Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 3


Karolo ea 3

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Harmony, Pennsylvania, ka Phupu 1828, e amanang le ho lahleha ha maqephe a 116 a sengoliloeng se sa hatisoang se fetoletsoeng ho tsoa karolong ea pele ea Buka ea Mormone, eo e neng e bitsoa buka ea Lehi. Moporofeta o ile a lumela ka lesisitheho hore maqephe ana a tlohe polokelong ea hae ho ea ho ea Martin Harris, eo a ileng a sebeletsa ka nako e khuts’oanyane e le mongoli phetolelong ea Buka ea Mormone. Ts’enolo e ile ea fanoa ka Urime le Thummime. (Bona karolo ea 10.)

1–4, Tsela ea Morena ke pitikoe e le ’ngoe ea bosafeleng; 5–15, Joseph Smith o tlameha ho baka kapa ho lahleheloa ke neo ea ho fetolela; 16–20, Buka ea Mormone e tla ho tla pholosa peo ea Lehi.

1 Mesebetsi, le meralo le merero ea Molimo e ke ke ea tsieleha leha e le ho tla ba lefeela.

2 Hobane Molimo ha a tsamaee litseleng tse khopameng leha e le ho fetohela ka letsohong le letona kapa ka ho le lets’ehali, leha e le ho fetoha ho seo a se boletseng, ka baka leo, litsela tsa hae li otlolohile ’me tsela ea hae ke pitikoe e le ’ngoe ea bosafeleng.

3 Hopola, hopola hore ha se mosebetsi oa Molimo o tsielehang empa ke mosebetsi oa batho;

4 Hobane leha motho a ka ba le ts’enolo tse ngata, ’me a ba le matla a ho etsa mesebetsi e mengata e meholo, leha ho le joalo haeba a ithorisa ka matla ao e leng a hae ’me a nyefola likeletso tsa Molimo le ho latela kamor’a metheo ea thato ea hae le litakatso tsa nama, o tlameha ho oela ’me a itlisetse phetetso ea Molimo oa toka holim’a hae.

5 Bona, u ne u ts’epiloe ka lintho tsena empa li ne li le thata joang litaelo tsa hau; ’me hopola hape lits’episo tseo u neng u li etselitsoe haeba u ne u sa li tlola.

6 ’Me bona, ke ha ngata joang u ileng ua tlola litaelo le melao ea Molimo ’me u tsamaela likhothaletsong tsa batho.

7 Hobane, bona, u ne u sa lokela ho ts’aba motho ho feta Molimo. Leha batho ba nyefola likeletso tsa Molimo ’me ba nyelisa mantsoe a hae—

8 Leha ho le joalo u ne tlameha ho ts’epahala; ’me a ka be a otlollotse letsoho la hae ’me a u ts’ehetsa khahlanong le metsu eohle ea mollo ea sera; ’me a ka be a bile le uena ka nako eohle ea mathata.

9 Bona, ke uena Joseph, ’me u ile ua khethoa ho etsa mosebetsi oa Morena, empa ka lebaka la ts’ito, haeba u sa hlokomele, u tla oela.

10 Empa hopola, Molimo o lereko; ka baka leo, baka ho seo u se entseng, seo se hananang le taelo eo ke u fileng eona, ’me u ntse u le ea khethiloeng ’me hape u bitselitsoe mosebetsi;

11 Ntle le hore u etse sena, u tla lokolloa ’me u fetohe ho ba joaloka batho ba bang ’me u se hlole u ba le neo eo.

12 ’Me ha u ne u nehelana ka seo Molimo a neng a u file pono le matla a ho se fetolela, u nehelane ka seo se neng se halalela matsohong a motho ea khopo,

13 Ea nyefotseng likeletso tsa Molimo ’me ea robileng lits’episo tse halalelang ka ho fetisisa tse neng li entsoe ka pele ho Molimo, ’me a its’etleha holim’a kahlolo eo e leng ea hae ’me a ithorisa ka bohlale boo e leng ba hae.

14 ’Me lena ke lona lebaka leo u lahlehetsoeng ke litokelo tsa hau bakeng sa nakoana—

15 Hobane u lumelletse keletso ea motsamaisi oa hau hore e hatakeloe holimo ho tloha qalong.

16 Leha ho le joalo, mosebetsi oa ka o tla ea pele, hobane joaloka ha tsebo ka Mopholosi e tlile lefats’eng, ka bopaki ba Ba-Juda, esita le joalo tsebo ka Mopholosi e tla tla ho batho ba ka—

17 Le ho Ba-Nefi, Ba-Jakobo, Ba-Josefa le Ba-Zorame ka bopaki ba bo-ntat’a bona—

18 ’Me bopaki bona bo tla tla tsebong ea Ba-Lamane, le Ba-Lemuele le Ba-Ishmaele bao ba neng ba putlame ke ho se lumele ka lebaka la bokhopo ba bo-ntat’a bona, bao Morena a lumelletseng hore ba timetse bana ba bo bona Ba-Nefi ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala.

19 ’Me ke ka lebaka la oona morero oona matlapa ana a ileng a bolokoa, ao a ts’etseng lingoliloeng tsena—hore lits’episo tsa Morena li tle li phethahatsoe, tseo a li entseng ho batho ba hae;

20 ’Me hore Ba-Lamane ba tle ba tle tsebong ea bo-ntat’a bona le hore ba ke ba tsebe lits’episo tsa Morena le hore ba ke ba lumele evangeli le ho its’etleha holim’a makhabane a Jesu Kreste ’me ba tlotlisitsoe ka tumelo lebitsong la hae, le hore ka pako ea bona ba ke ba pholosoe. Amen.