Karolo ea 9
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Oliver Cowdery, Harmony Pennsylvania, ka ’Mesa 1829. Oliver o ile a eletsoa ho mamella le ho khotsofalla ho ngola ha nakoana, ka pitsetso ea mofetoleli, ho e-na le ho leka ho fetolela.
1–6, Lingoliloeng tse ling tsa khale-khale ke hona li tla fetoleloa; 7–14, Buka ea Mormone e fetoleloa ka boithuto le ka netefatso ea moea.
1 Bona, ke re ho uena, mora oa ka, hore hobane ha ua fetolela ho latela seo u neng u se batla ho ’na, ’me u qalile hape ho ngolla mohlanka oa ka, Joseph Smith, esita le joale hore u tla tsoelapele ho fihlela u qetile sengoliloeng sena, seo ke u ts’epetseng sona.
2 ’Me joale, bona, lingoliloeng tse ling ke na le tsona, ’me ke tla u fa matla a ho thusa ho li fetolela.
3 Eba le mamello, mora oa ka, hobane ke bohlale ho ’na, ’me ha ho bohlokoa hore u fetolele hajoale.
4 Bona, mosebetsi oo u bitselitsoeng ho o etsa, ke ho ngolla mohlanka oa ka Joseph.
5 ’Me bona, ke hobane ha ua tsoelapele joaloka ha u ne u qalile, ha u ne u qala ho fetolela, ka baka leo ke u amohile tokelo eo.
6 U se ke ua tletleba, mora oa ka, hobane ke ka bohlale ho ’na hore ke sebetsane le uena ka tsela ena.
7 Bona, ha ua utloisisa; u ne u hloma e ka ke tla u fa eona, ha u ne u sa nahanisisi ntle le hore u mpotse.
8 Empa, bona, ke re ho uena, hore u tlameha ho ithuta eona ka kelellong ea hau; ’me u tlameha ho mpotsa hore na e nepahetse; ’me ha e nepahetse ke tla etsa hore sefuba sa hau se chese ka hare ho uena; ka baka leo, u tla utloa hore e nepahetse.
9 Empa haeba e sa nepahala, ha u na ho ba le maikutlo ao, empa u tla ba le khatello ea monahano e tla etsa hore u lebale ntho eo e fosahetseng; ka baka leo, u ke ke ua ngola seo se halalelang ntle le hore u se fuoe ke ’na.
10 Joale, haeba u ne u tsebile sena u ka be u ile ua fetolela; leha ho le joalo, ha ho bohlokoa hore u fetolele hajoale.
11 Bona, ho ne ho le bohlokoa ha u ne u qala; empa u ile ua ts’aba, ’me nako e fetile, ’me ha ho sa le bohlokoa hajoale;
12 Hobane, na ha u bone hore ke fane ho mohlanka oa ka Joseph matla a lekaneng, ao ka ’ona ho entsoeng? ’Me ha ho le ea mong oa lona eo ke mo ahlotseng.
13 Etsa sena seo ke u laetseng sona, ’me u tla atleha. Ts’epahala, ’me u se inehele melekong.
14 Tsitlallela mosebetsi oo ke u bitselitseng oona,’me moriri oa hlooho ea hau ha o na ho lahleha, ’me u tla phahamisoa letsatsing la ho qetela. Amen.