Karolo ea 84
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 22 le la 23 Loetse 1832. Ka khoeli ea Loetse, baholo ba ne ba qalile ho khutla thomong ea bona linaheng tse bochabela le ho etsa litlaleho tsa mesebetsi ea bona. Ke nakong eo ba neng ba le ‘moho ka nako ea nyakallo ha puisano e latelang e amoheloa. Moporofeta o ile a e khetha e le ts’enolo mabapi le boprista.
1–5, Jerusalema e ncha le tempele li tla ahoa Missouri; 6–17, Tatellano ea boprista ho tloha ho Moshe ho isa ho Adama ea fanoa; 18–25, Boprista bo boholo bo ts’oere senotlolo sa tsebo ea Molimo; 26–32, Boprista bo bonyenyane bo ts’oere senotlolo sa bosebeletsi ba mangeloi le evangeli ea tlhophisetso; 33–44, Batho ba fumana bophelo ba bosafeleng ka kano ea sebele le selekane sa boprista; 45–53, Moea oa Kreste o chabisetsa batho, ‘me lefats’e le lutse sebeng; 54–61, Bahalaleli ba tlameha ho paka ka lintho tseo ba li amohetseng; 62–76, Ba lokela ho ruta evangeli, ‘me mats’oao a tla latela; 77–91, Baholo ba lokela ho tsamaea ba sa nka mokotlana oa chelete kapa mokotla oa mofao, ‘me Morena o tla ba hlokomela ka litlhoko tsa bona; 92–97, Seoa le lithohako li emetse ba hanang evangeli; 98–102, Pina e ncha ea topollo ea Sione ea fanoa; 103–110, Etsang hore e mong le e mong a eme ofising ea hae, ‘me a sebeletse pitso ea hae; 111–120, Bahlanka ba Morena ba lokela ho phatlalatsa manyala a lesupi la matsatsi a ho qetela.
1 Ts’enolo ea Jesu Kreste ho mohlanka oa hae Joseph Smith le baholo ba ts’eletseng, ha ba kopane lipelong tsa bona ‘me ba phahamiselitse mantsoe a bona holimo.
2 Ee, lentsoe la Morena malebana le kereke ea hae, e thehiloeng matsatsing a ho qetela bakeng sa tsosoloso ea batho ba hae, joaloka ha a buile ka melomo ea baporofeta ba hae, le bakeng sa pokello ea bahalaleli ba hae ho ema thabeng ea Sione, eo e tlang ho ba motse oa Jerusalema e ncha.
3 Motse oo o tlang ho ahoa, qalong sets’eng sa tempele, se khethiloeng ke monoana oa Morena, meeling e ka bophirima ho lefats’e la Missouri, ‘me sa hlohonolofatsoa ka letsoho la Joseph Smith, le ba bang bao Morena a neng a khahliloe ke bona.
4 Kannete, lena ke lentsoe la Morena, hore motse oa Jerusalema e Ncha o tla ahoa ka ho bokelloa ha bahalaleli, ho qala sebakeng sena, esita le sebaka sa tempele, tempele e tlang ho ahoa molokong ona.
5 Hobane kannete moloko ’ona ohle o ke ke oa feta ho fihlela ho ahoa ntlo bakeng sa Morena, ’me leru le tla phomola holim’a eona, leru le tlang ho ba esita le khanya ea Morena, e tlang ho tlala ka hare ho ntlo.
6 ’Me bara ba Moshe, ho ea ka Boprista bo Halalelang boo a ileng a bo amohela tlasa letsoho la mohoe oa hae, Jethro;
7 ’Me Jethro o bo amohetse tlas’a letsoho Kalebe;
8 ’Me Kalebe o bo amohetse tlas’a letsoho la Elihu;
9 ’Me Elihu tlas’a letsoho la Jeremy;
10 ’Me Jeremy tlas’a letsoho la Gade;
11 ’Me Gade tlas’a letsoho la Esaia;
12 ’Me Esaia o le amohetse tlas’a letsoho la Molimo.
13 Esaia le eena o ne a phela mehleng ea Abrahama, ’me o ile a hlohonolofatsoa ke eena—
14 Abrahama ea ileng a amohela boprista ho Melkisedeke, ea ileng a bo amohela ka moloko oa bo-ntat’ae, esita le ho fihla ho Noe;
15 Le ho tloha ho Noe ho isa ho Henoke, ka moloko oa bo-ntata bona;
16 Le ho tloha ho Henoke ho isa ho Abele, ea ileng a bolaoa ka morero o mobe oa ngoan’abo, ea ileng a amohela boprista ka litaelo tsa Molimo, ka letsoho la ntat’ae Adama, eo e neng e le motho oa pele—
17 Boprista boo bo ntseng bo tsoela pele ka hare ho kereke ea Molimo melokong eohle, ‘me ha bo na qaleho ea matsatsi kapa qetello ea lilemo.
18 ’Me Morena o ile a tiisa boprista hape ho Aarone le peo ea hae, melokong ea bona eohle, boprista boo bo ntseng bo tsoela pele ebile bo hlola ka ho sa feleng le boprista bo latelang taelo ea Molimo e halalelang ka ho fetisisa.
19 ’Me boprista bona bo boholo bo tsamaisa evangeli ebile bo ts’oere senotlolo sa liphiri tsa ‘muso, esita le senotlolo sa tsebo ea Molimo.
20 Ka baka leo, lits’ebeletsong tsa bona, matla a bomolimo a ea bonahala.
21 ’Me ntle le lits’ebeletso tseo, le matla a boprista, matla a bomolimo ha a bonahale bathong ba nama.
22 Hobane kantle ho sena ha ho motho ea ka bonang sefahleho sa Molimo, esita le Ntate, ‘me a phele.
23 Joale Moshe o rutile sena phatlalatsa ho bana ba Iseraele lefeelleng, a batla ka mafolofolo ho halaletsa sechaba sa hae hore se tle se bone sefahleho sa Molimo;
24 Empa baile ba thatafatsa lipelo tsa bona ‘me ba sitoa ho mamella boteng ba hae; ka baka leo, Morena bohaleng ba hae, hobane khalefo ea hae e ile ea tuka khahlanong le bona, a ikana hore ba ke ke ba kena phomolong ea hae ha ba le lefeelleng, phomolo eo e leng khanya ea hae e feletseng.
25 Ka baka leo, o ile a tlosa Moshe kahare ho bona, hape le Boprista bo Halalelang;
26 ’Me boprista bo bo nyenyane bo ile ba tsoelapele, boprista boo bo ts’oereng senotlolo sa bosebeletsi ba mangeloi le evangeli ea boitlhophisetso;
27 Evangeli eo e leng evangeli ea pako le kolobetso, le tlhatsuo ea libe, le molao oa litaelo tsa nama, oo Morena ka bohale ba hae a ileng a etsa hore o tsoelepele le ba ntlo ea Aarone har’a bana ba Iseraele ho fihlela ho Johanne, eo Molimo a ileng a mo phahamisa, a tletse Moea o Halalelang ho tloha popelong ea ’ma’e.
28 Hobane o ile a kolobetsoa e sa le ngoana, ‘me a behoa matsoho ke lengeloi la Molimo ha a le matsatsi a robeli ho ea ka matla ana, ho felisa ‘muso oa Ba-juda, le ho lokisa tsela ea Morena ka pele ho sefahleho sa sechaba sa hae, ho ba lokisetsa ho tla ha Morena, eo letsohong la hae ho fanoeng matla ‘ohle.
29 ’Me hape, liofisi tsa moholo le mobishopo ke litlatsetso tse hlokahalang tse amanang le boprista bo phahameng.
30 ’Me hape, liofisi tsa moruti le motiakone ke litlatsetso tse hlokahalang tse amanang le boprista bo bonyenyane, boprista bo ileng ba tiisoa ho Aarone le bara ba hae.
31 Ka baka leo, joaloka ha ke boletse malebana le bara ba Moshe—hobane bara ba Moshe le bara ba Aarone ba tla nyehela ka nyehelo e amohelehang le sehlabelo ka tlung ea Morena, ntlo e tlang ho aheloa Morena melokong ena, sebakeng se halalelitsoeng seo ke se khethileng—
32 ’Me bara ba Moshe le ba Aarone ba tla tlala khanya ea Morena, thabeng ea Sione ka tlung ea Morena, bao le leng bara ba bona; hape le ba bang ba bangata bao ke ba bitsitseng le ho ba romela ho aha kereke ea ka.
33 Hobane mang kapa mang ea ts’epahalang ho fumana boprista bona ka bobeli boo ke buileng ka bona, le ho holisa pitso ea bona, ba halaletsoa ke Moea ho nchafatso ea ‘mele ea bona.
34 Ba fetoha bara ba Moshe le ba Aarone, le peo ea Abrahama, le kereke le ‘muso, le bakhethoa ba Molimo.
35 ’Me hape le bohle ba amohelang boprista ba amohela ‘na, ho rialo Morena;
36 Hobane ea amohelang bahlanka ba ka o amohela ‘na;
37 ’Me ea nkamohelang o amohela Ntate;
38 ’Me ea amohelang Ntate o amohela ‘muso oa Ntate; ka lebaka leo tsohle tseo Ntate a nang le tsona li tla fanoa ho eena.
39 ’Me sena ke hoea ka kano le selekane tseo e leng tsa boprista.
40 Ka baka leo, bohle ba amohelang boprista, ba amohela kano le selekane sena sa Ntate, seo a ke keng a se roba, leha e le se ke keng sa sisinngoa.
41 Empa mang kapa mang ea robang selekane sena kamor’a hore a se amohele, ‘me a se furalla ka ho feletseng, a ke ke a fumana ts’oarelo ea libe lefats’eng lena kapa lefats’eng le tlang.
42 ’Me ho malimabe ho bohle ba sa atameleng boprista bona boo le bo amohetseng, boo joale ke bo tiisang ho lona ba teng ka letsatsi lena, ka lentsoe la ka le tsoang maholimong; ‘me joaloka ha ke fane ka taelo ho makhotla a leholimo le ho mangeloi a ka malebana le lona.
43 ’Me joale ke le fa taelo hore le itlhokomele, le mamelise ka hloko mantsoe a bophelo bo sa feleng.
44 Hobane le tla phela ka lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.
45 Hobane lentsoe la Morena ke ’nete, ’me eng kapa eng eo e leng ’nete ke leseli, ’me eng kapa eng eo e leng leseli ke Moea, esita le Moea oa Jesu Kreste.
46 ’Me Moea o fa leseli ho motho e mong le e mong ea tlang lefats’eng; ‘me Moea o chabisetsa motho e mong le e mong lefats’eng, ea mamelang lentsoe la Moea.
47 ’Me e mong le e mong ea mamelang lentsoe la Moea o tla ho Molimo, esita le ho Ntate.
48 ’Me Ntate o mo ruta ka selekane seo a se nchafalitseng le ho se tiisa holim’a lona, se tiisitsoeng holim’a lona molemong oa lona, eseng molemong oa lona feela, empa le molemong oa lefats’e lohle.
49 ’Me lefats’e lohle le lutse sebeng, ‘me le lla ka tlase ho lefifi le ka tlase litlamong tsa sebe.
50 ’Me ka sena le ka tseba hore ba ka tlas’a litlamo tsa sebe, hobane ha ba tle ho ’na.
51 Hobane ea sa tleng ho ’na o tlas’a litlamo tsa sebe.
52 ’Me ea sa amoheleng lentsoe la ka ha a tsebe lentsoe la ka, ’me hase oa ka.
53 ’Me ka tsena le tla tseba ba lokileng ho bakhopo, ’me lefats’e lohle le lumaela tlasa sebe le lefifi e sita le joale.
54 ’Me mehopolo ea lona nakong e fetileng e ne e fifetse ka lebaka la ho se lumele, le ka lebaka la hore le nkile ha nyenyane lintho tseo le li amohetseng—
55 ’Me boikhohomoso le ho se lumele li tlisitse kereke eohle tlas’a kotlo.
56 ’Me kotlo ena e lutse holim’a bana ba Sione, e sita le bohle.
57 ’Me ba tla sala tlas’a kotlo ena ho fihlela ba baka ‘me ba hopola selekane se secha, esita le Buka ea Mormone le litaelo tsa pele tseo ke ba fileng tsona, e seng feela ho buoa, empa ba etse ho latela seo se ngotsoeng—
58 E le hore ba tle ba hlahise litholoana tse ts’oanelang ‘Muso oa Ntat’a bona; haeba ho se joalo ho sala kotlo le kahlolo ho ts’olleloa holim’a bana ba Sione.
59 Hobane na bana ba ’muso ba tla silafatsa lefats’e le halalelang? Kannete, ke re ho lona, che.
60 Kannete-nete, ke re ho lona bao ha joale le utloang mantsoe a ka, ao e leng polelo ea ka, le lehlohonolo ha feela le amohela lintho tsena;
61 Hobane ke tla le ts’oarela libe tsa lona ka taelo ena—e le hore le lule le tsitsitse likelellong tsa lona ka bohalaleli le moeeng oa thapelo, ha le fana ka bopaki ho lefats’e lohle ka lintho tseo le li bolelloang.
62 Ka baka leo, e eang ka lefats’e lohle; ‘me sebakeng se fe kapa se fe seo le sitoang ho ea ho sona, le tla romela bopaki ba lona, hore bopaki bo tsoe ho lona bo ee lefats’eng lohle ho ea fihla ho sebopuoa se seng le se seng.
63 ’Me ke boletse ho baapostola ba ka, esita le joalo ke re ho lona, hobane le baapostola ba ka, esita le baprista ba baholo ba Molimo; le bao Molimo a ‘neileng bona; le metsoalle ea ka;
64 Ka baka leo, joaloka ha ke boletse ho baapostola ba ka ke re ho lona hape, moea o mong le omong o lumelang mantsoeng a lona, ‘me a kolobetsoa ka metsi bakeng sa tlhatsuo ea libe, o tla fumana Moea o Halaleng.
65 ’Me mats’oao ana a tla latela bao ba lumelang—
66 Ka lebitso la ka ba tla etsa mesebetsi e mengata e babatsehang;
67 Ka lebitso la ka ba tla leleka batemona;
68 Ka lebitso la ka ba tla folisa ba kulang;
69 Ka lebitso ba tla tutubolla lifofu, ‘me ba thibolle litsebe tsa litholo;
70 ’Me leleme la semumu le tla buoa;
71 ’Me leha motho o fe kapa o fe a ka ba noesa chefo ha e ka ke ea ba etsa letho;
72 ’Me mahloko a nooa ha ana hoba le matla a ho ba hlokofatsa.
73 Empa taelo ke e nea bona, hore ba se ke ba ithorisa ka lintho tsena, leha e le ho li buoa ka pele ho lefats’e; hobane lintho tsena le li filoe molemong oa lona le pholoho ea lona.
74 Kannete-nete, ke re ho lona, bao ba sa lumeleng mantsoeng a lona, ‘me ba sa kolobetsoe ka metsi ka lebitso la ka, bakeng sa tlhatsuo ea libe, hore ba ka amohela Moea o Halalelang, ba tla tsuoa, ‘me ba ke ke ba tla ‘musong oa Ntate moo Ntate le ‘Na re leng teng.
75 ’Me ts’enolo ena ho lona, le taelo, li sebetsa ho tloha horeng eona ena ho ea lefats’eng lohle, ‘me evangeli ke bakeng sa bohle ba so e amohele.
76 Empa, kannete ke re ho bohle bao ‘muso o fanoeng ho bona—ho tloha ho lona e tlameha ho rutoa ho bona, hore ba tla baka mesebetsing ea bona e mebe ea khale; hobane ba lokela ho khalemelloa lipelo tsa bona tse mpe tse sa lumeleng, le baena ba lona ba Sione ka lebaka la bofetoheli ba bona khahlanong le lona nakong eo ke neng ke le romile ka eona.
77 ‘Me hape ke re ho lona, metsoalle ea ka, hobane ho tloha joale ke tla le bitsa metsoalle, ho ntoketse hore ke lefe taelo ena, hore le fetohe metsoalle ea ka matsatsing ao ke neng ke e-na le bona, ke tsamaea ho ea ruta evangeli ka matla a ka;
78 Hobane ha kea ka ka ba lumella ho ba le mokotla oa chelete kapa mofao, leha e le liaparo tse peli.
79 Bonang, ke le roma ho ea kholisa lefats’e, ‘me ea sebetsang o loketsoe ke moputso.
80 ’Me mang kapa mang ea tla tsamaea a ruta evangeli ena ea ‘muso, ‘me a sa hlolehe ho tsoelapele ka bots’epehi linthong tsohle, a ke ke a tepella kelellong, leha e le ho fifala, leha e le ‘meleng, setho sa ‘mele, kapa manonyeletso; le moriri o le mong hloohong ea hae o ke ke oa oela fats’e o sa hlokomelehe. ‘Me ba ke ke ba lapa, leha e le ho nyoroa.
81 Ka baka leo, le se ke la ts’oenyeha ka hosasane, ka seo le tla se ja, kapa seo le tla se noa, kapa ka seo le tla se apara.
82 Hobane, lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li holang ka teng; ha li sebetse, leha e le ho ohla; ’me mebuso ea lefats’e, ka bokhabane bohle ba eona, ha ea khabisoa joaloka e ’ngoe ea tsena.
83 Hobane Ntat’a lona, ea maholimong, o tseba hore le na le tlhoko ea lintho tsena.
84 Ka baka leo, lesang hosasane e itlhokomele ka bo eona.
85 Le se ke la ts’oenyeha esale pele ka seo le tlang ho se bua; empa le boloke mantsoe a bophelo lipelong tsa lona kamehla, ‘me ho tla fanoa ho lona karolo e loketseng motho e mong le e mong.
86 Ka baka leo, le seke la lumella motho har’a lona, hobane taelo ena ke ea bohle ba ts’epahalang ba bitsitsoeng ke Molimo ka har’a kereke hore ba sebeletse, ho tloha ka hora ena ho nka mokotla oa chelete kapa mofao, ba rometsoeng ho phatlalatsa Evangeli ena ea ’Muso.
87 Bonang, ke le romela ho khalema lefats’e ka liketso tsohle tsa lona tse sa lokang, le ho ba ruta ka kahlolo e tlang ho tla.
88 ’Me mang le mang ea le amohelang, moo ke tla ba teng le ‘na, hobane ke tla tsamaea ka pele ho sefahleho sa lona. Ke tla ba ka letsohong la lona le letona le ka ho le lets’ehali, ‘me Moea oa ka o tla ba ka lipelong tsa lona, le mangeloi a ka a le pota-potile, ho le ts’ehetsa.
89 Mang le mang ea le amohelang o amohela ’na; ’me ea joalo o tla le fepa, ’me a le apese, ’me a le fe chelete.
90 ’Me eo ea le fepang, kapa a le apesa, kapa a le fa chelete, ha ho kamoo a ka lahleheloang ke moputso oa hae.
91 ’Me ea sa etseng lintho tsena hase morutuoa oa ka; ka sena le ka tseba barutuoa ba ka.
92 Ea sa le amoheleng, tlohang ho eena le le bang ka bolona, le hlatsoe maoto a lona ka metsi, metsi a hloekileng, ebang ke mochesong kapa ke serameng, ‘me le fane ka bopaki ba taba eo ho Ntat’a lona ea maholimong, ‘me le se ke la boela ho motho eo hape.
93 ’Me motsana kapa motse ofe kapa ofe oo le kenang ho ‘ona, le etse ka tsela e ts’oanang.
94 Leha ho le joalo, batlang ka ho tiiea ‘me le se ke la tsilatsila ‘me ho malimabe ntlo eo, kapa motsana kapa motse o le latolang, kapa mantsoe a lona, kapa bopaki ba lona ka ‘na.
95 Ho malimabe, ke pheta hape, tlung eo, kapa motsana kapa motse o le latolang, kapa mantsoe a lona, kapa bopaki ba lona ka ‘na.
96 Hobane ‘na, Ea Matla ‘Ohle, ke behile matsoho a ka holim’a lichaba, ho li otla ka lebaka la bokhopo ba tsona.
97 ‘Me mafu a seoa a tla pharalla, ‘me a ke ke a tlosoa lefats’eng ho fihlela ke qetile mosebetsi oa ka, o tla khutsufatsoa ka ho loka—
98 Ho fihlela bohle ba tla ntseba, bao ba setseng, esita le ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo-holo, ‘me ba tla tlatsoa ka tsebo ea Morena, ‘me ba tla bona leihlo ho leihlo, ‘me ba phahamise mantsoe a bona, ‘me ka lentsoe le le leng ba bine pina ena e ncha, ba re:
99 Morena o tlisitse Sione hape;Morena o lopollotse sechaba sa hae, Iseraele,Ho latela khetho ea mohau,E ileng ea phethahala ka tumeloLe selekane sa bo-ntat’a bona.
100 Morena o lopollotse sechaba sa hae;’Me Satane o tlamiloe ‘me nako ha e sa le eo.Morena o bokelletse lintho tsohle hammoho.Morena o theotse Sione holimo.Morena o phahamisitse Sione ho tloha tlase.
101 Lefats’e le utloile bohloko ba pelehi, ‘me la tsoala matla a lona;’Me ‘nete e thehiloe maleng a lona;’Me maholimo a ile a bososela khanyeng ea hae;’Me o apesitsoe ka khanya ea Molimo oa hae;Hobane o ema kahare ho sechaba sa hae.
102 Khanya, le tlotla, le matla, le sefutho.Li isoe ho Molimo; hobane o lereko,Toka, mohau le ‘nete, le khotso,Kamehla le ka mehla, Amen.
103 ’Me hape, kannete-nete, ke re ho lona, hoa lokeleha hore motho e mong le e mong ea tsamaeang ho phatlalatsa evangeli ea ka e sa feleng, hore ha feela ba e-na le malapa, ’me ba amohela chelete e le mpho, ba e romelle ho bona kapa ba e sebelise molemong oa bona, joaloka ha Morena a tla ba tataisa, hobane ke joana ho bonahalang ho le molemo ho ’na.
104 ’Me etsang hore bohle ba se nang malapa, ba amohelang chelete, ba e romelle ho moprista e Moholo Zione, kapa ho moprista e Moholo Ohio, hore e ka nyeheloa bakeng sa ho tlisa ts’enolo le khatiso ea tsona, le ho theha Zione.
105 ’Me haeba motho ofe kapa ofe a ka le fa seaparo kapa seaparo sa mekhabo, nkang sa khale le se lahlele ho mafutsana, ebe le tsoela pele tseleng ea lona ka thabo.
106 ’Me haeba motho mang kapa mang har’a lona a le matla Moeeng, etsang hore a nke ea fokolang le eena, e le hore a ke a matlafale ka bonolo bohle, hore le eena a tle a be matla.
107 Ka baka leo, tsamaeang le ba behiloeng matsoho ho boprista bo bonyenyane, le ba romele pele ho lona ho ea etsa nako ea likopano, le ho lokisa tsela, le ho ea likopanong tseo ka bo lona le sitoang ho ea ho tsona.
108 Bonang, ena ke tsela eo baapostola ba ka, matsatsing a khale-khale, ba ileng ba aha kereke ea ka bakeng sa ka.
109 Ka baka leo, etsang hore motho e mong le e mong a eme ofising eo e leng ea hae, ‘me a sebetse pitsong eo e leng ea hae; ‘me le se ke la lumella hore hlooho e re ho maoto ha e na tlhoko ea maoto; hobane kantle ho maoto ke joang, ‘mele o ka emang?
110 Hape ’mele o na le tlhoko ea setho se seng le se seng, hore tsohle li ka matlafatsoa hammoho, hore motheo oo o ka bolokoa o phethahetse.
111 ’Me bonang, baprista ba baholo ba lokela ho eta, hape le baholo, hape le baprista ba banyenyane; empa batiakone le baruti ba lokela ho khetheloa ho hlokomela kereke, hore e be bahlanka ba sa eteng ba kereke.
112 ’Me mobishop, Newel K. Whitney, le eena o lokela hore a ete hopotoloha likereke tsohle, a batlana le mafutsana ao a ka hlokomelang litlhoko tsa bona ka ho kokobetsa barui le baikhohomosi.
113 O lokela hape ho khetha moemeli ea tla ikarabella le ho etsa mesebetsi ea hae ea lefats’e, joaloka ha a tla laela.
114 Leha ho le joalo, etsang hore mobishopo a ee motseng oa New York, hape le motseng oa Albany, le motseng oa Boston, ‘me a lemose sechaba sa metse eo ka molumo oa evangeli, ka lentsoe le phahameng, ka ts’enyeho le timetso e feletseng tse ba emetseng haeba ba ka latola lintho tsena.
115 Hobane haeba ba latola lintho tsena hora ea bona ea kahlolo e atametse, ‘me ntlo ea bona e tla sala e le lesupi.
116 Etsang hore a nts’epe, ‘me a ke ke a soaba; ‘me moriri oa hlooho ea hae o ke ke oa oela fats’e o sa hlokomelehe.
117 ’Me kannete, ke re ho lona, bahlanka ba ka bohle, tsamaeang ho ea kamoo maemo a lona a tla le lumella, lipitsong tsa lona tse fapaneng, ho ea metseng e meholo le e tummeng, le khalemela lefats’e ka toka ka liketso tsohle tsa bona tse sa lokang le tse se nang bomolimo, le hlalose ka ho hlaka le ka kutloisiso manyala a lesupi la matsatsi a ho qetela.
118 Hobane, ka lona ho rialo Morena ea matla ‘ohle, ke tla qhalakanya mebuso ea bona; ha kena ho sisinya lefats’e feela, empa maholimo a tletseng linaleli a tla thothomela.
119 Hobane ’na, Morena, ke beile letsoho la ka ho sebelisa matla a leholimo; lona le ke ke la a bona hajoale, empa ho se ho se hokae ‘me le tla e bona, ‘me le tla tseba hore ke ‘na, le hore ke tla tla ‘me ke buse le sechaba sa ka.
120 Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello. Amen.