Karolo ea 96
Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, ka la 4 Phupu 1833. Ketsahalo e ne e le seboka sa baprista ba baholo, ‘me ‘moko taba e ne e le ho aba mobu o itseng, o neng o tsebahala e le polasi ea French, e neng e le ea Kereke pel’a Kirtland. Ka ha seboka ha sea ka sa lumellana na ke mang ea nkang boikarabello ba polasi, bohle ba ile ba lumellana ho botsa Morena malebana le taba eo.
1, Setereke se seholo sa Kirtland ea Sione se lokela ho etsoa se matla; 2–5, Mobishopo o tla lokela ho arola mafa bakeng sa Bahalaleli; 6–9, John Johnson o tla lokela ho ba setho sa tsamaiso ea bonngoe.
1 Bonang, ke re ho lona, bohlale ke bona, boo ka bona le ka tsebang hore na le etsa joang malebana le taba ena, hobane ho bohlokoa ho ‘na hore setereke sena se seholo seo ke se khethileng bakeng sa matlafalo ea Sione se tle se etsoe se matla.
2 Ka baka leo, etsang hore mohlanka oa ka Newel K. Whitney a nke taolo ea sebaka seo le se boletseng, seo ho sona ke rerileng ho aha ntlo ea ka.
3 ‘Me hape, etsang hore se aroloe hangata, ho latela bohlale, molemong oa bao ba batlang mafa, joaloka ha ho tla qetoa ke lekhotla har’a lona.
4 Ka baka leo, etsang bonnete ba hore le sebetsa taba ena, ‘me karoloana eo e hlokahalang molemong oa tsamaiso ea ka, ka sepheo ka ho tlisa lentsoe la ka ho bana ba batho.
5 Hobane bonang, kannete ke re ho lona, sena se bohlokoa ka ho fetisisa ho ‘na, hore lentsoe la ka le ke le ee ho bana ba batho, ka sepheo sa ho nolofatsa lipelo tsa bana ba batho bakeng sa hau. Esita le joalo. Amen.
6 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, ke bohlale ‘me ho bohlokoa ho ‘na, hore mohlanka oa ka Johnson eo sehlabelo sa hae ke se amohetseng, ‘me eo lithapelo tsa hae ke li utloileng, eo ho eena ke fanang ka ts’episo ea bophelo bo sa feleng ha feela a boloka litaelo tsa ka ho tloha nakong eo—
7 Hobane ke setloholo sa Joseph ‘me ke ea fumanang litlhohonolofatso tsa ts’episo e entsoeng ho bontat’a bona—
8 Kannete ke re ho lona, ho bohlokoa ho ‘na hore e tla ba setho sa tsamaiso, hore a ke a thuse ho tlisa lentsoe la ka ho bana ba batho.
9 Ka baka leo le tla mo beha matsoho ho tlhohonolofatso ena, ‘me o tla batla ka tieo ho tlosa mekoloto e holim’a ntlo e boletsoeng har’a lona, hore le ke le hlole ka hare ho eona. Esita le joalo. Amen.