Karolo ea 76
Pono e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Hiram, Ohio, ka la 16 Hlakola 1832. Ho lelekella sengoliloeng sa pono ena, nalane ea Joseph Smith ea hlalosa: Ha ke khutla ho tsoa sebokeng sa Amherst, ke ile ka tsoelapele ka phetolelo ea Mangolo a Halalelang. Ho tsoa ts’enolong tse fapaneng tse neng li amohetsoe, ho ile ha hlaka hore lintlha tse ngata tsa bohlokoa malebana le pholoho ea motho li ne li nts’itsoe ka Bibeleng, kapa li lahliloe pele e kopangoa. E hlahile e bonahala hore na ke linnete life tse neng li siiloe, hore haeba Molimo a putsa e mong le e mong ho latela liketso tse entsoeng ka ‘mele, lentsoe ‘Leholimo,’ joaloka ha le reretsoe bakeng sa lehae la bosafeleng la Bahalaleli, le tlameha ho kenyeletsa mebuso e fetang o bonngoe. Ka hoo, … ha re ntse re fetolela Evangeli ea Johanne, ‘na le Moholo Rigdon re ile ra bona pono e latelang.” Ka nako eo pono ena e neng e fanoa, Moporofeta o ne a ntse a fetolela Johanne 5:29.
1–4, Morena ke Molimo; 5–10, Liphiri tsa ‘muso li tla senoloa ho bohle ba ts’epahalang; 11–17, Bohle ba tla tla ka tsoho ea ba lokileng kapa ba sa lokang; 18–24, Baahi ba mafats’e a mangata ke bara le barali ba tsoetsoeng ke Molimo ka Topollo ea Jesu Kreste; 25–29, Lengeloi la Molimo le ile la oela ‘me la fetoha diabolosi; 30–49, Bara ba timelo ba hlokofatsoa ke tsuo ea bosafeleng; ba bang bohle ba fumana tekanyo e itseng ea poloko; 50–70, Khanya le moputso tsa libopuoa tse phahameng ‘musong oa selestiale ea hlalosoa; 71–80, Bao ba tla rua ‘muso oa terrestiale ba hlalosoa; 81–113, Boemo ba bao ba khanyeng ea telestiale, terrestiale le celestiale boa hlalosoa; 114–119, Ba ts’epahalang ba ka bona ‘me ba utloisisa liphiri tsa ‘muso oa Molimo ka matla a Moea o Halalelang.
1 Utloang, oho lona maholimo, ’me le thehe tsebe, oho lefats’e, ‘me le nyakalle lona baahi ba lona, hobane Morena ke Molimo, ‘me ka ntle ho eena ha ho Mopholosi.
2 Bohlale bo boholo ke ba hae, litsela tse tsotehang ke tsa hae, ‘me kakaretso ea mesebetsi ea hae ha ho mang ea ka e tsebang.
3 Merero ea hae ha e sitoe, leha e le mang kapa mang ea ka thibelang letsoho la hae.
4 Ho tsoa ho bosafeleng ho isa ho bosafeleng ke eena ea ts’oanang, ‘me mengoaha ea hae e ke ke ea e-ba le bofelo.
5 Hobane joana ho rialo Morena—’na, Morena, ke lereko ‘me ke mohau ho bohle ba nts’abang ‘me ke thabela ho putsa bao ba nts’ebeletsang ka ho loka le ka ‘nete ho isa qetellong.
6 Moputso oa bona e tla ba o moholo ‘me bosafeleng e tla ba khanya ea bona.
7 ’Me ho bona ke tla senola liphiri tsohle, ee, liphiri tsohle tse patiloeng tsa ‘muso oa ka ho tloha mehleng ea khale, le bakeng sa lilemo tse tlang, ke tla etsa li tsebahale ho bona ka ketso e molemo ea thato ea ka malebana le lintho tsohle tse amanang le ‘muso oa ka.
8 Ee, esita le limakatso tsa bosafeleng ba tla li tseba, ‘me lintho tse tlang ho tla ke tla ba bonts’a, esita le lintho tsa meloko e mengata.
9 ’Me bohlale ba bona e tla ba bo boholo, ’me kutluisiso ea bona e tla fihla leholimong; ’me ka pele ho bona bohlale ba ba hlalefileng bo tla timela, ‘me kutluisiso ea litsebi e tla ba lefeela.
10 Hobane ka Moea oa ka ke tla ba chabisetsa, ‘me ka matla a ka ke tla etsa ho tsebahale ho bona makunutu a thato ea ka—ee, esita le lintho tseo leihlo le sa kang la li bona, kapa tsebe ho li utloa, kapa tse e-so ho kene pelong ea motho.
11 Rona, Joseph Smith le Sidney Rigdon, re le tlasa Moea ka letsatsi la leshome le metso e ts’eletseng la Hlakola, selemong sa Morena oa rona sa sekete, makholo a robeli, le mashome a mararo a metso e ‘meli—
12 Ka matla a Moea, mahlo a rona a ile a buleha ‘me kutloisiso ea rona e ile ea chabisetsoa, joalo e le ho bona le ho utloisisa lintho tsa Molimo—
13 Esita le lintho tseo tse neng li le teng ho tloha ts’imolohong pele lefats’e le e-ba teng, tse hlotsoeng ke Ntate, ka Mora oa hae ea Tsoetsoeng A ‘Nots’i, eo ea neng a le ka sefubeng sa Ntate, esita le ts’imolohong;
14 Eo ka eena re pakang; ‘me bopaki boo re bo fanang ke evangeli e feletseng ea Jesu Kreste, eo e leng Mora, eo re mo boneng ‘me eo re buileng le eena ponong ea leholimo.
15 Hobane ha re ntse re etsa mosebetsi oa phetolelo, oo Morena a neng a re khethetse oona, re ile ra fihla khaolong ea bohlano ea Johanne, temaneng ea mashome a mabeli a metso e robong, e ileng ea fanoa ho rona ka tsela e latelang—
16 E buang ka tsoho, malebana le bao ba tlang ho utloa lentsoe la Mor’a Motho:
17 ’Me ba tla tsoa; bao ba entseng ka ho loka, tsohong ea ba lokileng; le bao ba entseng bobe, tsohong ea ba sa lokang.
18 Joale sena se ile sa etsa hore re makale, hobane se ile sa fanoa ho rona ka Moea.
19 ’Me ha re ntse re nahana ka botebo ka litaba tsena, Morena o ile a ts’oara mahlo a kutloisiso ea rona ’me a ile a buleha, ‘me khanya ea Morena ea re teela hare.
20 ’Me re ile ra bona khanya ea Mora, letsohong le letona la Ntate, ’me ra fumana botlalo ba hae.
21 ’Me ra bona mangeloi a halalelang, le ba halalelitsoeng ka pele ho terone ea hae, ba khumamela Molimo le Konyana, ba mo khumamela ka mehla le mehla.
22 ’Me joale, kamorao ho bopaki bo bongata bo fanoeng ka eena, bona ke bopaki bo qetellang ho bohle, boo re bo fanang ka eena: Hore oa phela!
23 Hobane re mo bone, esita le ka letsohong le letona la Molimo; ‘me re utloile lentsoe le paka hore ke eena Mora ea Tsoetsoeng A ‘Nots’i oa Ntate—
24 Hore ke ka eena, ‘me ke eena, le ka eena, mafats’e a leng teng ‘me a ileng a boptjoa, ‘me le baahi ba ‘ona ke bara le barali ba tsoetsoeng ho Molimo.
25 ’Me sena re boetse re se bone, ’me re paka hore lengeloi la Molimo le neng le na le tokelo ponts’eng ea Molimo, le ileng la koenehela Mora ea Tsoetsoeng A ’Nots’i eo Ntate a mo ratileng ’me le neng le le sefubeng sa Ntate, le ile a lelekeloa tlase ho tloha ponts’eng ea Molimo le Mora,
26 ’Me le ile la bitsoa Timelo, hobane maholimo a ile a le llela—e ne le Lusifera, mor’a mafube.
27 ’Me re ile ra talima, ’me ra bona, o oele! o oele, esita le mor’a mafube!
28 ’Me ha re ntse re le Moeeng, Morena o ile a re laela hore re lokela ho ngola pono eo; hobane re bone Satane, noha eane ea khale, esita le diabolosi, ea koenehileng khahlanong le Molimo le Kreste oa hae—
29 Ka baka leo, o etsa ntoa le bahalaleli ba Molimo, ’me o ba ts’oasa a ba teetse hare.
30 ’Me re bone pono ea lits’otleho tsa bao a entseng ntoa le bona ’me a ba hlola, hobane ke joana ho tlileng lentsoe la Morena ho rona:
31 Joana ho rialo Morena malebana le bohle ba tsebang matla a ka, ’me ba filoeng kabelo ea ’ona, ’me ba itumella ka matla a diabolosi ho hloloa, ’me ba latola ’nete ’me ba nyelisa matla a ka—
32 Ke bona bao e leng bara ba timelo, bao ke reng hore ho ne ho le molemo ho bona ha ba ne ba sa ka ba tsoaloa;
33 Hobane ke lipitsa tsa khalefo, ba timetsoa ho mamella khalefo ea Molimo, le diabolosi le mangeloi a hae ka bosafeleng;
34 Malebana le bao ke itseng ha ho na tso’oarelo ea libe lefats’eng lena kapa lefatseng le tlang ho tla—
35 Ka ho latola Moea o Halelang kamorao hore ba u amohele, le ka ho latola Mora ea Tsoetsoeng A ’Nots’i oa Ntate, ka ho mo thakhisa holim’a bona ’me ba mo hobosa pepeneneng.
36 Bana ke bao ba tlang ho ea ka lets’eng la mollo le sebabole, le diabolosi le mangeloi a hae—
37 ’Me bona feela ke bao lefu la bobeli le tlang ho ba le matla afe kapa afe;
38 Ee, kannete, ke bona feela ba ke keng ba lopolloa ka nako e nepahetseng ea Morena, kamorao ho lits’otleho tsa khalefo ea hae.
39 Hobane bohle ba bang ba tla tlisoa ka tsoho ea bafu, ka tlholo le khanya ea Konyana, ea neng a bolaoe, ea neng a le sefubeng sa Ntate pele mafats’e a etsoa.
40 ’Me sena ke evangeli, litaba tse molemo, tseo lentsoe le tsoang leholimong le li pakang ho rona—
41 Hore o tlile lefats’eng, esita le Jesu, ho tla thakhisoa bakeng sa lefats’e, ’me le ho jara libe tsa lefats’e, le ho halaletsa lefats’e, ’me le ho le hloekisa ho ho se loke hohle.
42 Hore ka eena bohle ba ke ba bolokoe bao Ntate a neng a ba behile matleng a hae ‘me a ba entse ka eena;
43 Ea tlotlisang Ntate, ‘me a boloka mesebetsi eohle ea matsoho a hae, ntle le bara ba timelo ba latolang Mora kamor’a hore Ntate a mo senole ho bona.
44 Ka baka leo, o boloka bohle ntle le bona—ba tla tsamaea ba ee kotlong e sa feleng, eo e leng kotlo e senang qetello, eo e leng kotlo ea bosafeleng, ho rena le diabolosi le mangeloi a hae ka ho sa feleng, moo seboko se sa shoeng, le mollo o sa timeng, eo e leng tlhokofatso.
45 ’Me pheletso ea eona, leha e le sebaka sa eona, kapa tlhokofatso ea bona, ha ho motho ea tsebang;
46 Ha ea ka ea senoloa, ha e e-so senoloe, leha e le ho tla senoleloa motho, ntle ho bao ba entsoeng hore ba be kabelo ea eona;
47 Leha ho le joalo, ‘na, Morena, ke e bonts’a ka pono ho ba bangata, empa hanghang ke boela ke e koale;
48 Ka baka leo, qetello, bophara, bolelele, botebo, le mahlomola a eona, ha ba utloisisi, leha e le motho ofe kapa ofe ntle le bao ba behetsoeng kotlo ena.
49 ’Me re utloile lentsoe, le reng: Ngola pono eo, hobane bona, ena ke qetello ea pono ea lits’otleho tsa ba se nang bomolimo.
50 ’Me hape rea paka—hobane re bone ’me re utloile, ’me bona ke bopaki ka evangeli ea Kreste malebana le bao ba tlang ho tla ka tsoho ea ba lokileng—
51 Ke bona bao ba amohetseng bopaki ka Jesu, ‘me ba lumela lebitsong la hae ‘me ba kolobetsoa ka mokhoa oa kepelo ea hae, ba epetsoe ka metsing ka lebitso la hae, ‘me sena ho latela taelo eo ea e faneng—
52 Hore ka ho boloka litaelo ba ke ba hlatsuoe ‘me ba hloekisoe libeng tsohle tsa bona, ‘me ba amohele Moea o Halalelang ka peho ea matsoho ka eena ea behiloeng ‘me a tiisoa ho matla ana;
53 ’Me ba hlotseng ka tumelo, ’me ba tiisoa ka Moea o Halalelang oa ts’episo, oo Ntate a o ts’olletseng holim’a bohle ba lokileng ’me ba ’nete.
54 Ke bona bao e leng kereke ea Letsibolo.
55 Ke bona bao matsohong a bona Ntate a faneng ka lintho tsohle—
56 Ke bona bao e leng baprista le marena, ba fumaneng botlalo ba hae, le khanya ea hae;
57 ’Me ke baprista ba Molimo ea Holimo-limo, ka mokhoa oa Melkisedeke, oo e neng e le ka mokhoa oa Henoke, oo e neng e le ka mokhoa oa Mora ea Tsoetsoeng a A ’Nots’i.
58 Ka baka leo, joaloka ha ho ngoliloe, ke melimo, esita le bara ba Molimo—
59 Ka baka leo, lintho tsohle ke tsa bona, ebang ke bophelo kapa lefu, kapa lintho tse teng, kapa lintho tse tlang ho tla, tsohle ke tsa bona ’me bona ke ba Kreste, ’me Kreste ke oa Molimo.
60 ’Me ba tla hlola lintho tsohle.
61 Ka baka leo, le se ke la lumella motho ho tlotlisa motho, empa ho e-na le hoo mo lumelleng ho tlotlisa Molimo, ea tla hatakela lira tsohle tlas’a maoto a hae.
62 Bana ba tla lula ponts’eng ea Molimo le Kreste oa hae ka ho sa feleng le ka mehla le mehla.
63 Bana ke bona bao a tlang ho tla le bona, ha a e-tla ka maru a leholimo ho rena lefats’eng holim’a batho ba hae.
64 Bana ke bona ba tla ba le karolo tsohong ea pele.
65 Bana ke bona ba tlang ho tla tsoho ea ba lokileng.
66 Bana ke bona ba tlang ho tla Thabeng ea Sione, le motseng oa Molimo ea phelang, sebakeng se leholimong, se halalelang ho tsohle.
67 Bana ke bona ba tlileng ho makhotla a sa baleheng a mangeloi, phuthehong e akaretsang le kerekeng ea Henoke le ea Letsibolo.
68 Bana ke bona bao mabitso a bona a ngoliloeng leholimong, moo Molimo le Kreste e leng baahloli ba bohle.
69 Bana ke bona bao e leng batho ba lokileng ba phethahalitsoeng ka Jesu ’muelli oa selekane se secha, ea tlisitseng topollo e phethahetseng ka ts’ollo ea mali a hae.
70 Bana ke bona bao ’mele ea bona e leng ea selestiale, bao khanya ea bona e leng eane ea letsatsi, esita le khanya ea Molimo, ea holimo-limo ho bohle, eo khanya ea letsatsi la sepakapaka le ngoliloeng e leng sets’oants’o sa lona.
71 ’Me hape, re bone lefats’e la terrestiale, ’me talimang le bone, bana ke bona bao e leng ba terrestiale, bao khanya ea bona e fapaneng le eane ea kereke ea Letsibolo ba amohetseng botlalo ba Ntate, esita le joaloka ha ea ngoeli e fapane le ea letsatsi sepakapakeng.
72 Bonang, bana ke ba shoeleng ba sena molao;
73 ’Me hape ke bona bao e leng meea ea batho e bolokiloeng teronkong, bao Mora a ileng a ba etela, ‘me a ruta evangeli ho bona, hore ba ke ba ahloloe ho latela batho nameng;
74 Ba sa amohelang bopaki ba Jesu nameng, empa kamorao ho moo ba bo amohela.
75 Bana ke bona bao e leng batho ba hlonephehang ba lefats’e, ba neng ba foufalitsoe ke mano a batho.
76 Bana ke bona ba fumanang khanya ea hae, empa eseng botlalo ba hae.
77 Bana ke bona ba amohelang ho ba ponts’eng ea Mora, empa eseng botlalong ba Ntate.
78 Ka baka leo, ke bona ba ’mele oa terrestriale, ’me eseng ’mele oa selestiale, ’me ba fapana ka khanya joaloka ha ngoeli e fapana le letsatsi.
79 Bana ke bona bao ba seng mafofofolo bopaking ba Jesu; ka baka leo, ha ba fumane moqhaka holim’a ‘muso oa Molimo oa rona.
80 ’Me joale ena ke qetello ea pono eo re boneng ka terrestriale, eo Morena a re laetse ho e ngola ha re ne re ntse re le Moeeng.
81 ’Me hape, re bone khanya ea telestiale, eo khanya e leng e ka tlasana, esita le joaloka ha khanya ea linaleli e fapana le khanya ea ngoeli sepakapakeng.
82 Bana ke bona bao ba sa amohelang evangeli ea Kreste, leha e le bopaki ka Jesu.
83 Bana ke bona ba sa kang ba latola Moea o Halalelang.
84 Bana ke bona ba lahleloang tlase liheleng.
85 Bana ke bona ba ke keng ba lopolloa ho diabolosi ho fihlela tsohong ea ho qetela, ho fihlela Morena, esita le Kreste Konyana, a tla be a phethile mosebetsi oa hae.
86 Bana ke bona ba ke keng ba fumana botlalo ba hae lefats’eng la bosafeleng, empa ba Moea o Halalelang ka bosebeletsi ba terrestriale;
87 ’Me terrestriale ka bosebeletsi ba selestiale.
88 ’Me hape telestiale e bo fumana ka ts’ebeletso ea mangeloi a khethiloeng ho ba sebeletsa, kapa ba khethiloeng ho ba meea e sebeletsang bakeng sa bona; hobane ba tla ba majalefa a poloko.
89 ’Me joana re bone, ka pono ea leholimo, khanya ea telestiale, e fetisisang kutloisiso eohle;
90 ’Me ha ho motho ea e tsebang ntle le ho eo Morena a e senotseng ho eena.
91 ’Me joana re bone khanya ea terrestriale e fetang linthong tsohle khanya ea telestiale, esita le ka khanya, le ka matla, le ka sefutho, le ka borena.
92 ’Me joana re bone khanya ea selestiale, e fetang linthong tsohle—moo Molimo, esita le Ntate, a renang holim’a terone ea hae ka mehla le mehla;
93 Ka pele ho terone ea hae moo lintho tsohle li khumamang ka boikokobetso ba hlonepho e kholo, ‘me li mo fa tlotliso ka mehla le mehla.
94 Bao ba lulang ponts’eng ea hae ke kereke ea Letsibolo; ’me ba bona joaloka ha li bona, ’me ba tseba joaloka ha li tsejoa, ka ho amohela botlalo ba hae le mohau oa hae;
95 ’Me o ba etsa ba lekane ka matla, le ka sefutho, le ka borena.
96 ’Me khanya ea selestiale e ‘ngoe, esita le joaloka ha khanya ea letsatsi e le ‘ngoe.
97 ’Me khanya ea terrestriale e ‘ngoe, esita le joaloka ha khanya ea ngoeli e le ‘ngoe.
98 ’Me khanya ea telestiale e ‘ngoe, esita le joaloka ha khanya ea linaleli e le ‘ngoe; hobane joaloka ha naleli e le ‘ngoe e fapana le naleli e ‘ngoe ka khanya, esita le joalo e ‘ngoe e fapana ho e ‘ngoe ka khanya lefats’eng la telestiale;
99 Hobane bana ke bona bao e leng ba Paulosi, le ba Apolose, le ba Kefase.
100 Bana ke bona ba reng ke ba e mong le ba ba bang—ba bang ke ba Kreste ‘me ba bang ke ba Johanne, ‘me ba bang ke ba Moshe, ‘me ba bang ke ba Elia, ‘me ba bang ke ba Esaia, ‘me ba bang ke ba Isaia, ‘me ba bang ke ba Henoke;
101 Empa ha ba amohela evangeli, leha e le bopaki ba Jesu, leha e le baporofeta, leha e le selekane se sa feleng.
102 Ea ho qetela ho tsohle, bana bohle ke bona ba ke keng ba bokelloa le bahalaleli, ho nkeloa holimo ho kereke ea Letsibolo, ‘me ba amoheloe marung.
103 Bana ke bona bao e leng ba leshano, le baloi, le lihlola, le liotsoa, le mang kapa mang ea ratang le ho etsa leshano.
104 Bana ke bona ba hlokofatsoang ke khalefo ea Molimo lefats’eng.
105 Bana ke bona ba hlokofatsoang ke phetetso ea mollo oa bosafeleng.
106 Bana ke bona ba lahleloang tlase liheleng ‘me ba hlokofatsoa ke khalefo ea Molimo ea Matla ‘Ohle, ho fihlela bophetheho ba linako, ha Kreste a tla hatakela lira tsohle ka tlas’a maoto a hae, ‘me a tla be a phethahalitse mosebetsi oa hae;
107 Ha a tla lokolla ‘muso, ‘me a o hlahise ho Ntate, o sena letheba, a re: Ke hlotse lefats’e ‘me ke hatetse ke ‘notsi sehatelong, esita le sehatelong sa veine ea bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ‘Ohle.
108 Kamor’a moo, o tla roesoa moqhaka oa khanya ea hae, ho lula teroneng ea matla a hae ho rena ka mehla le mehla.
109 Empa talimang, le bone, re bone khanya le baahi ba lefats’e la telestiale, hore ba ne ba le bongata bo sa baleheng joaloka linaleli tse sepakapakeng sa leholimo, kapa joaloka lehlabathe le leoatleng;
110 ’Me ra utloa lentsoe la Morena le re: Bana bohle ba tla khumamela ka mangole, ‘me maleme ‘ohle a tla ana ho eena ea lulang holim’a terone ka mehla le mehla;
111 Hobane ba tla ahloloa ho latela mesebetsi ea bona, ‘me motho e mong le mong o tla fumana ho latela mesebetsi eo e leng ea hae, borena boo e leng ba hae, meahong e lokisitsoeng;
112 ’Me e tla bahlanka ba ea Holimo-limo; empa moo Molimo le Kreste ba lulang, ba sitoa ho tla, mafats’e a senang qetello.
113 Ena ke qetello ea pono eo re e boneng, eo re ileng ra laeloa ho e ngola ha re ne re le Moeeng.
114 Empa e meholo ‘me e tsotehang ke mesebetsi ea Morena, ‘me liphiri tsa ‘muso oa hae tseo a re bonts’itseng tsona, tse fetisisang kutloisiso eohle ka khanya, le ka matla, le ka borena;
115 Tseo a re laetseng hore re se ke ra li ngola ha re ntse re le Moeeng, ‘me ha li molaong bakeng sa motho ho li hooa;
116 Ha ho motho ea khonang ho li tsebahatsa, hobane ke feela li ka bonoang ‘me li ka utloisisoang ka matla a Moea o Halalelang, oo Molimo a o fanang ho ba mo ratang, ‘me ba itlhoekisang ka pele ho eena;
117 Ho bao a ba nehang tokelo ea ho bona le ho tseba bakeng sa bona;
118 Hore ka matla le ponahatso ea Moea, ha ba le nameng, ba ke ba khone ho mamella ponts’eng ea hae lefats’eng la khanya.
119 ’Me ho Molimo le Konyana e be khanya, le poko le borena ka mehla le mehla. Amen.