Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 86


Karolo ea 86

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 6 Ts’itoe 1832. Ts’enolo ‘ena e ile ea amoheloa ha moporofeta a ntse a hlahloba le ho hlophisa sengoliloeng se sa hatisoang sa phetolelo ea Bibele.

1–7, Morena o fana ka moelelo oa sets’oants’o sa koro le mofoka; 8–11, O hlalosa litlhohonolofatso tsa boprista ho bao e leng majalefa ka molao ho ea ka nama.

1 Kannete, joana ho rialo Morena ho lona bahlanka ba ka, malebana le sets’oants’o sa koro le mofoka:

2 Bonang, kannete ke re, ts’imo e ne e le lefats’e, ‘me baapostola e ne e le bajali ba peo;

3 ’Me eitse hobane ba robale, mohlorisi e moholo oa kereke; mokoenehi, seotsoa, ​​esita le Babylona, ea noesang lichaba tsohle mohope oa hae, bao ka lipelong tsa bona, sera, e leng Satane, ea lutseng ho busa—bonang o jala mofoka; ka baka leo, mofoka o bipetsa koro ‘me o susumelletsa kereke lefeelleng.

4 Empa bonang, matsatsing a ho qetela, esita le joale ha Morena a qala ho hlahisa lentsoe, ‘me lekhaba le mela, ‘me le sa le bonolo—

5 Bonang, kannete ke re ho lona, mangeloi a hooa ho Morena nyene le bosiu, a itokisitse ‘me a emetse ho romeloa ho ea kotula masimo;

6 Empa Morena o re ho ‘ona, le se ke la fothola mofoka ha lekhaba le sa le bonolo (hobane kannete tumelo ea lona ea fokola), esere la boela la senya koro.

7 Ka baka leo, lesang hore koro le mofoka li hole ‘moho ho fihlela kotulo e butsoitse ka botlalo; joale le tla qala pele ka ho bokella koro har’a mofoka, ‘me ka mor’a ho bokelloa ha koro, talimang ‘me le bone, mofoka o tlanngoe ka mangata, ‘me ts’imo e setse hore e chesoe.

8 Ka baka leo, joana ho rialo Morena ho lona, bao boprista bo ‘nileng ba tsoelapele ka leloko la bo-ntat’a lona—

9 Hobane le majalefa ka molao, ho ea ka nama, ‘me le patiloe ho lefats’e le Kreste ho Molimo—

10 Ka baka leo bophelo ba lona le boprista li ntse li setse, ‘me li lokela ho sala ka lona le leloko la lona ho fihlela tsosoloso ea lintho tsohle tse builoeng ka melomo ea baporofeta bohle ba halalelang ho tloha ha lefats’e le thehoa.

11 Ka baka leo, le lehlohonolo haeba le tsoelapele molemong oa ka, joaloka leseli ho Balichaba, ‘me ka boprista bona, joaloka mopholosi ho sechaba sa ka sa Iseraele. Morena o rialo. Amen.