Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 8


Karolo ea 8

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Oliver Cowdery, Harmony, Pennsylvania, ka ’Mesa 1829. Nakong ea phetolelo ea Buka ea Mormone, Oliver Cowdery ea neng a ntse a tsoelapele ho sebeletsa e le mongoli, a ngola seo a se bitsetsoang ke moporofeta, o ne a lakatsa ho hlohonolofatsoa ka neo ea ho fetolela. Morena o ile a araba thapeli ea hae ka ho fana ka ts’enolo ena.

1–5, Ts’enolo e tla ka matla a Moea o Halalelang; 6–12, Tsebo ea liphiri tsa Molimo le matla a ho fetolela lingoliloeng tsa khale e tla ka tumelo.

Oliver Cowdery, kannete-nete, ke re ho uena, ruri joaloka ha Morena a phela, eo e leng Molimo ua hau le Molopolli ua hau, esita le ha hole joalo kannete, u tla fumana tsebo ea lintho tsohle tseo u tla li kopa ka tumelo, ka pelo e ts’epahalang, u lumela hore u tla fumana tsebo malebana le lingoliloeng tsa khale, tseo e leng tsa khale-khale, tse ts’etseng mangolo a ka a halalelang a builoeng ka ponahatso ka Moea oa ka.

Ee, bona, ke tla u joetsa mohopolong ua hau le pelong ea hau, ka Moea o Halalelang, oo o tlang ho tla ho uena ’me o tlang ho lula pelong ea hau.

Joale, bona, hona ke moea oa ts’enolo; bona, hona ke moea oo Moshe a ileng a tlisa bana ba Iseraele hore ba tsamaee har’a Leoatle le Lefubelu mobung o omileng.

Ka baka leo, ena ke neo ea hau; e sebelise, ’me u lehlohonolo, hobane e tla u pholosa matsohong a lira tsa hau, ha ho se joalo, ba ne ba ka u bolaea ’me ba tlisa moea ua hau timelong.

Oho, hopola mantsoe ana, ’me boloka litaelo tsa ka. Hopola, ena ke neo ea hau.

Joale ena ha se neo eohle ea hau; hobane u na le neo e ’ngoe, e leng neo ea Aarone; bona, e u bolelletse lintho tse ngata.

Bona, ha ho matla a mang, ntle le matla a Molimo, a ka etsang hore neo ena ea Aarone e be le uena.

Ka baka leo, u se ke ua belaela, hobane ke neo ea Molimo; ’me u tla e ts’oara ka matsoho a hau, ’me u tla etsa mesebetsi e tsotehang; ’me ha ho matla a ka e nkang matsohong a hau, hobane ke mosebetsi oa Molimo.

’Me ka baka leo, eng kapa eng eo u tla nkopa eona hore ke u bolelle ka tsela eo, ke tla u fa eona, ’me u tla ba le tsebo malebana le eona.

10 Hopola hore ntle le tumelo u ke ke ua etsa letho; ka baka leo, kopa ka tumelo. U se ke ua saooa ka lintho tsena; u se ke ua kopa seo u sa lokelang ho se kopa.

11 Kopa hore u ke u tsebe liphiri tsa Molimo, le hore u ke fetolele le ho fumana tsebo e tsoang ho lingoliloeng tsohle tsa khale-khale tse neng li patiloe, tse halalelang; ’me ho latela tumelo ea hau, ho tla etsoa ho uena.

12 Bona, ke ’na ea e buileng; ’me ke ’na ea ts’oanang ea buileng le uena ho tloha qalong. Amen.