Karolo ea 5
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Harmony, Pennsylvania, ka Tlhakubele 1829 ka kopo ea Martin Harris.
1–10, Moloko oona o tla fumana lentsoe la Morena ka Joseph Smith; 11–18, Lipaki tse Tharo li tla paka ka Buka ea Mormone; 19–20, Lentsoe la Morena le tla netefatsoa joaloka nakong e fetileng; 21–35, Martin Harris a ka baka ’me ea e-ba e mong oa lipaki.
1 Bona, ke re ho uena, joaloka ha mohlanka oa ka Martin Harris a ile a lakatsa ho ba le bopaki baka, hore uena, mohlanka oa ka Joseph Smith, u na le matlapa ao u faneng ka bopaki ba ona le ho paka hore ua fumane ho tsoa ho ’na;
2 ’Me joale bona, sena ke seo u tla se bua ho eena—eo ea buileng le uena o itse ho uena; ’Na Morena, ke Molimo ’me ke fane ka lintho tsena ho uena mohlanka oa ka Joseph Smith, ’me ke u laetse hore u loketse ho ema u le paki ea lintho tsena;
3 ’Me ke entse hore u kene selekaneng le ’na, hore ha ua lokela ho li bonts’a ntle le ho batho bao ke u laetseng; ’me ha u na matla holim’a tsona ntle le ha ke a fana ho uena.
4 ’Me u na le neo ea ho fetolela matlapa ao; ’me ena ke neo ea pele eo ke e u fileng eona; ’me ke laetse hore u se ke ua iketsa eka u na le neo e ’ngoe ho fihlela morero oa ka o phethehile ho tsona; hobane ha ke na ho u fa neo e ’ngoe ho fihlela ena e felile.
5 Kannete, ke re ho lona, hore bomalimabe bo tla tla ho batho ba phelang lefats’eng haeba ba ke ke ba mamela mantsoe a ka;
6 Hobane kamorao ho mona u tla behoa matsoho ’me u tla tsoelapele ho fetisa mantsoe a ka ho bana ba batho.
7 Bona, haeba ba ke ke ba lumela mantsoe a ka, ba ke ke ba lumela a hau, mohlanka oa ka Joseph, leha eba ho ne ho lokela hore u ka ba bonts’a lintho tsena tsohle tseo ke u nehileng tsona.
8 Oho, oona ke moloko oa ho se lumele le oa ho tiisa molala—khalefo ea ka ea tuka khahlanong le bona.
9 Bona, kannete ke re ho uena, ke bolokile lintho tseo ke u ts’epetseng tsona mohlanka oa ka Joseph, hobane ke bakeng sa morero o bohlale ho ’na, ’me li tla etsoa hore li tsebahale ho moloko o tlang;
10 Empa moloko oona o tla ba le lentsoe la ka ka uena;
11 ’Me ho tlatselletsa bopaki ba hau, bopaki boo ba bahlanka ba ka ba bararo, bao ke tlang ho ba bitsa le ho ba beha matsoho, bao ho bona ke tla bonts’a lintho tsena, ’me ba tla tsoelapele ka mantsoe a ka a fanoeng ka uena.
12 Ee, ba tla tseba ka tieo hore lintho tsena ke ’nete, hobane ho tsoa leholimong ke tla li phatlalatsa ho bona.
13 Ke tla ba fa matla hore ba tle ba bone ’me ba bohe lintho tsena joaloka ha li le joalo;
14 ’Me ha ho e mong eo ke tla mo fa matla ana, ho amohela bopaki bona bo ts’oanang har’a moloko oona, qalehong ena ea ho hola le ho tla ha kereke ea ka ho tsoa lefelleng—ho hlaka ho kang ha khoeli, le botle bo kang ba letsatsi, le ho ts’abeha ho kang ha mabotho ka lifolakha.
15 ’Me bopaki ba lipaki tse tharo ke tla bo romela ka lentsoe la ka.
16 ’Me bona, mang kapa mang ea lumelang ho mantsoe a ka, bona ke bao ke tla ba etela ka ponahatso ea Moea oa ka; ’me ba tla tsoaloa ke ’na, esita le ka metsi le ka Moea—
17 ’Me u lokela ho ema ha nakoana, hobane ha u so behoe matsoho—
18 ’Me bopaki ba bona bo tla tsoelapele ho isa kahlolong ea moloko oona haeba ba thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le bona hape;
19 Hobane likotlo tse senyang li tla tsoelapele har’a baahi ba lefats’e, ’me li tla tsoelapele ho tlisoa nako le nako haeba ba sa bake, ho fihlela lefats’e le sala le sena letho, ’me baahi ba lona ba tla felisoa le ho timetsoa kahohle ke khanya ea ho tla haka.
20 Bona, ke u bolella lintho tsena joaloka ha ke li bolelletse batho ka timelo ea Jerusalema; ’me lentsoe la ka le tla netefatsoa ka nako ena joaloka ha le ile la netefatsoa pele.
21 ’Me joale kea u laela, Joseph mohlanka oa ka, ho baka ’me u tsamaee ka ho loka ka pele ho ’na, ’me u se ke oa inehela ho lits’usumetso tsa batho;
22 Le hore u tiee ho bolokeng litaelo tseo ke u laetseng tsona; ’me haeba u etsa sena, bona ke tla u neha bophelo ba bosafeleng, esita le ha u ka bolaoa.
23 ’Me joale, hape, ke bua le uena, Joseph mohlanka oa ka, malebana le monna ea batlang bopaki boo—
24 Bona, ke re ho eena, oa iphahamisa ’me ha a ikokobetse ho lekana ka pele ho ’na; empa ha a ka khumama ka pele ho ’na, ’me a ikokobetsa ka thapelo e matla le ka tumelo, ka pelo eohle ea hae, joale ke tla mo lumella ho bona lintho tseo a lakatsang ho li bona.
25 ’Me o tla re ho batho ba moloko oona: Bonang, ke bone lintho tseo Morena a li bonts’itseng Joseph Smith, ’me kea tseba ka tieo hore ke ’nete, hobane ke li bone, hobane ke li bonts’itsoe ka matla a Molimo eseng a motho.
26 ’Me ’na Morena ke laela eena, mohlanka oa ka Martin Harris, hore a se ke a bua ho feta moo malebana le lintho tsena, ntle le hore a re: ke li bone, ’me ke li bonts’itsoe ka matla a Molimo; ’me ana ke mantsoe ao a tlang ho a bua.
27 Empa haeba a latola sena, o tla roba selekane seo pele a ileng a se etsa le ’na, ’me bona, o rohakehile.
28 ’Me joale, ntle le hore a ikokobetse ’me a lumele ho ’na lintho tseo a li entseng tse fosahetseng, ’me a etse selekane le ’na hore o tla boloka litaelo tsa ka, ’me a be le tumelo ho ’na, bona, ke re ho eena, a ke ke a bona, hobane ha ke na ho mo lumella ho bona lintho tseo ke li buileng.
29 ’Me haeba ho le joalo, kea u laela, mohlanka oa ka Joseph, hore u tla re ho eena, hore a ke ke a etsa ho feta moo, kapa ho nkhathatsa malebana le taba ena.
30 ’Me haeba ho le joalo, bona, ke re ho uena Joseph, ha u se u fetoletse maqephe a seng makae u tla emisa ha nakoana, ho fihlela ke u laela hape; joale u ka qala ho fetolela hape.
31 ’Me ntle le hore u etse sena, bona, u ke ke ua hlola u ba le neo, ’me ke tla nka lintho tsena tseo ke u ts’epetseng tsona.
32 ’Me joale, hobane ke bona leshano le emetseng ho u senya, ee ke bone hore haeba mohlanka oa ka Martin Harris a sa ikokobetse ’me a amohele bopaki ho tsoa letsohong la ka, hore o tla oela sebeng;
33 ’Me ho na le ba bangata ba emetseng ho u timetsa ho tloha sefahlehong sa lefats’e; ’me ka lebaka lena, hore matsatsi a hau a tle a lelefale, ke nehelane ka litaelo tsena ho uena.
34 Ee, ka lebaka lena ke itse: Emisa, ’me u eme tsii ho fihlela ke u laela, ’me ke tla fana ka mokhoa oo ka oona u ka phethahatsang ntho eo ke u laetseng eona.
35 ’Me haeba u ts’epahalla ho boloka litaelo tsa ka, u tla phahamisoa ka letsatsi la ho qetela. Amen.