Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 7


Karolo ea 7

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Oliver Cowdery, Harmony, Pennsylvania ka ’Mesa 1829 ha ba ne ba botsitse ka Urime le Thummime hore na Johanne, morutuoa ea ratoang, o ile a sala a le nameng kapa o ile a shoa. Ts’enolo ena ke phetolelo e fetoletsoeng ho lingoliloeng tse entsoeng ka masekoele a matlalo ke Johanne ’me tsa patoa ke eena.

1–3, Johanne ea Ratoang o tla phela ho fihlela Morena a tla; 4–8, Petrose, Jakobo le Johanne ba ts’oere linotlolo tsa evangeli.

’Me Morena o ile a re ho ’na: Johanne, oa ka ea ratoang, ke eng seo u se lakatsang? Hobane haeba u tla kopa seo u se batlang, u tla se fuoa.

’Me ke ile ka re ho eena: Morena, mphe matla holim’a lefu, hore nke ke phele ’me ke tlise meea ho uena.

’Me Morena o ile a re ho ’na: Kannete-nete ke re ho uena, hobane u lakatsa sena, u tla lula ho fihlela ke khutla ka khanya ea ka, ’me u tla porofeta ka pele ho lichaba, maloko, maleme le batho.

’Me ka lebaka lena Morena o ile a re ho Petrose: Haeba ke batla hore a lule ho fihlela ke e-tla, ke eng seo ho uena? Hobane o batlile ho ’na hore a ke a tlise meea ho ’na, empa uena u batlile hore u ke u tle kapele ho ’na ’musong oa ka.

Ke re ho uena, Petrose, ena e ne e le takatso e ntle; empa oa ka ea ratoang o lakalitse hore a ke a etse se fetang, kapa mosebetsi o moholo-holo har’a batho ho feta oo a kileng a o etsa pele.

Ee, o ile a inkela mosebetsi o moholo-holo; ka baka leo ke tla mo etsa e ke malakabe a mollo le lengeloi le sebeletsang; o tla sebeletsa bao e tlang ho ba majalefa a poloko a lulang lefats’eng.

’Me ke tla u etsa hore u mo sebeletse le moholoane oa hau Jakobo; ’me ho lona ba bararo ke tla le fa matla ana le linotlolo tsa bosebeletsi bona ho fihlela ke khutla.

Kannete ke re ho lona, ka bobeli le tla fumana ho latela litakatso tsa lona, hobane ka bobeli le nyakallela ho seo le se batlileng.