Karolo ea 41
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Kereke, Kirtland, Ohio, ka la 4 Hlakola 1831. Ts’enolo ena e laela Moporofeta le baholo ba Kereke ho rapela ho fumana “molao” oa Molimo (bona karolo ea 42). Joseph Smith o ne a qeta ho fihla Kirtland ho tsoa New York, ‘me Leman Copley, eo e leng setho sa Kereke haufi le Thompson, Ohio, “o ile a kopa Baena Joseph le Sidney [Rigdon] … ho phela le eena ‘me o tla ba nea matlo a nang le thepa le lisebelisoa.” Ts’enolo e latelang e hlakisa moo Joseph le Sidney ba tlang ho phela teng ‘me hape e bitsa Edward Patridge ho ba mobishopo oa pele oa Kereke.
1–3, Baholo ba tla laola kereke ka moea oa ts’enolo; 4–6, Barutuoa ba ‘nete ba tla fumana le ho boloka molao oa Morena; 7–12, Edward Patridge o bitsoa e le mobishopo oa Kereke.
1 Mamelang ‘me le utloe, oho lona batho baka, ho rialo Morena le Molimo oa lona, lona bao ke thabelang ho le hlohonolofatsa ka litlhlohonolofatso tse kholo-kholo ho feta tsohle, lona ba nkutloang; ‘me lona ba sa nkutloing ke tla le rohaka, lona ba bolelang ka molomo lebitso la ka, ka tse boima haholo ho lithohako tsohle.
2 Mamelang, oho lona baholo ba kereke ea ka bao ke ba bitsitseng, bonang, ke fana ho lona taelo, hore le tla bokana hammoho ho lumellana ka lentsoe la ka;
3 ‘Me ka thapelo ea tumelo ea lona le tla fumana molao oa ka, hore le ke le tsebe kamoo le tla laola kereke ea ka ‘me le be le lintho tsohle tse lokileng ka pele ho ’na.
4 ‘Me ke tla ba ‘musi oa lona ha ke tla; ‘me bonang, ke tla ka potlako, ‘me le tla bona hore molao oa ka oa bolokoa.
5 Eo ea amohelang molao oa ka ‘me a o boloka, ea joalo ke morutuoa oa ka; ‘me eo ea reng oa o amohela empa a sa o etse, ea joalo ha se morutuoa oa ka, ‘me o tla lelekoa har’a lona.
6 Hobane ha ho hotle hore lintho tseo e leng tsa bana ba ‘muso li tle li fanoe ho bona bao ba sa lokelang, kapa ho lintja, kapa mahakoe ho tla a lahlela kapel’a likolobe.
7 ‘Me hape, ho hotle hore mohlanka oa ka Joseph Smith a tle a be le ntlo e ahiloeng, eo a tlang ho phela le ho fetolela ka ho eona.
8 ‘Me hape, ho hotle hore mohlanka oa ka Sidney Rigdon a tle a phele joaloka ha ho bonahala ho le molemo ho eena, ha feela a boloka litaelo tsa ka.
9 ‘Me hape, ke bitsitse mohlanka oa ka Edward Patridge; ‘me ke fana ka taelo, hore a tle a khethoe ka lentsoe la kereke, ’me a behoe matsoho e le mobishopo oa kereke, ho siea khoebo ea hae ’me ho sebelisa nako eohle ea hae mesebetsing ea kereke;
10 Ho hlokomela lintho tsohle joaloka ha ho tla be ho khethetsoe eena ka melao ea ka ka letsatsi leo ke tlang ho e fana.
11 ’Me sena ka lebaka la hore pelo ea hae e hloekile ka pele ho ‘na, hobane o ts’oana le Nathanaele oa khale, eo ho eena ho senang sekoli.
12 Mantsoe ana a fanoe ho lona, ’me a hloekile ka pele ho ‘na, ka baka leo, elang hloko na lea ts’oara joang, hobane a tla arabeloa holim’a meea ea lona ka letsatsi la kahlolo. Esita le joalo. Amen.