Karolo ea 40
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, Fayette, New York, ka la 6 Pherekhong 1831. Pele ho lingoliloeng tsa ts’enolo ena, nalane ea Moporofeta ea hlalosa, “Joaloka ha James [Covel] a latotse lentsoe la Morena, ‘me a khutlela ho metheo ea hae le batho ba hae, Morena o ile a fana ho ‘na le Sidney Rigdon ts’enolo e latelang” (bona karolo ea 39).
1–3, Ts’abo ea tlhoriso le lintho tsa lefats’e li baka tatolo ea evangeli.
1 Bonang, kannete ke re ho lona, hore pelo ea mohlanka oa ka James Covel e ne e lokile ka pele ho ‘na, hobane o entse selekane le ‘na hore o tla mamela lentsoe la ka.
2 ‘Me o ile a amohela lentsoe ka thabo, empa Satane a phaka a mo leka; ‘me ts’abo ea tlhoriso le lintho tsa lefats’e tsa etsa hore a latole lentsoe la ka.
3 Ka baka leo, o ile a roba selekane sa ka, ‘me ho setse ho ‘na ho etsa seo ke bonang se mo loketse. Amen.