Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 108


Karolo ea 108

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 26 Ts’itoe 1835. Karolo ena e ne e amoheloe ka kopo ea Lyman Sherman, ea neng a ile a behoa pele e le e mong oa baokameli ba supileng oa ba Mashome a Supileng ‘me ea neng a ile a tla ho Moporofeta ka kopo bakeng sa ts’enolo ho tseba mosebetsi oa hae.

1–3, Lyman Sherman o ts’oaretsoe libe tsa hae; 4–5, O tla balelloa le baholo ba tsamaisang Kereke; 6–8, O bitsoa ho ruta evangeli le ho matlafatsa baena.

Kannete joana ho rialo Morena ho uena, mohlanka oa ka Lyman: Libe tsa hau li ts’oaretsoe hobane o ile oa mamela lentsoe la ka ka ho tla mona hoseng hona ho fumana keletso ho tsoa ho eena eo ke mo khethileng.

Ka baka leo, lesa moea ua hau u phomole malebana le boemo ba hau ba moea, ‘me u se ke ua hlola u hanyetsa lentsoe la ka.

‘Me tsoha ‘me u be hlokolosi haholo ho tloha joale ka ho boloka likano tsa hau, tseo u ileng ua li etsa le tseo u li etsang, ‘me u tla hlohonolofatsoa ka litlhohonolofatso tse kholo ka ho fetisisa.

Ema ka mamello ho fihlela kopano e halalelang e tla bitsoa ke bahlanka ba ka, ebe u tla hopoloa har’a baholo ba ka ba pele, ‘me u tla fumana tokelo ka peho le baholo ba bang ba ka bao ke ileng ka ba khetha.

Bona, ena ke ts’episo ea Ntate ho uena haeba u tsoelapele ho ts’epahala.

‘Me e tla phethahala holim’a hau ka letsatsi lane leo u tlang ho ba le tokelo ea ho ruta evangeli ea ka hohle moo ke tlang ho u roma, ho tloha ha joale nakong eo.

Ka baka leo, matlafatsa baena ba hau lipolelong tsohle tsa hau, lithapelong tsohle tsa hau, litlhalosong tsohle tsa hau, ‘me le liketsong tsohle tsa hau.

Talima, ‘me u bone, ke na le uena ho u hlohonolofatsa le ho u lopolla ka ho sa feleng. Amen.