Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 40


Karolo ea 40

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Fayette, New York, ka la 6 Pherekhong 1831. Pele ho lingoliloeng tsa ts’enolo ena, nalane ea Moporofeta ea hlalosa, “Joaloka ha James [Covel] a latotse lentsoe la Morena, ’me a khutlela ho metheo ea hae le batho ba hae, Morena o ile a fana ho ’na le Sidney Rigdon ts’enolo e latelang” (bona karolo ea 39).

1–3, Ts’abo ea tlhoriso le lintho tsa lefats’e li baka tatolo ea evangeli.

Bonang, kannete ke re ho lona, hore pelo ea mohlanka oa ka James Covel e ne e lokile ka pele ho ’na, hobane o entse selekane le ’na hore o tla mamela lentsoe la ka.

’Me o ile a amohela lentsoe ka thabo, empa Satane a phaka a mo leka; ’me ts’abo ea tlhoriso le lintho tsa lefats’e tsa etsa hore a latole lentsoe la ka.

Ka baka leo, o ile a roba selekane sa ka, ’me ho setse ho ’na ho etsa seo ke bonang se mo loketse. Amen.