Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 104


Karolo ea 104

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio kapa pela teng, ka la 23 ‘Mesa 1834, malebana le Feme e Kopaneng (bona lihlooho tsa likarolo tsa 78 le 82). Mohlomong lebaka e ne e kopano ea lekhotla la litho tsa Feme e Kopaneng, e neng e bua ka litlhoko tsa nama tsa Kereke. Kopano ea pele ea feme ka la 10 ‘Mesa e ne e rarollotse hore mokhatlo oo o qhaloe. Ts’enolo ena e tataisa hore feme eo ho e-na le ho qhaloa, e thehoe bocha; thepa tsa eona li ne li lokela ho aroloa mahareng a litho tsa feme e le bohlokomeli ba bona. Ka tlas’a tataiso ea Joseph Smith, poleloana “Feme e Kopaneng” hamorao e ile ea nkeloa sebaka ke “Tlhophiso e Kopaneng” ts’enolong eo.

1–10, Bahalaleli ba sitoang khahlanong le tlhophiso e kopaneng ba tla rohakoa; 11–16, Morena o hlokomela Bahalaleli ba hae ka tsela ea hae; 17–18, Molao oa evangeli o tsamaisa tlhokomelo ea mafutsana; 19–46, Bohlokomeli le litlhohonolofatso tsa baena ba fapaneng lia hloauoa; 47–53, Tlhophiso e kopaneng Kirtland le tlhophiso e Sione li lokela ho sebetsa li ikemetse; 54–66, Polokelong e halalelang ea matlotlo a Morena e ahoa bakeng sa ho hatisa mangolo a halalelang; 67–77, Polokelong e akaretsang ea matlotlo ea tlhophiso e kopaneng e tla sebetsa e ipapisitse le kamohelo ea litho; 78–86, Ba ka hare ho tlhophiso e kopaneng ba lokela ho lefa likoloto tsohle tsa bona, ‘me Morena o tla ba lokolla litlamong tsa lichelete.

Kannete ke re ho lona, metsoalle ea ka, ke fana ho lona keletso, le taelo malebana le thepa eohle e oelang tlhophisong eo ke e laetseng hore e hlophisoe ‘me e thehoe, hore e be tlhophiso e kopaneng, ‘me tlhophiso e sa feleng molemong oa kereke ea ka, le bakeng sa poloko ea batho ho fihlela ke e-tla—

Ka ts’episo e sa hlanoheng ‘me e sa fetoheng, hore ha feela bao ke ba laetseng ba ts’epahala, ba tla hlohonolofatsoa ka litlhohonolofatso tse menahaneng;

Empa ha feela ba ne ba sa ts’epahala ba ne ba ba haufi le thohako.

Ka baka leo, ha feela ba bang ba bahlanka ba ka ba sa ka ba boloka taela, empa ba robile selekane ka takatso, le ka mantsoe a thetso, ke ile ka ba rohaka ka thohako e bohloko ‘me e boima haholo.

Hobane ‘na, Morena, ke behile pelong ea ka hore ha feela motho ofe kapa ofe ea oelang tlhophisong a tla fumanoa e le ea sitiloeng, kapa ka mantsoe a mang a tla roba selekane seo a tlanngoeng ka sona, o tla rohakeha bophelong ba hae, ‘me o tla hatakeloa ke bao ke ba batlang.

Hobane ‘na, Morena, nke ke ka sonngoa mabapi le lintho tsena—

‘Me tsena tsohle hore ba senang molato har’a lona ba se ke ba otloa le ba sa lokang; ‘me hore ba molato har’a lona ba se ke ba phonyoha; hobane ‘na, Morena, ke ile ka ts’episa ho lona moqhaka oa khanya letsohong la ka le letona.

Ka baka leo, ha feela le fumanoa le le ba sitiloeng, le ke ke la phonyoha khalefo bophelong ba lona.

Ha feela le khaotsoe ka lebaka la ts’ito, le ke ke la phonyoha litlhorisong tsa Satane ho fihlela letsatsi la topollo.

10 ‘Me joale ke fana ka matla ho lona ho tloha horeng eona ena, hore haeba motho ofe kapa ofe har’a lona, oa tlhophiso ena, a fumanoa e le ea sitiloeng ‘me a sa bake bobeng boo, hore le tla mo lokollela litlhorisong tsa Satane; ‘me ha a na ho ba le matla a ho tlisa bobe ho lona.

11 Ke bohlale ho ‘na; ka baka leo, taelo ke e fana ho lona, hore le tla itlhopha ‘me le khethela motho e mong le e mong bohlokomeli ba hae;

12 Hore motho e mong le e mong a ke a fane ka boikarabello ho ‘na ka bohlokomeli bo khethetsoeng eena.

13 Hobane ho bohlokoa hore ‘na Morena, ke tle ke etse motho e mong le e mong a ikarabelle, e le mohlokomeli holim’a litlhohonolofatso tsa lefats’e, tseo ke li entseng ‘me ka li lokisetsa bakeng sa libopuoa tsa ka.

14 ‘Na, Morena, ke otlolotse maholimo, ‘me ke ahile lefats’e, mosebetsi oa matsoho a ka; ‘me tsohle tse ho lona ke tsa ka.

15 Hobane ke morero oa ka ho hlokomela bahalaleli ba ka, hobane lintho tsohle ke tsa ka.

16 Empa ho hlokahala ho etsoe ka tsela ea ka; ‘me bonang ena ke tsela eo ‘na, Morena, ke laetseng ho hlokomela bahalaleli ba ka, hore mafutsana a tla phahamisoa, ka hore barui ba etsoe hore ba kokobele.

17 Hobane lefats’e le tletse, ‘me ho na le tse lekaneng le tse salang; ee, ke ile ka lokisa lintho tsohle, ‘me ke ile ka li fana ho bana ba batho hore e be baemeli ka bo-bona.

18 Ka baka leo, haeba motho ofe kapa ofe a tla nka ka bongata ba tseo ke li entseng, ‘me a se ke a fana ka karolo ea hae, ho latela molao oa evangeli ea ka, ho mafutsana le ba hlokang, o tla lelaletsa mahlo a hae, le ba khopo, liheleng, a hlokofala.

19 ‘Me joale, kannete ke re ho lona, malebana le thepa ea tlhophiso eo—

20 Etsang hore mohlanka oa ka Sidney Rigdon a khetheloe sebaka seo joale a lulang ho sona, ‘me sets’a sa sebaka sa ho etsa letlalo e be bohlokomeli ba hae, bakeng sa ts’ehetso ea hae ha a ntse a sebetsa ts’imong ea ka ea morara, esita le joaloka ha ke batla, nakong eo ke tlang ho mo laela.

21 ‘Me etsang hore lintho tsohle li etsoe ho latela keletso ea tlhophiso le kamohelo kapa lentsoe le kopaneng la tlhophiso, e lulang lefats’eng la Kirtland.

22 ‘Me bolebeli le tlhohonolofatso ena, ‘na, Morena, ke li fana ho mohlanka oa ka Sidney Rigdon bakeng sa tlhohonolofatso holim’a hae, le peo ea hae ka moarao ho ena;

23 ‘Me ke tla ngatafatsa litlhoholofatso holim’a hae, ha feela a tla ikokobetsa ka pele ho ‘na.

24 ‘Me hape, etsang hore mohlanka oa ka Martin Harris a khetheloe, bakeng sa bohlokomeli ba hae, sets’a sa mobu oo mohlanka oa ka John Johnson a u fumaneng phapanyetsanong ea lefa la hae la pele, bakeng sa hae le moloko o tlang kamor’a hae.

25 ‘Me ha feela a ts’epahala, ke tla ngatafatsa litlhohonolofatso holim’a hae le molokong o tlang kamor’a hae.

26 ‘Me etsang hore mohlanka oa ka Martin Harris a neele lichelete tsa hae bakeng sa ho phatlatlatsa mantsoe a ka ho latela joaloka ha mohlanka oa ka Joseph Smith a tla tataisa.

27 ‘Me hape, etsang hore mohlanka oa ka Frederick G. Williams a be le sebaka moo a lulang joale.

28 ‘Me etsang hore mohlanka oa ka Oliver Cowdery a be le sets’a se arohaneng le ntlo, se lokelang ho ba ofisi ea khatiso, sets’a seo e leng sa pele, ‘me e boela e le sets’a seo ntat’ae a lulang ho sona.

29 ‘Me etsang hore bahlanka ba ka Frederick G. Williams and Oliver Cowdery ba be le ofisi ea khatiso le lintho tsohle tse amanang le eona.

30 ‘Me ena e tla ba bohlokomeli ba bona bo tlang ho khetheloa bona.

31 ‘Me ha feela ba ts’epahala, bonang ke tla hlohonolofatsa, ‘me ke ngatafatse litlhohonolofatso holim’a bona.

32 ‘Me sena ke qalo ea bohlokomeli boo ke ba khethetseng bona, bakeng sa bona le moloko o tlang kamor’a bona.

33 ‘Me ha feela ba ts’epahala, ke tla ngatafatsa litlhohonolofatso holim’a bona le moloko o tlang kamor’a bona, esita le litlhohonolofatso tse menahaneng.

34 ‘Me hape, etsang hore mohlanka oa ka John Johnson a be le ntlo eo a phelang ka ho eona le lefa, tsohle ntle le sets’a se bolokiloeng bakeng sa khaho ea matlo a ka, e amanang le lefa leo, le lits’a tse ileng tsa bitsoa ka mohlanka oa ka Oliver Cowdery.

35 ‘Me ha feela a ts’epahala, ke tla ngatafatsa litlhohonolofatso holim’a hae.

36 ‘Me ke thato ea ka hore o lokela ho rekisa lits’a tse behelletsoeng ka theko bakeng sa ho aha motse oa bahalaleli ba ka, joaloka ha ho tla tsebahatsoa ho eena ka lentsoe la Moea, le ho latela keletso ea tlhophiso, le ka lentsoe la tlhophiso.

37 ‘Me sena ke qaleho ea bohlokomeli boo ke bo khethetseng eena, bakeng sa tlhohonolofatso ho eena le ho moloko o tlang kamor’a hae.

38 ‘Me ha feela a ts’epahala, ke tla ngatafatsa litlhohonolofatso ho menahane holim’a hae.

39 ‘Me hape, etsang hore mohlanka oa ka Newel K. Whitney a khetheloe matlo le sets’a moo a lulang ha joale, ‘me sets’a le moaho moo khoebo e emeng, ‘me hape sets’a se kutung e leboea ea moaho oa khoebo, ‘me hape sets’a seo sebaka sa matsoai se lutseng.

40 ‘Me tsena tsohle ke li khethetse mohlanka oa ka Newel K. Whitney bakeng sa bohlokomeli ba hae, bakeng sa tlhohonolofatso holim’a hae le moloko o tlang kamor’a hae, molemong oa moaho oa khoebo ea tlhophiso ea ka eo ke e thehileng bakeng sa setereke se seholo lefats’eng la Kirtland.

41 Ee, kannete, sena ke bolebeli boo ke bo khethetseng mohlanka oa ka N. K. Whitney, esita le moaho oa khoebo kaofela, eena le moemeli oa hae, le moloko o tlang kamor’a hae.

42 ‘Me ha feela a ts’epahala ka ho boloka litaelo tsa ka, tseo ke li faneng ho eena, ke tla ngatafatsa litlhohonolofatso holim’a hae le moloko o tlang kamor’a hae, esita le litlhohonolofatso tse menahaneng.

43 ‘Me hape, etsang hore mohlanka oa ka Joseph Smith a khetheloe sets’a se behiloeng ka thoko bakeng sa ho aha ntloe ea ka, eo bolelele e leng limithara tse mashome a mane le bophara ba tse leshome le metso e ‘meli, ‘me hape le lefa holim’a moo ntate oa hae a lulang;

44 ‘Me sena ke qaleho ea bohlokomeli boo ke mo khethetseng bona, bakeng sa tlhohonolofatso holim’a hae le holim’a ntat’ae.

45 Hobane bonang, ke ile ka boloka lefa bakeng sa ntat’ae, bakeng sa ts’ehetso ea hae; ka baka leo, o tla balelloa ka tlung ea mohlanka oa ka Joseph Smith.

46 ‘Me ke tla ngatafatsa litlhohonolofatso holim’a ntlo ea mohlanka oa ka Joseph Smith, ha feela a ts’epahala, esita le ka litlhohonolofatso tse menahaneng.

47 ‘Me joale, taelo ke e fana ho lona malebana le Sione, hore ha le na ho tlangoa le le tlhophiso e kopaneng ho baena ba Sione, feela ka tsela ena—

48 Kamorao hore le thehoe, le tla bitsoa Tlhophiso e Kopaneng ea Setereke se Seholo sa Sione, Motse oa Kirtland. ‘Me baena ba lona, kamorao hore le thehoe, ba tla bitsoa Tlhophiso e Kopaneng ea Motse oa Sione.

49 ‘Me ba tla thehoa ka mabitso a bona, le ka lebitso la eona; ‘me ba tla etsa khoebo ka lebitso la eona, le ka mabitso a bona;

50 ‘Me le tla etsa khoebo ka lebitso la eona, le ka mabitso a lona.

51 ‘Me sena ke laetse hore se etsoe bakeng sa poloko ea lona, le hape bakeng sa poloko ea bona, ka lebaka la ho qhobeloa kantle ha bona le seo se tlang ho tla.

52 Hobane lilekane li ile tsa rojoa ka ts’ito, ka takatso le mantsoe a thetso—

53 Ka baka leo, lea qhaloa le le tlhophiso e kopaneng le baena ba lona, hore ha lea tlamahana feela ka hora ena le bona, ka tsela ena feela, joalokaha ke boletse, ka sekoloto joaloka ha ho tla lumellanoa ke tlhophiso ena puisanong, ha maemo a lona a tla lumela ‘me le lentsoe la lekhotla le tla tataisa.

54 ‘Me hape, taelo ke e fana ho lona malebana le bohlokomeli ba lona boo ke le khethetseng bona.

55 Bonang, thepa tsena tsohle ke tsa ka, kapa ho seng joalo tumelo ea lona ke lefeela, ‘me le fumanoa le le baikaketsi, ‘me lilekane tseo le li etseng ho ‘na li robehile;

56 ‘Me haeba thepa ke tsa ka, joale lona le bahlokomeli; ho seng joalo ha le bahlokomeli.

57 Empa, ke re ho lona, ke le khethetse ho ba bahlokomeli holim’a ntlo ea ka, esita le bahlokomeli ruri.

58 ‘Me ke bakeng sa morero oona ke le laetseng ho itlhopha, esita le ho hatisa mantsoe a ka, mangolo a ka a halalelang a feletseng, ts’enolo tseo ke li faneng ho lona, ‘me tseo ke tlang, kamorao ho mona, nako le nako, ho li fana ho lona.

59 Ke ka morero oa ho aha kereke ea ka le ‘muso lefats’eng, le ho lokisetsa batho ba ka bakeng sa nako eo ke tlang ho lula le bona, eo e haufi.

60 ‘Me le tla lokisa bakeng sa lona sebaka bakeng sa polokelo ea matlotlo, ‘me le e nyehele lebitsong la ka.

61 ‘Me le tla khetha e mong har’a lona ho hlokomela polokelo ea matlotlo, ‘me o tla behoa matsoho tlhohonolofatsong ena.

62 ‘Me ho tla ba le tiiso holim’a polokelo ea matlotlo, ‘me lintho tsohle tse halalelang li tla isoa ka tlung ea polokelo ea matlotlo; ‘me ha ho motho har’a lona ea tlang ho e bitsa ea hae, kapa karolo efe kapa efe ea eona, hobane e tla oela ho lona kaofela.

63 ‘Me ke fana ho lona ho tloha ka hora eona ena; ‘me joale bonang hore lea tsamaea ‘me le sebelisa bohlokomeli boo ke le khethetseng bona, ntle le lintho tse halalelang, bakeng sa khatiso ea lintho tsena tse halalelang joaloka ha ke boletse.

64 ‘Me pusetso ea lintho tse halalelang e tla ba ka polokelong ea matlotlo, ‘me tiiso e tla ba holim’a eona, ‘me e ke ke ea sebelisoa kapa ho nts’oa ka polokelong ea matlotlotlo ke mang kapa mang, leha e le hore tiiso e nyehlisoe e tlang ho behoa holim’a eona, ke feela ka lentsoe la tlhophiso, kapa ka taelo.

65 ‘Me joana le tla boloka pusetso ea lintho tse halalelang polokelong ea matlotlo, bakeng sa morero o halalelang le o lokileng.

66 ‘Me ena e tla bitsoa polokelo ea matlotlo e halalelang ea Morena; ‘me tiiso e tla bolokoa holim’a eona hore e ke e halaletsoe ‘me e nyeheloe ho Morena.

67 ‘Me hape, ho tla ba le polokelo e ‘ngoe ea matlotlo e lokisoang, le ‘moloki oa matlotlo ea khethoang ho boloka polokelo ea matlotlo, ‘me tiiso e tla behoa holim’a eona;

68 ‘Me lichelete tsohle tseo le li fumaneng bohlokomeling ba lona, ka ho ntlafatsa thepa eo ke le khethetseng eona, matlong, kapa mafats’eng, kapa likhomong, kapa linthong tsohle ntle le tse halalelang, le lingoliloeng tse halalelang, tseo ke li boloketseng ‘na bakeng sa merero e halalelang, li tla lahleloa ka har’a letlotlo kapele ka moo le fumanang lichelete, ka makholo, kapa ka mashome a mahlano, kapa ka mashome a mabeli, kapa ka leshome, kapa ka bohlano.

69 Kapa ka mantsoe a mang, haeba motho ofe kapa ofe har’a lona a fumana lidollara tse hlano mo lumelleng a li lahlele ka har’a polokelo ea letlotlo; kapa haeba a fumana leshome, kapa mashome a mabeli, kapa a mahlano, kapa lekholo, mo lumelleng ho etsa joalo;

70 ‘Me le se lumelle motho ofe kapa ofe har’a lona ho bolela hore ke la hae; hobane le ke ke la bitsoa la hae, leha e le karolo efe kapa efe ea lona.

71 ‘Me ha ho karolo efe kapa efe ea lona e tla sebelisoa, kapa ea nkoa ka har’a letlotlo, ka lentsoe le kamohelo ea litho.

72 ‘Me sena e tla ba lentsoe le kamohelo ea litho tsa tlhophiso—hore motho ofe kapa ofe har’a lona a tle a re ho mots’oari oa matlotlo: Ke na le tlhoko ea sena ho nthusa bohlokomeling ba ka—

73 Haeba e le lidollara tse hlano, kapa haeba e le lidollara tse leshome, kapa tse mashome a mabeli, kapa tse mashome a mahlano, kapa tse lekholo, mots’oari oa matlotlo o tla fana ho eena kakaretso eo a e hlokang ho mo thusa bohlokomeling ba hae—

74 Ho fihlela a fumanoa e le ea sitiloeng, ‘me ho bonahatsoa ka pele ho lekhotla la tlhophiso hore ke molebeli ea sa ts’epahaleng ‘me ea booatla.

75 Empa ha feela a ntse a le ts’ebetsong ka botlalo, ‘me a ts’epahala ‘me a le bohlale bohlokomeling ba hae, sena e tla ba sesupo ho mots’oari oa matlotlo hore mots’ oari matlotlo a ke ke a thibela.

76 Empa tabeng ea ts’ito, mots’oari oa matlotlo o tla ba tlas’a lekhotla le lentsoe la tlhophiso.

77 ‘Me tabeng eo mots’oari oa matlotlo a fumanoang a sa ts’epahale ‘me e le mohlokomeli ea booatla, o tla ba tlas’a lekhotla le lentsoe la tlhophiso, ‘me o tla tlosoa boemong ba hae, ‘me e mong o tla khethoa sebakeng sa hae.

78 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, malebana le likoloto tsa lona—bonang, ke thato ea ka hore le tla patala likoloto tsohle tsa lona.

79 ‘Me ke thato ea ka hore le tla ikokobetsa ka pele ho ‘na, ‘me le fumane tlhohonolofatso ena ka mafolofolo a lona le boikokobetso le ka thapelo ea tumelo.

80 ‘Me ha feela le le mafolofolo le ikokobelitse, ‘me le etsa thapelo ea tumelo, bonang, ke tla nolofatsa lipelo tsa bao le ba kolotang, ho fihlela ke tla romella litsela tsa toloho ea hau.

81 ka baka leo ka potlako ngollang New York ‘me le ngole ho latela seo le tlang ho se bitsetsoa ke Moea; ‘me ke tla nolofatsa lipelo tsa bao le ba kolotang, hore li tle li tlosoe likelellong tsa bona ho tlisa mahlomola ho lona.

82 ‘Me ha feela le ikokobelitse ‘me le ts’epahala ‘me le bitsa lebitso la ka, bonang, ke tla le neha tlholo.

83 Ke le neha ts’episo, hore le tla pholosoa nakong ena litlamong tsa lona.

84 Ha feela le fumana monyetla oa ho kalima chelete ka makholo, kapa ka likete, esita le ho fihlela le tla kalima e lekaneng ho itokolla litlamong, ke tokelo ea lona.

85 ‘Me le itlame ka thepa eo ke e behileng matsohong a lona, ha ‘ngoe, ka ho fana ka mabitso a lona ka tumellano kapa ka mokhoa o mong, joaloka ha ho tla bonahala ho le molemo ho lona.

86 Ke fana ka monyetla oona ho lona, ha ‘ngoe; ‘me bonang, haeba le tsoelapele ho etsang lintho tseo ke li behileng ka pele ho lona, ho latela litaelo tsa ka, lintho tsena tsohle ke tsa ka, ‘me le ba hlokomeli ba ka, ‘me monghali a ke ke a lumella ntlo ea hae e helehe. Esita le joalo. Amen.