa sefe, moloko, leleme, kapa batho, ntle le ha ‘na, Morena, ke ba laetse.

34 ‘Me haeba sechaba sefe kapa sefe, leleme kapa batho ba ka phatlalatsa ntoa khahlanong le bona, pele, ba lokela ho phahamisa folakha ea khotso ho batho bao, sechaba kapa leleme leo.

35 ‘Me haeba batho bao ba sa amohele nehelo ea khotso, leha e le lekhetlo la bobeli kapa la boraro, ba lokela ho tlisa bopaki bona ka pele ho Morena;

36 Joale ‘na, Morena, ke ne ke tla fana ho bona taelo, ‘me ke ba lokafatse ho ea ntoeng khahlanong le sechaba seo, leleme, kapa batho bao.

37 ‘Me ‘na, Morena, ke ne ke tla loana lintoa tsa bona, le lintoa tsa bana ba bona, le tsa bana ba bana ba bona, ho fihlela ba ikahloletse lireng tsohle tsa bona, ho isa molokong oa boraro le oa bone.

38 Bonang, sena ke mohlala ho batho bohle, ho rialo Morena Molimo oa lona, bakeng sa ho lokafatsoa ka pele ho ‘na.

39 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, haeba kamor’a hore sera sa lona se le hlasele lekhetlo la pele, sa baka ‘me sa kopa ts’oarelo, le tla se ts’oarela, ‘me le hlole le ts’oara taba eo e le bopaki khahlanong le sera sa lona—

40 Le joalo-joalo ho isa lekhetlong la bobeli le la boraro; le hangata kamoo sera sa lona se bakang ts’itong eo se sitiloeng khahlanong le lona, le tla se ts’oarela, ho fihlela makhetlo a mashome a supileng a baloang ha supa.

41 ‘Me ha a ka sitoa khahlanong le lona ‘me a se ke sa baka lekhetlo la pele, leha ho le joalo le tla mots’oarela.

42 ‘Me haeba se sitoa khahlanong le lona lekhetlo la bobeli, ‘me sa se ke sa baka, le ha ho le joalo le tla se ts’oarela.

43 ‘Me haeba se sitoa khahlanong le lona lekhetlo la boraro, ‘me sa se ke sa baka, le ha ho le joalo le tla se ts’oarela.

44 Empa haeba se sitoa khahlanong le lona lekhetlo la bone le ke ke la se ts’oarela, empa le tla tlisa bopaki bona ka pele ho Morena; ‘me bo ke ke ba hlakoloa ho fihlela se baka ‘me se le putsa ka makhetlo a menahaneng ha ‘ne linthong tsohle tseo se le sitetsoeng ka tsona.

45 ‘Me haeba se etsa sena, le tla se ts’oarela ka pelo eohle ea lona; ‘me haeba se sa etse sena, ‘na, Morena, ke tla le ahlolela sera sa lona ka makhetlo a menahaneng ha lekholo;

46 Le ho bana ba sona, le ho bana ba bana ba sona bohle ba ntlhoileng, ho isa molokong oa boraro le oa bone.

47 Empa haeba bana ba ka baka, kapa bana ba bana, ‘me ba khutlela ho Morena Molimo oa bona ka lipelo tsohle tsa bona, le ka sefutho sohle sa bona, mohopolo, le matla, ‘me ba buseletse ka makhetlo a menahaneng ha ‘ne bakeng sa lits’ito tsohle tseo ba sitiloeng kapa tseo bo-ntat’a bona ba li entseng, kapa bo-ntat’a ntat’a bona, joale khalefo ea lona e lokela ho tlosoa.

48 ‘Me phetetso ha e sa tla hlola e tla holim’a bona, ho rialo Morena Molimo oa lona, ‘me lits’ito tsa bona ha li sa tla hlola li tlisoa e le bopaki ka pele ho Morena khahlanong le bona. Amen.