Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 17


Karolo ea 17

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Oliver Cowdery, David Whitmer, le Martin Harris, Fayette, New York, ka Phupu 1829, pele ba bona matlapa a ngotsoeng a neng a ts’etse Buka ea Mormone. Joseph le mongoli oa hae, Oliver Cowdery, ba ne ba ithutile ho tsoa phetolelong ea matlapa a Buka ea Mormone hore ho tla khethoa lipaki tse tharo tse khethehileng (bona Ethere 5:2–4; 2 Nefi 11:3; 27:12). Oliver Cowdery, David Whitmer, le Martin Harris ba ile ba susumetsoa ke takatso e nyenyelelitsoeng ea ho ba lipaki tse tharo tse khethehileng. Moporofeta o ile a botsa Morena, ’me ts’enolo ena e ile ea fanoa e le karabo ka Urime le Thummime.

1–4, Ka tumelo Lipaki tse Tharo li tla bona matlapa le lintho tse ling tse halalelang; 5–9, Kreste o beha bopaki ba bomolimo ba Buka ea Mormone.

1 Bonang, ke re ho lona, hore le tlameha ho its’etleha holim’a lentsoe la ka, hoo haeba le ho etsa ka morero oa pelo e phethahetseng, le tla ba le pono ea matlapa, hape le mokhajoane, sabole ea Labane, Urime le Thummime, tse ileng tsa fanoa ho moholoane oa Jared thabeng, ha a ne a bua le Morena mahlong, le tataiso ea mehlololo e ileng ea fanoa ho Lehi ha a le lefelleng, meeling ea Leoatle le Lefubelu.

2 ’Me ke ka tumelo ea lona hore e be le tla fumana pono ea tsona, esita le ka tumelo eo baporofeta ba khale ba neng ba e-na le eona.

3 ’Me kamor’a hore le be le tumelo, ’me le be le li bone ka mahlo a lona, le tla paka ka tsona, ka matla a Molimo;

4 ’Me sena le tla se etsa hore mohlanka oa ka, Joseph Smith, a se ke a timetsoa, hore ke tle ke tlise merero ea ka e lokileng ho bana ba batho mosebetsing oona.

5 ’Me le tla paka hore le li bone, esita le joaloka ha mohlanka oa ka, Joseph Smith, a li bone; hobane ke ka matla a ka a ileng a li bona, ’me ke hobane o ne a e-na le tumelo.

6 ’Me o fetoletse buka eo, esita le karolo eo ke mo laetseng eona, ’me joaloka ha Morena le Molimo oa lona a phela, ke ’nete.

7 Ka baka leo, le fumane matla a ts’oanang, le tumelo e ts’oanang, le neo e ts’oanang joaloka ea hae;

8 ’Me haeba le etsa litaelo tsena tsa ka, tseo ke le fileng tsona, likhoro tsa lihele li tla sitoa ho hlola khahlanong le lona; hobane mohau oa ka o lekane bakeng sa lona, ’me le tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela.

9 ’Me ’na, Jesu Kreste, Morena oa lona le Molimo oa lona, ke buile ho lona, hore ke tle ke tlise merero ea ka e lokileng ho bana ba batho. Amen.