Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 81


Karolo ea 81

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Hiram Ohio, ka la 15 Tlhakubele 1832. Frederick G. Williams o bitsetsoa ho ba moprista e moholo le moeletsi Boetapeleng ba Boprista bo Boholo. Lingoliloeng tsa nalane li bonts’a hore ha ts’enolo ena e ne e amoheloa ka Tlhakubele 1832, e ile ea bitsetsa Jesse Gause ofising ea ho ba moeletsi oa Joseph Smith Boetapeleng. Leha ho le joalo, ha hlolehile ho tsoelapele ka mokhoa o lumellanang le ho khethoa hona, pitso e ile ea fetisetsoa hamorao ho Frederick G. Williams. Ts’enolo eo (e ngotsoeng ka Tlhakubele 1832) e lokela ho nkoa e le mohato o lebang ho tlhophiso ea molao ea Boetapele ba Pele, ka ho khetholoha ho bitsa ofisi ea moeletsi mokhatlong oo ‘me ho hlalosa seriti sa ho khethoa hoo. Ntate Gause o ile a sebeletsa ha nakoana empa a khaoloa Kerekeng ka Ts’itoe 1832. Ntate Williams o ile a behoa matsoho ho ofisi e boletsoeng ka la 18 Tlhakubele 1833.

1–2, Linotlolo tsa ‘muso ka mehla li ts’oaroa ke Boetapele ba Pele; 3–7, Haeba Frederick G. Williams a ts’epahala bosebeletsing ba hae, o tla ba le bophelo ba bosafeleng.

1 Kannete-nete, ke re ho uena mohlanka oa ka Frederick G. Williams: Mamela lentsoe la ea buang, lentsoe la Morena Molimo ua hau, ‘me u latele pitso eo u e bitsitsoeng, esita le ho ba moprista e moholo kerekeng ea ka, le moeletsi ho mohlanka oa ka Joseph Smith;

2 Eo ho eena ke faneng ka linotlolo tsa ‘muso, tseo ka mehla e leng tsa Boetapele ba Boprista bo Boholo:

3 Ka baka leo, kannete kea mo anananela ‘me ke tla mo hlohonolofatsa, ‘me hape le uena, ha feela u ts’epahala keletsong, ofising eo ke u khethetseng eona, ka thapelo ka mehla, ka lentsoe le ka pelong ea hau, ponts’eng le lekunutung, hape le bosebeletsing ba hau ho phatlalatsa evangeli lefats’eng la ba phelang, ‘me le har’a baena ba hau.

4 ’Me ka ho etsa lintho tsena u tla etsa molemo o moholo-holo ho batho ba bang, ‘me u tla nts’etsa pele khanya ea eo e leng Morena ua hau.

5 Ka baka leo, ts’epahala, ema ofising eo ke u khethetseng eona; thusa ba fokolang, phahamisa matsoho a tepeletseng, ’me matlafatsa mangole a tetemang.

6 ’Me haeba u ts’epahala ho isa qetellong u tla ba le moqhaka oa ho se shoe, le bophelo ba bosafeleng meahong eo ke e lokisitseng tlung ea Ntate.

7 Talima, ’me u bone, ana ke mantsoe a Alfa le Omega, esita le Jesu Kreste. Amen.