Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 73


Karolo ea 73

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Hiram, Ohio, ka la 10 Pherekhong 1832. Ho tloha qalong ea karolo e etelletseng Ts’itoe pele, Moporofeta le Sidney ba ne ba ntse ba ruta, ’me ka tsela ena tse ngata li ile fihleloa ho fokotsa maikutlo a sa amohelehang a neng a hlahile khahlanong le Kereke (bona sehlooho sa karolo ea 71).

1–2, Baholo ba lokela ho tsoelapele ho ruta; 3–6, Joseph Smith le Sidney Rigdon ba lokela ho tsoelapele ho fetolela Bibele ho fihlela e felile.

Hobane kannete, ho rialo Morena, hoa lokeleha ho ’na hore ba tsoelepele ho ruta evangeli, le ho eletsa likereke libakeng tse haufi, ho fihlela nako ea seboka;

’Me joale, bonang, ho tla tsebahatsoa ho bona, ka lentsoe la seboka, thomo tsa bona tse ngata.

Joale, kannete ke re ho bahlanka ba ka, Joseph Smith, le Sidney Rigdon, ho rialo Morena, hoa lokeleha ho fetolela hape;

’Me, ha feela ho khoneha, ho ruta tikolohong tse potapotileng ho fihlela nako ea seboka; ’me kamorao ho moo hoa lokeleha ho tsoelapele ka mosebetsi oa ho fetolela ho fihlela o felile.

’Me etsang hore sena e be mohlala ho baholo ho fihlela [ba fumana] tsebo e eketsehileng, esita le joaloka ha ho ngoliloe.

Joale ha ke sa le fa letho nakong ena. Tlamang matheka a lona ’me le falimehe. Esita le joalo. Amen.