Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 15


Karolo ea 15

Ts’enolo e fanoeng ka moporofeta Joseph Smith ho John Whitmer, Fayette, New York, Phuptjane 1829 (bona selelekela sa karolo ea 14). Molaetsa oona o haufi ’me o tsoteha haholo hobane Morena o bolela se tsejoang ke eena le John Whitmer feela. John Whitmer hamorao o ile a fetoha e mong oa lipaki tse robeli tsa Buka ea Mormone.

1–2, Letsoho la Morena le holim’a lefats’e lohle; 3–6, Ho ruta evangeli le ho pholosa meea ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.

Mamela, mohlanka oa ka John, ’me mamela mantsoe a Jesu Kreste, Morena oa hau le Molopolli oa hau.

Hobane bona, ke bua le uena ka bohale le ka matla, hobane letsoho la ka le holim’a lefats’e lohle.

’Me ke tla u bolella seo ho seng motho ea se tsebang ntle le ’na le uena feela—

Hobane ka linako tse ngata u batlile ho ’na ho tseba se tlang ho ba bohlokoa ka ho fetisisa ho uena.

Bona, u lehlohonolo ka lebaka la ntho ena, le ho bua mantsoe a ka ao ke u fileng ’ona ho latela litaelo tsa ka.

’Me joale, bona, ke re ho uena, hore ntho eo e tlang ho ba bohlokoa ka ho fetisisa ho uena e tla ba ho phatlalatsa pako ho sechaba sena, hore u ke u tlise meea ho ’na, hore u ke u phomole le bona ’musong oa Ntate. Amen.