Karolo ea 88
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith Kirtland, Ohio, ka la 27 le la 28 Ts’itoe 1832, le la 3 Pherekhong 1833. Moporofeta o ile a e khetha e le “lekhasi la mohloare … le khethutsoeng Sefateng sa Paradeisi, molaetsa oa khotso oa Morena ho rona.” Ts’enolo eo e ile ea fanoa kamorao hore baprista ba baholo ba rapele sebokeng “boinotsing le ka lentsoe ho Morena ho senola thato ea hae ho rona malebana le ho ahoa ha Sione.”
1–5, Bahalaleli ba ts’epahalang ba amohela Mots’elisi eane, eo e leng ts’episo ea bophelo ba bosafeleng; 6–13, Lintho tsohle li laoloa le ho tsamaisoa ka khanya ea Kreste; 14–16, Tsoho e tla ka Topollo; 17–31, Ho mamela melao ea selestiale, terrestriale, kapa telestiale ho lokisetsa batho bakeng sa mebuso le khanya tse tsamaellanang le eona; 32–35, Ba batlang ho lula sebeng ba tla sala ba le lits’ila; 36–41, Mebuso eohle e laoloa ka molao; 42–45, Molimo o fane ka molao linthong tsohle; 46–50, Batho ba tla utloisisa esita le Molimo; 51–61, Sets’oants’o sa monna ea romellang basebeletsi ba hae ts’imong ‘me a ba etela ka tatellano; 62–73, Atamelang ho Morena, ‘me le tla bona sefahleho sa hae; 74–80, Itlhoekiseng ‘me le rutane lithuto tsa ‘muso; 81–85, Motho e mong le e mong ea lemohisitsoeng o lokela ho lemosa oa habo; 86–94, Mats’oao, likhohlano tsa lielemente, le mangeloi li lokisetsa tsela bakeng sa ho tla ha Morena; 95–102, Literompeta tsa mangeloi li bitsa bafu ka tatellano ea bona; 103–116, Literompeta tsa mangeloi li phatlalatsa tsosoloso ea evangeli, ho oa ha Babylona, le ntoa ea Molimo ea moholo; 117–126, Batlang ho ithuta, thehang ntlo ea Molimo (tempele), le ikapese ka tlamahano ea lerato la sebele; 127–141, Tsamaiso ea Sekolo sa baporofeta ea hlophisoa, ho kenyeletsa ts’ebeletso ea ho hlatsoa maoto.
1 Kannete, joana ho rialo Morena ho lona ba ipokelletseng hammoho ho amohela thato ea hae malebana le lona:
2 Bonang, sena sea thabisa ho Morena oa lona, ‘me mangeloi a nyakalla holim’a lona; lithuso tsa lithapelo tsa lona li fihlile litsebeng tsa Morena oa Sabaothe, ‘me li ngotsoe ka bukeng ea mabitso a ba halalelitsoeng, esita le tsona tsa lefats’e la selestiale.
3 Ka baka leo, joale ke romela holim’a lona Mots’elisi e mong, esita le holim’a lona metsoalle ea ka, hore o ke o lule lipelong tsa lona, esita le Moea o Halalelang oa ts’episo; Mots’elisi oo o mong ke o ts’oanang oo ke o ts’episitseng barutuoa ba ka, joaloka ha ho ngotsoe bopaking ba Johanne.
4 Mots’elisi enoa ke ts’episo eo ke le fang eona ea bophelo ba bosafeleng, esita le khanya ea ‘muso oa selestiale;
5 Eo khanya e leng ea kereke ea Letsibolo, esita le ea Molimo, ea halalelang ho feta bohle, ka Mora oa hae Jesu Kreste—
6 Eo ea nyolohetseng holimo, joaloka ha a ile a theohela ka tlase ho lintho tsohle, hore a utloisise lintho tsohle, hore a ke a be ho tsohle ‘me ka lintho tsohle, leseli la ‘nete;
7 ’Nete eo e khanyang. Lena ke leseli la Kreste. Joaloka ha a le ka ho letsatsi, le khanya ea letsatsi, le matla a teng ao le entsoeng ka ‘ona.
8 Joaloka ha a boetse a le ka khoeling, ‘me e le khanya ea khoeli, le matla ao ka ‘ona e entsoeng;
9 Hape joaloka khanya ea linaleli, le matla ao ka ‘ona li entsoeng;
10 ’Me le lefats’e hape, le matla a lona, esita le lefats’e leo ho lona le emeng.
11 ’Me le leseli le khanyang, le le nehang khanya, ke ka eena eo ea khants’etsang mahlo a lona, e leng khanya e ts’oanang e potlakisang kutloisiso ea lona;
12 Leseli le tsoang ponts’eng ea Molimo ho tlatsa boholo ba sebaka—
13 Leseli le teng linthong tsohle, le fanang ka bophelo linthong tsohle, leo e leng molao oo ka oona lintho tsohle li laoloang, esita le matla a Molimo ea lutseng teroneng ea hae, ea leng ka sefubeng sa bosafeleng, ea leng ka hare ho lintho tsohle.
14 Joale, kannete ke re ho lona, hore ka topollo eo le e etselitsoeng ho tlisitsoe tsoho bafung.
15 ’Me moea le nama ke moea o phelang oa motho.
16 ’Me tsoho bafung ke topollo ea moea.
17 ’Me topollo ea moea e ka ea phelisang lintho tsohle, eo sefubeng sa hae ho behiloeng hore mafutsana le ba bonolo ba lefats’e ba tle ba le je lefa.
18 Ka baka leo, ho tlameha ho halaletsoe ho tsoa ho tsohle tse sa lokang, hore le ke le lokisetsoe bakeng sa ‘muso oa selestiale;
19 Hobane kamor’a hore le tlatse tekanyo ea popo ea lona, le tla tlotloa ka khanya, esita le ka boteng ba Molimo Ntate;
20 Hore ’mele eo e leng ea ba ‘muso oa selestiale e ka le rua kamehla le mehla; hobane, ke ka lebaka lena le entsoeng le ho boptjoa, ‘me ke ka lebaka lena e halalelitsoeng.
21 ’Me bao ba sa halaletsoang ka molao oo ke u faneng ho lona, esita le molao oa Kreste, ba tlameha ho ja lefa ‘musong o mong, esita le ‘musong oo e leng oa terrestriale, kapa ‘musong oo e leng oa telestiale.
22 Hobane eo ea sitoang ho mamella molao oa ’muso oa selestiale a ke ke a mamella khanya ea selestiale.
23 ’Me eo ea sitoang ho mamella molao oa ‘muso oa terrestiale a ke ke a mamella khanya ea terrestriale.
24 ’Me eo ea sitoang ho mamella molao oa ‘muso oa telestiale a ke ke mamella khanya ea ’muso oa telestiale; ka baka leo ha a lokeloe ke ‘muso oa khanya. Ka baka leo o tlameha ho mamella ‘muso oo e seng ‘muso oa khanya.
25 ’Me hape, kannete ke re ho lona, lefats’e le mamella molao oa ‘muso oa selestiale, hobane le tlatsa tekano ea popo ea teng, ‘me ha le tlole molao—
26 Ka baka leo, le tla halaletsoa; ee, leha ho le joalo le tla shoa, le tla phelisoa hape, ‘me le tla mamella matla ao ka oona le phelisoang, ’me ba lokileng ba tla le ja lefa.
27 Hobane leha ho le joalo ba shoa, ba tla tsoha hape, ka ’mele oa moea.
28 Bao e leng ba moea oa selestiale ba tla fumana ‘mele o ts’oanang oo e neng e le ‘mele oa tlhaho; esita le lona le tla fumana ‘mele ea lona, ‘me khanya ea lona e tla ba khanya eo ka eona ’mele ea lona e phelisoang.
29 Lona ba phelisoang ke karoloana ea khanya ea selestiale le tla fumana ea e ts’oanang, esita le e feletseng.
30 ’Me bao ba phelisoang ke karoloana ea ‘muso oa terrestiale ba tla fumana e ts’oanang, esita le e feletseng.
31 ’Me bao ba phelisoang ke karoloana ea khanya ea telestiale ba tla fumana e ts’oanang, esita le e feletseng.
32 ’Me bao ba salang ba tla boela ba phelisoa; leha ho le joalo, ba tla khutlela hape libakeng tsa bona, ho natefeloa ke seo se ba ikemiselitseng ho se fumana, hobane ba ne ba sa ikemisetsa ho natefeloa ke seo ba ka beng ba se fumane.
33 Hobane ke eng e molemo ho motho haeba neo e fanoa ho eena, ‘me a sa amohele neo eo? Bonang, ha a nyakalle ke seo se fanoeng ho eena, leha e le ho nyakalla ho eena eo e leng mofani oa neo eo.
34 ‘Me hape, kannete ke re ho lona, seo se tsamaisoang ka molao se boetse se bolokoa ka molao ‘me se phethahatsoa le ho halaletsoa ka se ts’oanang.
35 ’Me seo se robang molao, ‘me se sa latele molao, empa se batla ho ba molao ka bo sona, ‘me se batla ho lula sebeng, ‘me kahohle se lula sebeng, se ke ke sa halaletsoa ka molao, leha e le ka mohau, toka, kapa kahlolo. Ka baka leo, ba tlameha ho sala ba le lits’ila joalo.
36 Mebuso eohle e na le molao o fanoeng;
37 ’Me ho na le mebuso e mengata; hobane ha ho sebaka seo ho sona ho se nang ’muso; ’me ha ho na ’muso o se nang sebaka, e ka ba ’muso o moholo kapa o monyenyane.
38 ’Me ho ’muso o mong le o mong ho fanoe molao; ’me molaong o mong le o mong ho na le meeli e itseng le lipehelo.
39 Batho bohle ba sa mameleng lipehelo tseo ha ba na ho lokafatsoa.
40 Hobane tlhalefo e khomarela tlhalefo; bohlale bo fumana bohlale; ’nete e amohela ’nete; bokhabane bo rata bokhabane; leseli le khomarela ho leseli; mohau o na le kutloelo bohloko ho mohau ’me o o etsa oa oona; toka e tsoelapela ka tsela ea eona ’me e nka ea eona; kahlolo e tsamaea ka pele ho sefahleho sa eo ea lutseng teroneng ‘me a tsamaisa le ho phethahatsa lintho tsohle.
41 O utloisisa litho tsohle, ’me lintho tsohle li ka pele ho eena, ‘me lintho tsohle li mo pota-potile; ‘me o ka holimo ho lintho tsohle, le linthong tsohle, ‘me ke ka eena linthong tsohle, ‘me o pota-potile lintho tsohle; ‘me lintho tsohle ke ka eena, le ka eena, esita le Molimo, kamehla le mehla.
42 ’Me hape, kannete kere ho lona, o fane ka molao ho lintho tsohle, oo ka oona li tsamaeang ka linako tsa tsona le ka sebaka sa tsona;
43 ’Me litsela tsa bona li tsitsitse, esita le litsela tsa maholimo le lefats’e, tse kenyeletsang lefats’e le lipolanete tsohle.
44 ’Me li fanana leseli ka linako tsa tsona le ka sebaka sa tsona, ka motsotso oa tsona, ka lihora tsa tsona, ka matsatsi a tsona, ka libeke tsa tsona, ka likhoeli tsa tsona, ka lilemo tsa tsona—tsena tsohle ke selemo se le seng ho Molimo, empa e seng ka motho.
45 Lefats’e le bilika holima mapheo a lona, ‘me letsatsi le fana ka leseli kamehla, le khoeli e fana ka leseli bosiu, le linaleli li boetse li fana ka leseli la tsona, joaloka ha li bilika holim’a mapheo a tsona khanyeng ea tsona, ka har’a matla a Molimo.
46 Ke ho eng ke tlang ho bapisa mebuso ee, hore le ke le utloisise?
47 Bonang, ena eohle ke mebuso, ‘me motho ofe kapa ofe ea kileng a bona emong kapa e monyenyane oa bana o bone Molimo a tsamaea ka toka le matla a hae.
48 Ke re ho lona, o mo bone; leha ho le joalo, eo ea tlileng ho ba hae o ne a sa amohelehe.
49 Leseli le khanya lefifing, ‘me lefifi ha lea ka la le amohela; leha ho le joalo, letsatsi le tla tla leo le tlang ho le amohela esita le Molimo, e leng ho phelisoa ka ho eena le ka eena.
50 Ebe le tla tseba hore le mpone, hore ke ‘na, le hore ke leseli la ‘nete le ka ho lona, ‘me hore le ka ho ‘na; ho seng joalo le ne le ke ke la atleha.
51 Bonang, ke tla ts’oants’isa mebuso ena le motho ea nang le ts’imo, ‘me a romella bahlanka ba hae ts’imong ho ea cheka ts’imong.
52 ’Me o ile a re ho oa pele: Tsamaea ‘me u sebetse ts’imong, ’me ka hora ea pele ke tla tla ho uena, ‘me u tla bona nyakallo ea sefahleho sa ka.
53 ’Me o ile a re ho oa bobeli: Tsamaea ‘me u sebetse ts’imong, ‘me ka hora ea bobeli ke tla tla ho uena, ‘me u tla bona nyakallo ea sefahleho sa ka.
54 ’Me hape ho oa boraro, a re: Ke tla u etela;
55 ’Me ho oa bone, joalo joalo ho isa ho oa bo leshome le metso e ’meli.
56 ’Me morena oa ts’imo o ile a ea ho oa pele ka hora ea pele, ‘me a lula le eena hora eo kaofela, ‘me o ile a thabisoa ke khanya ea sefahleho sa morena oa hae.
57 ’Me o ile a ikhula ho oa pele hore a tle a etele oa bobeli hape, le oa boraro, le oa bone, le joalo joalo ho isa ho oa bo leshome le metso e ‘meli.
58 ’Me ke joana bohle ba ileng ba fumana khanya ea sefahleho sa morena oa bona, motho e mong le e mong ka hora ea hae, ’me ka nako ea hae, le ka sebaka sa hae—
59 Ho qala ho oa pele, ’me joalo joalo ho isa ho oa ho qetela, le ho tloha ho oa ho qetela ho isa ho oa pele, le ho tloha ho oa pele ho isa ho oa ho qetela;
60 Motho e mong le e mong ho ea ka tatellano ea hae, ho fihlela hora ea hae e felile, esita le ho latela ka moo morena oa hae a neng a mo laetse ka teng, hore morena oa hae a ke a rorisoe ho eena, le eena ho morena oa hae, hore bohle ba ke ba rorisoe.
61 Ka baka leo, holim’a papiso ena ke tla ts’oants’isa mebuso ena eohle, ‘me le tsohle tse phelang teng—’muso o mong le o mong ka hora ea oona, le ka nako ea oona, le ka sebaka sa oona, esita le ho latela tekanyo eo Molimo a e entseng.
62 ’Me hape, kannete ke re ho lona, metsoalle ea ka, ke sia litaba tsena le lona ho nahanisisa ka lipelong tsa lona, ka taelo ena eo ke le fang eona, hore le tla bitsa ho ’na ke sa le haufi—
63 Atamelang ho ’na ’me ke tla atamela ho lona; mpatleng ka tieo ’me le tla mphumana; kopang, ’me le tla fumana; kokotang, ’me le tla buleloa.
64 Eng kapa eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka e tla fanoa ho lona, se leng bohlokoa bakeng sa lona;
65 ’Me haeba le kopa eng kapa eng eo e seng bohlokoa bakeng sa lona, e tla fetohela ho thohako ea lona.
66 Bonang, seo le se utloang se joaloka lentsoe la ea hooang lefelleng—lefelleng, hobane ha le ka ke la mo bona—lentsoe la ka, hobane lentsoe la ka ke Moea; Moea oa ka ke ‘nete; ‘nete ea ts’oarella ‘me ha e na qetello; ‘me haeba e le teng ka hare ho lona e tla ba ngata.
67 ’Me haeba leihlo la hau le tsepame ho khanya eaka, ’mele ea lona eohle e tla tlala ka leseli, ‘me ha ho na ho ba le lefifi ho lona; ’me ’mele o tletseng leseli o amohela lintho tsohle.
68 Ka baka leo, itlhoekiseng hore mehopolo ea lona e tsepame ho Molimo, ‘me matsatsi a tla tla ao le tla mo bona; hobane o tla hlahisa sefahleho sa hae ho lona, ‘me e tla ba ka nako ea hae e nepahetseng , ‘me ka tsela ea hae, ‘me ho latela ea hae thato.
69 Hopolang ts’episo e kholo le ea ho qetela eo ke e entseng ho lona; lahlang mehopolo ea lona e se nang thuso le lets’eho le holimo la lona hole le lona.
70 Lulang lona, lulang lona sebakeng sena, ’me le bitse kopano e hlomphehileng, esita le ea bao e leng basebetsi ba pele ’musong ona oa ho qetela.
71 ’Me etsang hore bao a ba lemohisitseng leetong la bona ba bitse ho Morena, ’me ba nahanisise ka temoso ka lipelong tsa bona seo ba se fumaneng, ha nakoana.
72 Talimang ’me le bone, ke tla hlokomela mehlape ea lona, ’me ke lokise baholo ’me ke ba romele.
73 Bonang, ke tla potlakisa mosebetsi oa ka ka nako ea oona.
74 ’Me ke fana ho lona, bao e leng basebetsi ba pele ‘musong ona oa ho qetela, taelo hore le ipokelle hammoho, ‘me le itlhophise, ‘me le itokise, ‘me le ikhalaletse; ee le hloekise lipelo tsa lona, ‘me le hloekise liatla tsa lona le maoto a lona ka pele ho ‘na, hore nke ke le hloekise;
75 Hore nke ke pake ho Ntate oa lona, le Molimo oa lona, le Molimo oa ka, hore le hloekile ho tsoa maling a moloko oona o khopo; hore nke ke phethahatse ts’episo, ts’episo ena e kholo ea ho qetela, eo ke e entseng ho lona, ha ke batla.
76 Hape, ke le neha taelo hore le tla tsoelapele ka thapelo le boitimo ho tloha nakong ena ho ea pele.
77 ’Me ke fana ho lona taelo hore le tla rutana thuto ea ’muso.
78 Rutang ka tieo ‘me mosa oa ka o tla ba le lona, hore le ke le laeloe ka ho phethahala thutong, metheong, thutong ea tumelo, molaong oa evangeli, linthong tsohle tse amanang le ‘muso oa Molimo, tse leng bohlokoa bakeng sa lona ho utloisisa;
79 Linthong tsohle ka bobeli leholimong le lefats’eng, le ka tlas’a lefats’e; lintho tse bileng teng, lintho tse leng teng, linthong tse tlamehang ho etsahala haufinyane; lintho tse haeno, lintho tse mose; lintoa le lipherekano tsa lichaba, le likahlolo tse teng lefats’eng; hape le tsebo ea linaha le ea mebuso—
80 Hore le ke le itokise linthong tsohle ha ke tla le romella hape ho holisa pitso eo ke le bitselitseng eona, le thomo eo ka eona ke le khethetseng eona.
81 Bonang, ke le rometse kantle ho paka le ho hlokomelisa batho, ‘me ho ea hlokahala hore motho e mong le e mong ea hlokomelisitsoeng a hlokomelise bana babo.
82 Ka baka leo, ba sala ba sena boits’ereletso, ‘me libe tsa bona li holim’a lihlooho tsa bona.
83 Ea mpatlang esale kameso o tla mphumana, ‘me a ke ke a tlohelloa.
84 Ka baka leo, lulang lona, ‘me le sebetse ka boitelo, hore le ke le phethahatsoe bosebeletsing ba lona ho tsamaea ka hare ho Ba-Juda lekhetlo la ho qetela, joaloka ha bongata molomo oa Morena o tla ba reha, ho tlama molao le ho tiisa bopaki, le ho lokisetsa bahalaleli bakeng sa hora ea kahlolo e tlang ho tla;
85 Hore meea ea bona e ke e phonyohe bohale ba Molimo, lesupi la manyala le emetseng ba khopo, lefats’eng lena le lefats’eng le tlang. Kannete ke re ho lona, etsang hore bao eseng baholo ba pele ba tsoelapele ts’imong ea morara ho fihlela molomo oa Morena o tla ba bitsa, hobane nako ea bona ha e so fihle; liaparo tsa bona ha lia hloeka ho tsoa maling a moloko ona.
86 Emang tokolohong eo ka eona le lokolotsoeng; le se ke la itlama sebeng, empa etsang hore matsoho a lona a hloeke, ho fihlela Morena a e-tla.
87 Hobane ha se matsatsi a mangata ho tloha joale ‘me lefats’e le tla thothomela ‘me le thekesele ho ea koana le koana joalo ka monna oa letahoa; ‘me letstsi le tla pata khanya ea lona, ‘me le tla hana ho fana ka leseli, le khoeli e tla sesa ka har’a mali; le linaleli li tla koata haholo, ‘me li tla itahlela fats’e joaloka feikha e oelang ho tsoa sefateng sa feikha.
88 ’Me kamor’a bopaki ba lona ho tla bohale le khalefo holim’a sechaba.
89 Hobane kamor’a bopaki ba lona ho tla bopaki ba ts’isinyeho ea lefats’e, e tla baka ho bobola ka hare ho eena, ‘me batho ba tla oela fats’e ‘me ba tla sitoa ho ema.
90 ’Me hape ho tle bopaki ba lentsoe la matono le mahalima, le lentsoe la literompeta, le lentsoe la maqhubu a leoatle a phahama ho feta meeli ea oona.
91 ’Me lintho tsohle li tla ba har’a pherekano; ‘me ruri, lipelo tsa batho li tla ba tsieheleha; hobane ts’abo e tla tla holim’a lichaba.
92 ’Me mangeloi a tla fofa ka har’a leholimo, a hooa ka lentsoe le phefa, a letsa terompeta ea Molimo, a re: Lokisang lona, lokisang lona, Oho baahi ba lefats’e; hobane kahlolo ea Molimo e ea tla. Talimang, ‘me le bone, Monyali oa tla, tsoang le ilo kopana le eena.
93 ’Me hang-hang ho tla hlaha lets’oao le leholo leholimong, ‘me sechaba se tla le bona hammoho.
94 ’Me lengoloi le leng le tla letsa terompeta, le ntse le re: Kereke eo e kholo, m’a manyala, e entseng hore lichaba tsohle li noe veine ea bohale ba bohlola ba hae, e hlorisitseng bahalaleli ba Molimo, e ts’olotseng mali a bona—ea lutseng holim’a metsi a mangata, le holim’a lihlekehleke tsa leoatle—bonang, ke meutloa ea lefats’e; o tlanngoe ka mangata; litlamo tsa hae li entsoe ho ba matla, ha ho motho ea ka li lokollang; ka baka leo, o loketse ho ka chesoa. ‘Me o tla letsa terompeta ea hae ha lelele le haholo, ‘me lichaba tsohle li tla e utloa.
95 ’Me ho tla ba le ho khutsa leholimong bakeng sa nako ea halofo ea hora, ‘me hang-hang kamor’a moo likharetene tsa leholimo li tla menolloa, joaloka ha eka ke lengolo le phutholoha kamorao hore le phuthoe, ‘me sefahleho sa Morena se tla bonahala;
96 ’Me bahalaleli ba leng lefats’eng, ba phelang, ba tla phelisoa ‘me ba nkeloe holimo ho ea kopana le eena.
97 ’Me bao ba robetseng mabitleng a bona ba tla tsoa, hobane mabitla a bona a tla buleha; ’me hape ba tla nkeloa holimo ho ea kopana le eena ka hare ho ts’iea ea leholimo—
98 Ke ba Kreste, litholoana tsa pele, bao ba tlang ho nyoloha le eena pele, le bao ba lefats’eng le ka mabitleng a bona, ba nkeloang holimo pele ho ea kopana le eena; ’me tsena tsohle ka lentsoe la molumo oa terompeta ea lengeloi la Molimo.
99 ’Me kamor’a mona lengeloi le leng le tla letsa, e leng terompeta ea bobeli; ‘me ebe ho tla topollo ea bao e leng ba Kreste nakong ea ho tla ha hae; ba amohetseng karolo ea bona teronkong e lokiselitsoeng bona, hore ba tle ba fumane evangeli, ‘me ba ahloloe ho latela batho ba nameng.
100 ’Me hape, terompeta e tla lla, e leng ea boraro, ‘me ebe ho tla moea oa batho ba tlang ho ahloloa, ‘me ba fumanoa ka tlas’a kotlo;
101 ’Me bana ke bafu bohle; ’me ha ba na ho phela hape ho fihlela lilemo tse sekete li felile, leha e le hape, ho fihlela qetello ea lefats’e.
102 ’Me terompeta e ’ngoe e tla lla, eleng terompeta ea bone, e re: Ba fumanoa har’a bao ba salang ho fihlela letsatsi le leholo ’me la ho qetela, esita le la bofelo, ba tla sala ba ntse ba le lits’ila.
103 ’Me terompeta e ’ngoe e tla lla, e leng terompeta ea bohlano, e leng lengeloi la bohlano le faneng ka evangeli e sa feleng—le fofa mahareng a leholimo, ho lichaba tsohle, maloko, maleme, le batho;
104 ’Me sena e tla ba molumo oa terompeta ea hae, o reng ho batho bohle, ba leholimong le ba lefats’eng, le ba leng tlas’a lefats’e—hobane tsebe e ’ngoe le e ’ngoe e tla e utloa, le lengole le leng le le leng le tla khumama, le leleme le leng le leng le tla bolela, ha ba utloa molumo oa terompeta e re: Ts’aba Molimo, ’me le fane ka thoriso ho eo ea lutseng teroneng, kamehla le mehla; hobane hora ea kahlolo ea hae ea tla.
105 ’Me hape, lengeloi le leng le tla letsa terompeta, e leng lengeloi la bots’elela, le re: O oele ea ileng a etsa hore lichaba li noe veine ea bohale ba bohlola ba hae; o oele, o oele!
106 ’Me hape, lengeloi le leng le tla letsa terompeta, e leng lengeloi la bosupa, le re: Ho felile; ho felile! Konyana ea Molimo e hlotse ’me o hatiketse sehatelo sa veine a le mong, esita le sehatelo sa veine sa khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle.
107 ’Me ebe mangeloi a tla apesoa ka khanya ea matla a hae, ’me bahalaleli ba tla tlala ka khanya ea hae, ’me ba amohele lefa la bona ‘me ba etsoe ba lekanang le eena.
108 ’Me ebe lengoloi la pele le tla letsa terompeta ea lona hape ka litsebeng tsa bohle ba phelang, ’me le senole liketso tsa lekunutu tsa batho, le mesebetsi e meholo ea Molimo lilemong tse sekete tsa pele.
109 ’Me ebe lengeloi la bobeli le tla letsa terompeta ea lona hape, ’me le senole liketso tsa batho tsa lekunutu, le mehopolo le maikemisetso a lipelo tsa bona, le mesebetsi e meholo ea Molimo lilemong tse sekete sa bobeli—
110 ’Me joalo joalo, ho fihlela lengeloi la bosupa le tla letsa terompeta ea lona; ’me le tla ema thokoana holim’a lefats’e le holim’a leoatle, ’me le hlapanye ka lebitso la eena ea lutseng teroneng, hore ha ho hlole ho e-ba le nako; ’me Satane o tla tlangoa, noha eo ea khale, e bitsoang diabolose, ‘me a ke ke a lokolloa bakeng sa lilemo tse sekete.
111 ’Me ebe o tla lokolloa bakeng sa sebaka se senyenyane, hore a tle a bokelle hammoho mabotho a hae.
112 ’Me Mikaele, lengeloi la bosupa, esita le arekangeloi, le tla bokella mabotho a lona, esita le makhotla a leholimo.
113 ’Me diabolose o tla bokella hammoho mabotho a hae; esita le makhotla a lihele, ’me ba tla tla ntoeng khahlanong le Mikaele le mabotho a hae.
114 ’Me ebe ho tla ntoa ea Molimo ea moholo; ‘me diabolose le mabotho a hae ba tla lahleloa sebakeng sa bona, hore ba se hlole ba e-ba le matla holim’a bahalaleli.
115 Hobane Mikaele o tla loana lintoa tsa bona, ‘me o tla mo hlola ea batlang terone ea ea lutseng teroneng, esita le Konyana.
116 Ena ke khanya ea Molimo, le ba halalelitsoeng; ‘me ba ke ke ba hlola ba bona lefu.
117 Ka baka leo, kannete kere ho lona, metsoalle eaka, bitsang seboka sa lona se hlomphehang, joaloka ha ke le laetse.
118 ’Me joaloka ha bohle ba hloka tumelo, batlang ka tieo ’me le rutane mantsoe a bohlale. Ee, batlang libukeng tse molemo mantsoe a bohlale; batlang ho ithuta, esita le ka boithuto le ka tumelo.
119 Itlhopheng; lokisang ntho eohle e hlokahalang; ’me le ahe ntlo, esita le ntlo ea thapelo, ntlo ea boitimo ba lijo, ntlo ea tumelo, ntlo ea boithuto, ntlo ea khanya, ntlo ea taolo, ntlo ea Molimo;
120 Hore boitsoaro ba lona bo ke bo be lebitsong la Morena; hore liketso tsa lona li ke li be lebitsong la Morena, hore litumeliso tsa lona tsohle li ke li be lebitsong la Morena, ka matsoho a phahametseng Holimo-limo.
121 Ka baka leo, emisang lipuo tsohle tsa lona tse senang thuso, lets’eho lohle, litakatso tsohle tsa lona tsa nama, boikhants’o le bosoasoi bohle ba lona, le bokhopo bohle boo le bo etsang.
122 Khethang har’a lona tichere, ’me le se lumelle bohle e be babuelli ka nako e le ‘ngoe; empa lumellang a le mong ho bua ka nako ‘me etsang hore bohle ba mamele seo a se buang, hore ha bohle ba se ba buile bohle ba tle ba matlafatsoe ke tsohle, le hore motho e mong le emong a ke a be le monyetla o lekanang.
123 Bonang hore lea ratana; emisang ho lakatsa tsa ba bang; ithuteng ho fana joaloka ha evangeli e hloka.
124 Emisang ho ba botsoa; emisang ho se hloeke; emisang ho fumana ba bang molato; emisang ho robala ho feta tekano; eeang mealong ea lona e sale nako, hore le se ke la khathala; tsohang e sale kameso, hore ‘mele ea lona le mehopolo ea lona e ke e tsosoe.
125 ’Me kaholimo ho lintho tsohle, ikapeseng ka tlamo ea lerato la sebele, joaloka ha eka ke ka kobo, e leng tlamo ea bophetheho le khotso.
126 Rapelang kamehla, hore le ke se la khathala, ho fihlela ke tla, ’me talimang, le bone, ke tla tla ka potlako, ’me ke le amohele ho ‘na. Amen.
127 ’Me hape, tsamaiso ea ntlo e lokisitsoeng bakeng ba boetapele ba sekolo sa baporofeta, e thehiloeng bakeng sa taelo ea bona linthong tsohle tse bohlokoa ho bona, esita le liofisiri tsohle tsa kereke, kapa ka mantsoe a mang, ba bitsetsoang bosebeletsing ba kereke, ho qala ka baprista ba baholo, esita le tlase ho ea ho batiakone—
128 ’Me sena e tlaba tsamaiso ea ntlo ea boetapele ba sekolo: Ea khethoang e le mookameli, kapa tichere, o tla fumanoa a eme sebakeng sa hae, ka tlung e tlang ho hlophisoa bakeng sa hae.
129 Ka baka leo, e tla ba oa pele ka tlung ea Molimo, sebakeng seo phutheho e ka tlung e ka utloang mantsoe a hae ka hloko le ka ho hlaka, e se ka lentsoe le phahameng.
130 ’Me haeba a tla ka tlung ea Molimo, hobane o lokela ho ba oa pele ka tlung—bonang, sena se setle, hore e ke e be mohlala—
131 Ha a ke a inehele ka thapelo ka mangole a hae ka pele ho Molimo, ka ponts’o kapa khopotso ea selekane se sa feleng.
132 ’Me ha mang kapa mang a tla kamorao ho eena, etsa hore tichere e eme, ‘me, ka matsoho a phahamiselitsoeng leholimong, ee, esita le ka kotloloho, a lumelise moena kapa baena ba hae ka mantsoe ana:
133 A na u moena kapa le baena? Ke le lumelisa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, e le ponts’o kapa khopotso ea selekane sa hae se sa feleng, ka selekane seo ke u amohela ho boena, ka boikemisetso boo tiileng, bo sa sisinyeheng, ‘me bo sa fetoheng, ho ba motsoalle oa hau le moena oa hau ka mohau oa Molimo ka tlamo ea lerato, ho tsamaea litaelong tsohle tsa Molimo o sena sekoli, ka teboho, kamehla le mehla. Amen.
134 ’Me ea fumanoang a sa lokeloe ke tumeliso ena a ke ke a ba le sebaka har’a lona; hobane le ke ke la etsa hore ntlo ea ka e tle e silafatsoe ke eena.
135 ’Me ea tlang ‘me a ts’epahala ka pele ho ‘na, ‘me e le moena, kapa haeba e le baena, ba tla lumelisa mookameli kapa tichere ka matsoho a phahametseng leholimong, ka thapelo le selekane se ts’oanang , kapa ka hore Amen, e le ponts’o e ts’oanang.
136 Bonang, kannete, ke re ho lona, sena ke mohlala ho lona bakeng sa tumeliso ho ba bang ka tlung ea Molimo, ka sekolong sa baporofeta.
137 ’Me le bitsetsoa ho etsa sena ka thapelo le ka teboho, joaloka ha Moea o tla le susumetsa linthong tsohle ka tlung ea Morena, sekolong sa baporofeta, hore e ke e be khalalelo, tabernakele ea Moea o Halalelang bakeng sa matlafalo ea lona.
138 ’Me le ke ke la amohela mang kapa mang har’a lona ka sekolong sena ntle le ha a hloekile ho tsoa maling a moloko ona;
139 ’Me o tla amoheloa ka ts’ebeletso ea tlhatsuo ea maoto, hobane ke ka baka lena, ts’ebeletso ea tlhatsuo ea maoto e ileng ea thehoa.
140 ’Me hape, ts’ebeletso ea tlhatsuo ea maoto e tla tsamaisoa ke moetapele, kapa ke moholo ea okametseng oa kereke.
141 E lokela ho qaloa ka thapelo; ’me kamor’a ho nka bohobe le veine, o lokela ho itlama ho latela mohlala o fanoeng khaolong ea leshome le metso e meraro ea bopaki ba Johanne malebana le ’na. Amen.