Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 94


Karolo ea 94

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 2 Phato 1833, e hlalosang moralo oa Kirtland, setereke se seholo sa Sione, le ho khetha Hyrum Smith, Reynolds Cahoon, le Jared Carter e le komiti ea khaho ea Kereke.

1–9, Morena o fana ka taelo mabapi le ho aha ntlo bakeng sa mosebetsi oa Boetapele; 10–12, Ntlo ea khatiso e lokela ho ahoa; 13–17, Mafa a itseng a ajoa.

‘Me hape, kannete ke re ho lona, metsoalle ea ka, ke le nea taelo, hore le tla qala mosebetsi oa ho rala le ho lokisetsa qalo le motheo oa motse oa setereke se seholo sa Sione, mona lefats’eng la Kirtland, le qala ka ntlo ea ka.

‘Me bonang, e tlameha ho etsoa ho latela moralo oo ke le neileng oona.

‘Me sets’a sa pele se ka boroa se ke se nyeheloe ho ‘na bakeng sa ho aha ntlo ea boetapele, bakeng sa mosebetsi oa boetapele, oa ho fumana ts’enolo; le bakeng sa boruti ba boetapele, linthong tsohle tse amanang le kereke le ‘muso.

Kannete ke re ho lona, hore ho tla ahoa litsoe tse mashome a mahlano a metso e mehlano le mashome a ts’eletseng a metso e mehlano ka bophara ba eona le bolelele ba eona, lebaleng le ka hare.

‘Me ho tla ba le lekhotla le tlase le lekhotla le phahameng, ho latela moralo o tlang ho fanoa ho lona kamorao ho mona.

‘Me e tla neheloa ho Morena ho tloha motheong oa eona, ho latela taelo ea boprista, ho latela moralo o tlang ho fanoa ho lona kamorao ho mona.

‘Me e tla neheloa ka botlalo ho Morena bakeng sa mosebetsi oa boetapele.

‘Me le se ke la lumella ntho efe kapa efe e sa hloekang ho kena ka ho eona; ‘me khanya ea ka e tla ba teng, le sefahleho sa ka se tla ba teng.

Empa haeba ho tla kena ka ho eona ntho efe kapa efe e sa hloekang, khanya ea ka e ke ke ea e-ba teng; ‘me le sefahleho sa ka se ke ke sa e-ba ka ho eona.

10 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, sets’a sa bobeli ka boroa se tla neheloa ho ‘na bakeng sa ho haha ntlo ea ka, bakeng sa mosebetsi oa ho hatisa phetolelo ea mangolo a ka, le lintho tsohle tseo ke tla le laela tsona.

11 ‘Me e tla ba litsoe tse mashome a mahlano a metso e mehlano ka bophara ba eona le bolelele ba eona, ka lebaleng le ka hare; ‘me ho tla ba lebala le ka tlase le le kaholimo.

12 ‘Me ntlo ena e tla neheloa ka botlalo ho Morena ho tloha motheong oa eona, bakeng sa mosebetsi oa ho hatisa, linthong tsohle tseo ke tlang ho le laela tsona, e be e halalelang, e sa silafalang, ho latela moralo linthong tsohle joaloka ha o tla fanoa ho lona.

13 ‘Me sets’eng sa boraro mohlanka oa ka Hyrum Smith o tla fumana lefa la hae.

14 ‘Me sets’eng tsa pele le sa bobeli ka leboea mohlanka oa ka Reynolds Cahoon le Jared Carter ba tla fumana mafa a bona—

15 Hore ba ke ba etse mosebetsi oo ke ba abetseng oona, ho ba komiti ea khaho ea matlo a ka, ho latela taelo, eo ‘na, Morena Molimo, ke e faneng ho lona.

16 Matlo ana a mabeli a se ke a ahoa ho fihlela ke fana ho lona taelo malebana le ‘ona.

17 ‘Me joale ha ke sa tla le nea letho ka nako ena. Amen.