Karolo ea 93
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 6 Mots’eanong, 1833.
1–5, Bohle ba ts’epahalang ba tla bona Morena; 6–18, Johanne o ile a paka hore Mora oa Molimo o ile a tloha mohaung ho isa mohaung ho fihlela a fumana khanya e feletseng ea Ntate; 19–20, Batho ba ts’epahalang, ba tlohang mohaung ho isa mohaung, le bona ba tla fumana botlalo ba Hae; 21–22, Ba tsoetsoeng ka Kreste ke bona Kereke ea Matsibolo; 23–28, Kreste o ile a fumana ‘nete eohle e tletseng, ‘me motho, ka ho mamela, le eena a ka etsa joalo; 29–32, Motho o ne a le teng ts’imolohong le Molimo; 33–35, Lisebelisoa tsa mantlha ke tsa bosafeleng, ‘me motho a ka fumana nyakallo e tletseng Tsohong; 36–37, Khanya ea Molimo ke bohlale; 38–40, Bana ha ba na molato ka pele ho Molimo ka lebaka la topollo ea Kreste; 41–53, Baholo ba etellang pele ba laeloa ho lokisa malapa a bona.
1 Kannete, joana ho rialo Morena: Ho tla etsahala hore moea o mong le o mong o tlohelang libe tsa oona ‘me o tla ho ‘na, ‘me o bitsa lebitso la ka, le ho mamela lentsoe la ka, ‘me o boloka litaelo tsa ka, o tla bona sefahleho sa ka ‘me o tsebe hore ke ‘na.
2 Le hore ke ‘na leseli la ‘nete le bonesetsang motho e mong le e mong ea tlang lefats’eng;
3 Le hore ke ka ho Ntate, ‘me Ntate o ka ho ‘na, ‘me Ntate le ‘na re bonngoe—
4 Ntate, hobane o mphile botlalo ba Hae, ‘me Mora, hobane ke ne ke le lefats’eng, ‘me ke entse nama tabernakele ea ka, ‘me ke lula har’a bara ba batho.
5 Ke ne ke le lefats’eng ‘me ke amohela ho tsoa ho Ntate, ‘me mesebetsi ea Hae e ile ea bonahala ka ho hlaka.
6 ‘Me Johanne o bone le ho paka ka khanya ea ka e tletseng, ‘me lingoliloeng tsa Johanne tse tletseng li tla senolloa ka morao ho mona.
7 ‘Me o ile a paka, a re: Ke bone khanya ea hae, hore o ne a le teng ts’imolohong, pele lefats’e le e-ba teng.
8 Ka baka leo, tsimolohong Lentsoe le ne le le teng, hobane e ne e le Lentsoe, esita le morumuoa oa poloko—
9 Leseli le Molopolli oa lefats’e; Moea oa ‘nete, ea tlileng lefats’eng, hobane lefats’e le entsoe ke eena, ‘me ho eena ho ne ho le teng bophelo ba batho le leseli la batho.
10 Mafats’e a entsoe ke eena; batho ba entsoe ke eena; lintho tsohle li entsoe ke eena, ‘me ka eena le ho eena.
11 ‘Me ‘na, Johanne, ke paka hore ke bone khanya ea hae, joaloka khanya ea Ea Tsoetsoeng A ‘Nots’i ke Ntate, ea tletseng ka mohau le ‘nete, esita le Moea oa ‘nete, o tlileng ‘me oa lula nameng, ‘me oa lula har’a rona.
12 ‘Me ‘na, Johanne, ke bone hore ha a ka a fumana botlalo qalong, empa o fumane mohau bakeng sa mohau;
13 ‘Me ha a ka a fumana botlalo qalong, empa a tsoelapele ho tloha mohau ho isa mohaung, ho fihlela a fumane botlalo;
14 ‘Me joana o ile a bitsoa Mora oa Molimo, hobane ha a ka a fumana botlalo qalong.
15 ‘Me ‘na, Jahanne, kea paka, ‘me bonang, maholimo a ile a phetloa, ‘me Moea o Halalelang oa theohela ho eena joaloka leeba, ‘me oa lula holim’a hae, ‘me ha tla lentsoe ho tsoa leholimong le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratoang.
16 ‘Me ‘na, Johanne, ke paka hore o fumane khanya e tletseng ea Ntate;
17 ‘Me o fumane matla ‘ohle, ka bobeli leholimong le lefats’eng, ‘me khanya ea Ntate e ne e e-na le eena, hobane o ne a lutse ka ho eena.
18 ‘Me ho tla etsahala, hore haeba le ts’epahala le tla fumana lingoliloeng tsa Johanne tse feletseng.
19 Ke le neha lipolelo tsena hore le ke le utloisise ‘me le tsebe kamoo le tlang ho khumamela, le ho tseba seo le se khumamelang, hore le ke le tle ho Ntate ka lebitso la ka, ‘me ka nako e nepahetseng le fumane botlalo ba hae.
20 Hobane haeba le boloka litaelo tsa ka le tla fumana botlalo ba hae, ‘me le tlotlisoe ho ‘na joaloka ha ke le ka ho Ntate; ka baka leo, ke re ho lona, le tla fumana mohau bakeng sa mohau.
21 ‘Me joale, kannete ke re ho lona, ke ne ke le teng ts’imolohong le Ntate, ‘me ke ‘na Letsibolo;
22 ‘Me bohle ba tsoetsoeng ka ‘na ba na le kabelo khanyeng e ts’oanang, ‘me ke kereke ea Letsibolo.
23 Le lona le ne le le teng ts’imolohong le Ntate; eo e leng Moea, esita le Moea oa ‘nete;
24 ‘Me ‘nete ke tsebo ea lintho kamoo li leng ka teng, kamoo li neng li le ka teng, le kamoo li tlang ho ba ka teng;
25 ‘Me eng kapa eng e fetang kapa e ka tlase ho sena ke moea oa ea khopo eo e neng e le raleshano ho tloha ts’imolohong.
26 Moea oa ‘nete ke oa Molimo. Ke ‘na Moea oa ‘nete, ‘me Johanne o ile a paka ka ‘na, a re: O fumane ‘nete e tletseng, ee, esita le ea ‘nete eohle;
27 ‘Me ha ho motho ea fumanang botlalo ntle le ha a boloka litaelo tsa hae.
28 Ea bolokang litaelo tsa hae o fumana ‘nete le leseli, ho fihlela a tlotlisoa ‘neteng ‘me a tseba lintho tsohle.
29 Motho o ne a le teng ts’imolohong le Molimo. Bohlale, kapa leseli la ‘nete, bo ne bo sa boptjoa kapa ho etsoa, ruri leha e le ho ba joalo.
30 ‘Nete eohle e ikemetse sebakeng seo Molimo a e behileng ho sona, hore e sebetse ka bo-eona, joaloka bohlale bohle le bona; ho seng joalo ha ho na bophelo.
31 Bonang, mona ke boikhethelo ba motho, ‘me mona ke kotlo ea motho; hobane se neng se le teng ts’imolohong se bonahalitsoe ka ho hlaka ho bona, ‘me ha ba fumane leseli.
32 ‘Me motho e mong le e mong eo moea oa hae o sa fumaneng leseli o tlasa kotlo.
33 Hobane motho ke moea. Lielemente ke tsa bosafeleng, ‘me moea le elemente, li hokahane, ka tsela eo li ke keng tsa arohana, li fumana nyakallo e tletseng;
34 ‘Me ha li arohane, motho a ke ke a fumana nyakallo e tletseng.
35 Lielemente ke tabernakele ea Molimo; ee, motho ke tabernakele ea Molimo, esita le litempele; ‘me tempele efe kapa efe e silafetseng, Molimo o tla senya tempele eo.
36 Khanya ea Molimo ke bohlale, kapa, ka mantsoe a mang, leseli le ‘nete.
37 Leseli le ‘nete li furalla eo e mobe.
38 Moea o mong le o mong oa motho o ne o se na molato ts’imolohong; ‘me Molimo ka ho lopolla motho ho oeng, batho ba fetohela hape, boemong ba bona ba bosea, ba se na molato ka pele ho Molimo.
39 ‘Me ea khopo o tla tla ‘me a tlose leseli le ‘nete, ka ho se mamele, ho bana ba batho, le ka lebaka la meetlo ea bo-ntat’a bona.
40 Empa ke le laetse ho tlisa bana ba lona khanyeng le ‘neteng.
41 Empa kannete ke re ho lona, mohlanka oa ka Frederick G. Williams, u tsoetse pele tlas’a kotlo ena.
42 Ha u oa ruta bana ba hau leseli le ‘nete, ho latela litaelo; ‘me eloa ea khopo o na le matla, le ha joale, holim’a lona, ’me sena ke sesosa sa mahlomola a lona.
43 ‘Me joale taelo ke e fana ho uena—haeba u ka lokolloa, u tla lokisa ntlo ea hau, hobane ho na le lintho tse ngata tse sa lokang ka tlung ea hau.
44 Kannete, ke re ho mohlanka oa ka Sidney Rigdon, hore linthong tse ling ha a boloka litaelo tsa ka malebana le bana ba hae; ka baka leo, lokisa ntlo ea hau pele.
45 Kannete, ke re ho mohlanka oa ka Joseph Smith, kapa ka mantsoe a mang, ke tla le bitsa metsoalle, hobane le metsoalle ea ka, ‘me le tla ba le lefa le ‘na—
46 Ke le bitsitse bahlanka ka lebaka la lefats’e, ‘me le bahlanka ba bona ka lebaka la ka—
47 ‘Me Joale, kannete ke re ho Joseph Smith—Ha ua boloka litaelo, ‘me u tlameha ho ema u khalemelloe ka pele ho Morena;
48 Lelapa la hau le tlameha ho baka ‘me le furalle lintho tse ling, ‘me le ele hloko haholo lipolelo tsa lona kapa le tlosoe sebakeng sa lona.
49 Seo ke se buang ho e mong ke se bua ho bohle; rapelang kamehla esere ea khopo a ba le matla ka ho lona, ‘me a le tlosa sebakeng sa lona.
50 Mohlanka oa ka Newel K. Whitney le eena, eo e leng mobishopo oa kereke ea ka, o lokela ho khalengoa, ‘me a behe lelapa la hae taolong, ‘me a bone hore ba ba mafolofolo haholo le ho nka karolo lapeng, ‘me ba rapele kamehla, kapa ba tla tlosoa sebakeng sa bona.
51 Joale ke re ho lona, metsoalle ea ka, etsang hore mohlanka oa ka Sidney Rigdon a tsamaee ho ea leetong la hae, ‘me a potlake, ‘me a boele a phatlalatse mongoaha oa mehauhelo oa Morena, le evangeli ea poloko, joaloka ha ke tla mo neha mantsoe; ‘me ka thapelo ea lona ea tumelo ka tumellano e le ‘ngoe ke tla mo ts’ehetsa.
52 ‘Me bahlanka ba ka Joseph Smith le Frederick G. Williams le bona ba potlake, ‘me ho tla fanoa ho bona esita le ho latela thapelo ea tumelo; ‘me ha feela le boloka lipolelo tsa ka, le ke ke la ferekanngoa lefats’eng lena, kapa lefats’eng le tlang.
53 ‘Me, kannete ke re ho lona, ke thato ea ka hore le lokela ho potlakisa ho fetolela mangolo a ka a halalelang, ‘me le fumane tsebo ea nalane, le ea linaha, le ea mebuso, ea melao ea Molimo le ea motho, ‘me tsena tsohle bakeng sa poloko ea Sione. Amen.