Karolo ea 106
Ts’enolo e faoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 25 Pulungoana 1834. Ts’enolo ena e lebisitsoe ho Warren A. Cowdery, moholoane oa Oliver Cowdery.
1–3, Warren A. Cowdery o bitsoa e le ofisiri ea lehae e okametseng; 4–5, Ho tla Lekhetlo la Bobeli ho ke ke ha oela ka sehloho ho bana ba leseli joalo ka lesholu; 6–8, Litlhohonolofatso tse kholo li latela bosebeletsi bo ts’epahalang ka Kerekeng.
1 Ke thato ea ka hore mohlanka oa ka Warren A. Cowdery o lokela ho behoa matsoho e le moprista e moholo ea okametseng kereke ea ka; lefats’eng la Freedom le tikolohong tse pota-potileng;
2 ‘Me o lokela ho phatlalatsa evangeli ea ka e sa feleng, le ho phahamisa lentsoe la hae ‘me a lemose batho, eseng feela sebakeng sa habo, empa le linaheng tse bapileng.
3 ‘Me a nehele nako ea hae eohle ho pitso ena e phahameng ‘me e halalelang, eo ke mo fang eona hajoale, a batle ka tieo ‘muso oa leholimo le ho loka ha oona, ‘me lintho tsohle tse hlokahalang li tla eketsoa ho eena; hobane mosebeletsi o ts’oaneloa ke moputso oa hae.
4 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, ho tla ha Morena ho haufi, ‘me ho tla oela ka sehloho lefats’e joaloka lesholu bosiu—
5 Ka baka leo, tlamang matheka a lona, hore le ke le be bana ba leseli, ‘me letsatsi leo le ke ke la le oela ka sehloho joaloka lesholu.
6 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, ho ne ho e-na le nyakallo leholimong ha mohlanka oa ka Warren a inamela lere la ka, ‘me a ikarohanya le mesebetsi ea batho;
7 Ka baka leo, ho lehlohonolo mohlanka oa ka Warren, hobane ke tla ba le mohau ho eena; ‘me, ho sa natsoe bosaoana bo pelong ea hae, ke tla mo phahamisa ha feela a ikokobetsa ka pel’a ka.
8 ‘Me ke tla mo neha mohau le netefatso moo a ka emang teng; ‘me haeba a tsoelapele ho ba paki e ts’epahalang le leseli ho kereke, ke lokisitse moqhaka bakeng sa hae tlung ea Ntate. Esita le joalo. Amen.