Karolo ea 80
Ts’enolo e fanoeng ka Joseph Smith Moporofeta ho Stephen Burnett, Hiram, Ohio, ka la 7, Tlhakubele 1832.
1–5, Stephen Burnnett le Eden Smith ba bitsetsoa ho ruta sebakeng sefe kapa sefe seo ba se khethang.
1 Kannete, ho rialo Morena ho mohlanka oa ka Stephen Burnnett: E ea ka lefats’e u rute evangeli ho sebopuoa se seng le se seng se tlang tlasa molumo oa lentsoe la hau.
2 ’Me hobane u batla molekane, ke tla u fa mohlanka oa ka Eden Smith.
3 Ka baka leo, tsamaeang ’me le rute evangeli ea ka, ebang ke ho ea leboea kapa ho ea boroa, ho ea bochebela kapa ho ea bophirima, ha ho natsehe hobane le ke ke la etsa phoso.
4 Ka baka leo, phatlalatsang lintho tseo le li utloileng, ‘me kannete le lumela, ‘me le tseba hore ke ‘nete.
5 Bonang, sena ke thato ea ea le bitsitseng, Molopolli oa lona, esita le Jesu Kreste. Amen.