Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 13


Karolo ea 13

Qotsulo e tsoang ho nalane ea Joseph Smith e phetang peho ea matsoho ea Moporofeta le Oliver Cowdery ho Boprista ba Aarone pel’a Harmony, Pennsylvania, ka la 15 ’Mesa 1829. Peho ea matsoho e entsoe ka matsoho a lengeloi le itsebisitseng e le Johanne, eena ea bitsoang Johanne Mokolobetsi Testamenteng e Ncha. Lengeloi le ile la hlalosa hore le etsa tseo ka tataiso ea Petrose, Jakobo, le Johanne, Baapostola ba khale-khale, ba neng ba ts’oere linotlolo tsa boprista bo boholo, bo neng bo bitsoa Boprista ba Melchisedeke. Ts’episo e ile ea fanoa ho Joseph le Oliver hore ha nako e nepahetse boprista bona bo boholo bo tla fanoa ho bona. (Bona khaolo ea 27:7–8, 12.)

Linotlolo le matla a Boprista ba Aarone lia thehoa.

1 Ho lona bahlanka ba ka, ka lebitso la Messia ke le neha Boprista ba Aarone, bo nang le linotlolo tsa bosebeletsi ba mangeloi, le tsa evangeli ea pako, le tsa kolobetso ka ho ineloa ka metsing bakeng sa tlhatsuo ea libe; ’me ha bo na ho hlola bo tlosoa lefats’eng hape, ho fihlela bara ba Levi ba etsa sehlabelo hape ho Morena ka ho loka.