Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 103


Karolo ea 103

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 24 Hlakola 1834. Ts’enolo ena e ile ea amoheloa ka letsatsi le le leng la ho fihla Kirtland, Ohio, ha Parley P. Pratt le Lyman Wight, ba neng ba tsoa Missouri ho tla eletsana le Moporofeta mabapi le ho thusa le ho khutlisetsa Bahalaleli metseng ea bona e Jackson County.

1–4, Lebaka leo Morena a ileng a lumella hore Bahalaleli ba Jackson County ba hlorisoe; 5–10, Bahalaleli ba tla hlola haeba ba boloka litaelo; 11–20, Tokollo ea Sione e tla tla ka matla, ‘me Morena o tla etella sechaba sa hae pele; 21–28, Bahalaleli ba lokela ho bokana Sione, ‘me ba tla tela bophelo ba bona ka lebaka la Morena ba tla bo fumana hape; 29–40, Baena ba fapaneng ba bitsoa ho hlophisa Kampo ea Sione le ho ea Sione; ba ts’episoa tlholo haeba ba ts’epahala.

Kannete ke re ho lona, metsoalle ea ka, bonang, ke tla le neha ts’enolo le taelo, hore le ke le tsebe ke joang le tlang ho sebetsa ho phetha mesebetsi ea lona mabapi le poloko le topollo ea baena ba lona, ba qhalakantsoeng lefats’eng la Sione;

Ba lelekiloeng le ho shaptjoa ke matsoho a lira tsa ka, tseo ho tsona ke tla ts’ollela khalefo ea ka ntle ho tekanyo ka nako ea ka.

Hobane ke ba lumelletse ho fihlela mona, hore ba ke ba tlatse ka tekanyo ea bokhopo ba bona, hore senoelo sa bona se ke se tlale;

‘Me hore ba ipitsang ka lebitso la ka ba ke ba khalengoe ha nakoana feela ka khalemo e bohloko le e boima, hobane ha ba ka ba mamela ka botlalo melao le litaelo tseo ke ba nehileng tsona.

Empa kannete ke re ho lona, ke behile molao oo batho ba ka ba tla o phetha ha feela ba ka mamela ho tloha ka hora eona ena keletso eo ‘na, Morena Molimo oa bona, ke tlang ho e fana ho bona.

Bonang ba tla qala ho hlola, hobane ke laetse, lira tsa ka ho tloha ka hora ena.

‘Me ka ho mamela e le ho boloka mantsoe ‘ohle ao ‘na, Morena Molimo oa bona, ke tlang ho a bua ho bona, ba ke ke ba khaotsa ho hlola ho fihlela mebuso eohle ea lefats’e e behoa tlas’a maoto a ka, ‘me lefats’e le fanoa ho bahalaleli hore ba le rue ka ho sa feleng.

Empa ha feela ba sa boloke litaelo tsa ka, ‘me ba sa mamele e le ho boloka mantsoe a ka ‘ohle, mebuso ea lefats’e e tla hlola khahlanong le bona.

Hobane ba ne ba behiloe hore e be leseli ho lefats’e, le hore e be bapholosi ba batho;

10 ‘Me ha feela e se bapholosi ba batho, ba joaloka letsoai le tapileng, ‘me ho tloha ka nako eo ha le sa na thuso, haese ho lahleloa kantle le ho hatakeloa ke batho.

11 Empa kannete ke re ho lona, ke laetse hore baena ba lona ba qhalakaneng ba tla khutlela mafats’eng a lefa la bona, ‘me ba tla aha lithako tsa Sione.

12 Hobane kamorao ho mahlomola a mangata, joaloka ha ke le bolelletse taelong e fetileng, ho tla tlhohonolofatso.

13 Bonang, ena ke tlhohonolofatso eo ke e ts’episitseng kamorao ho mahlomola a lona le mahlomola a baena ba lona—topollo ea lona le topollo ea baena ba lona, esita le ho khutlisetsoa ha bona mafats’eng a Sione, hore ba tiisoe ‘me ba se ke ba hlola ba lahloa.

14 Leha ho le joalo, haeba ba silafatsa lefa la bona, ba tla hloloa; hobane nke ke ka ba hauhela haeba ba silafatsa lefa la bona.

15 Bonang, ke re ho lona, topollo ea Sione e lokela ho tla ka matla;

16 Ka baka leo, ke tla lokisetsa batho ba ka motho ea tla ba etella pele, joaloka ha Moshe a ne a etelletse pele bana ba Iseraele.

17 Hobane le bana ba Iseraele, ‘me le peo ea Abrahama, ‘me le lokela ho nts’oa litlamong ka matla, le ka letsoho le otlolohileng.

18 ‘Me joaloka ha bontat’a lona ba ile ba nts’oa pele, esita le topollo ea Sione e tla ba joalo.

19 Ka baka leo, etsang hore lipelo tsa lona li se ke tsa nyahama, hobane ke re ho lona joaloka ha ke ile ka bolela ho bontat’a lona: mangeloi a ka a tla le etella pele, empa e seng boteng ba ka.

20 Empa ke re ho lona: mangeloi a ka a tla le etella pele, ‘me le boteng ba ka; ‘me ka nako le tla rua lefats’e le letle.

21 Kannete-nete ke re ho lona, mohlanka oa ka Joseph Smith, ke eena motho eo ke mo bapisitseng le mohlanka eo Morena oa ts’imo ea morara a buileng ka eena sets’oants’ong seo ke le nehileng sona.

22 Ka baka leo, e re mohlanka oa ka Joseph Smith, a re ho matla a ntlo ea ka, bahlankana ba ka le ba lilemo tse mahareng—bokanang hammoho lefats’eng la Sione, lefats’eng leo ke le rekileng ka chelete e nyehetsoeng ho ‘na.

23 ‘Me etsang hore likereke tsohle li romele banna ba bohlale le lichelete tsa bona, ‘me ba reke mobu, esita le joaloka ha ke ba laetse.

24 ‘Me ha feela lira tsa ka li tla khahlanong le lona ho le leleka lefats’eng la ka le letle, leo ke le nyehetseng hore e be lefats’e la Sione, esita le ho le leleka mafats’eng a lona kamor’a bopaki bona, boo le bo tlisitseng ka pele ho ‘na khahlanong le bona, le tla ba rohaka;

25 ‘Me mang le mang eo le mo rohakang, ke tla mo rohaka, ‘me le tla nkahlolela lira tsa ka.

26 ‘Me sefahleho sa ka se tla ba le lona, esita le ho iphetetsa bakeng sa ka ho lira tsa ka, ho isa molokong oa boraro le oa bone oa ba ntlhoileng.

27 Etsang hore ho se ke ha e-ba le motho ea ts’abang ho tela bophelo ba hae bakeng sa ka; hobane mang kapa mang ea telang bophelo ba hae bakeng sa ka o tla bo fumana hape.

28 ‘Me e mong le e mong ea sa rateng ho tela bophelo ba hae bakeng sa ka, ha se morutuoa oa ka.

29 Ke thato ea ka hore mohlanka oa ka Sidney Rigdon a phahamise lentsoe la hae liphuthehong tsa linaha tse ka bochabela, a lokisetsa likereke hore li boloke litaelo tseo ke ba nehileng tsona mabapi le ho tsosoloso le topollo ea Sione.

30 Ke thato ea ka hore bahlanka ba ka Parley P. Pratt le Lyman Wight ba se ke ba khutlela lefats’eng la baena ba bona ho fihlela ba fumane lihlopha tse eang lefats’eng ea Sione, ka leshome, kapa ka mashome a mabeli, kapa ka mashome a mahlano, kapa ka lekholo, ho fihlela ba fihla ho palo ea makholo a mahlano a matla a ntlo ea ka.

31 Bonang, ena ke thato ea ka; kopang, ‘me le tla fuoa; empa batho ha se ka mehla ba etsang thato ea ka.

32 Ka baka leo, haeba le sitoa ho fumana makholo a mahlano, batlang ka mafolofolo, hore mohlomong le ka fumana makholo a mararo.

33 ‘Me haeba le sitoa ho fumana makholo a mararo, batlang ka mafolofolo, mohlomong le ka fumana lekholo le le leng.

34 Empa kannete ke re ho lona, taelo ke e fana ho lona, hore le se ke la nyolohela lefats’eng la Sione ho fihlela le fumane lekholo la matla a ntlo ea ka, le tlang ho nyoloha le lona ho ea lefats’eng la Sione.

35 Ka baka leo, joaloka ha ke le bolelletse, kopang ‘me le tla fuoa; rapelang ka tieo hore mohlomong mohlanka oa ka Joseph Smith, a ke a tsamaee le lona, ‘me a okamele kahare ho batho ba ka, ‘me a hlophise ‘muso oa ka lefats’eng le halalelitsoeng, ‘me a thehe bana ba Sione holim’a melao le litaelo tse seng li fanoe le tse tlang ho fanoa ho lona.

36 Tlholo eohle le khanya li tlisoa ho lona ka lebaka la mafolofolo a lona, bots’epehi, le lithapelo tsa tumelo.

37 Etsang hore mohlanka oa ka Parley P. Pratt a nke leeto le mohlanka oa ka Joseph Smith.

38 Etsang hore mohlanka oa ka Lyman Wight a nke leeto le mohlanka oa ka Sidney Rigdon.

39 Etsang hore Mohlanka oa ka Hyrum Smith a nke leeto le mohlanka oa ka Frederick G. Williams.

40 Etsang hore mohlanka oa ka Orson Hyde a ete le mohlanka oa ka Orson Pratt, kae kapa kae moo mohlanka oa ka Joseph Smith, a tla ba eletsa, ho fumana phethahatso ea litaelo tsena tseo ke le nehileng tsona, ‘me a siee masalla matsohong a ka. Esita le joalo. Amen.