Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 39


Karolo ea 39

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho James Covel, Fayette, New York, ka la 5 Pherekhong 1831. James Covel eo e bileng moruti oa Methodist lilemo tse ka bang mashome a mane, o ile a etsa selekane le Morena hore o tla mamela litaelo life kapa life tseo Morena a tla mo nea tsona ka Moporofeta Joseph.

1–4, Bahalaleli ba na le matla a ho fetoha bara ba Molimo; 5–6, Ho fumana evangeli ke ho amohela Kreste; 7–14, James Covel o laeloa ho kolobetsoa le ho sebetsa ts’imong ea morara ea Morena; 15–21, Bahlanka ba Morena ba lokela ho ruta evangeli pele ho Ho Tla Lekhetlo la Bobeli; 22–24, Ba tla fumana evangeli ba tla bokelloa hajoale le ka ho sa feleng.

1 Mamela ‘me u mamelisise lentsoe la eena ea tsoang ho bosafeleng ho ea ho bosafeleng, eena ea Moholo, esita le Jesu Kreste—

2 Leseli le bophelo ba lefats’e; leseli le khants’ang lefifing ‘me lefifi ha lea ka la utloisisa;

3 Le ts’oanang le ileng la tla bohareng ba nako ho ba ka, ‘me ba ka ha ba ka ba nkamohela;

4 Empa joaloka ha ba bangata ba ile ba nkamohela, ke fane ka matla hore ba fetohe bara ba ka; ‘me esita le joalo ke tla fana ho ba bangata ba tlang ho nkamohela matla a ho fetoha bara ba ka.

5 ‘Me kannete-nete, ke re ho lona, hore eo ea amohelang evangeli ea ka o amohela ‘na; ’me eo ea sa amoheleng evangeli ea ka ha a amohele ‘na.

6 ‘Me ena ke evangeli ea ka—pako le kolobetso ka metsi ’me ebe ho tla kolobetso ea mollo le Moea o Halalelang, esita le Mots’elisi, e bonts’ang lintho tsohle, ‘me e rutang lintho tsa khotso tsa ‘muso.

7 ‘Me joale bona, ke re ho uena, mohlanka oa ka James, ke ile ka sheba mesebetsi ea hau ’me kea u tseba.

8 ‘Me ke re ho uena, pelo ea hau joale e ntle ka pele ho ’na; ‘me, bona, ke behile litlhohonolofatso tse kholo holim’a hlooho ea hau;

9 Leha ho le joalo, u bone masoabi a maholo, hobane u ile ua ntatola ka makhetlo a mangata ka lebaka la boikhants’o le lintho tsa lefats’e.

10 Empa, bona, matsatsi a hau a ho lopolloa a tla, haeba u tla mamela lentsoe la ka, le itseng ho uena: Tsoha ‘me u kolobetsoe, ‘me u hlatsoe libe tsa hau, u bitse lebitso la ka, ‘me u tla fumana Moea oa ka, le tlhohonolofatso e kholo eo u e-so e tsebe.

11 ‘Me haeba u etsa sena, ke u lokiselitse mosebetsi o moholo. U tla ruta evangeli ea ka e feletseng, eo ke e rometseng matsitsing ana a ho qetela, selekane seo ke se rometseng ho fumana batho ba ka, bao e leng ba ntlo ea Iseraele.

12 ‘Me ho tla etsahala hore matla a tla lula holim’a hau; u tla ba le tumelo e kholo, ‘me ke tla ba le uena ‘me ke tsamaee ka pel’a sefahleho sa hau.

13 U bitsetsoa mosebetsing ts’imong ea ka ea morara, le ho aha kereke ea ka, le ho tlisa Sione, hore e tle e nyakalle holim’a maralla ‘me e tlokome.

14 Bona, kannete-nete, ke re ho uena, ha ua bitsetsoa ho ea linaheng tse bochabela, empa u bitsetsoa ho ea Ohio.

15 ‘Me joaloka ha ba batho ba ka ba tla phuthehela Ohio, ke bolokile tlhohonolofatso e joalo ka e so tsejoe har’a bana ba batho, ‘me e tla ts’eloa holim’a lihlooho tsa bona. ‘Me ho tloha moo batho ba tla ea lichabeng tsohle.

16 Bonang, kannete-nete, ke re ho lona, hore batho ba Ohio ba bitsa ho ‘na ka tumelo e kholo, ba nahana ke tla emisa kahloho holim’a lichaba, empa nke ke ka latola lentsoe la ka.

17 Ka baka leo qala ka sefutho sa hau ‘me u bitse basebetsi ba ts’epahalang ts’imong ea ka ea morara, hore e tle e kotuloe la ho qetela.

18 ‘Me ha feela ba baka ‘me ba amohela evangeli ea ka e feletseng, ‘me ba fetoha ba halalelitsoeng, ke tla emisa kahlolo ea ka.

19 Ka baka leo, tsamaea, u hooe ka lentsoe le phefa, o re: ‘Muso oa leholimo o haufi; u hooe: Hosanna! Ho bokoe lebitso la Molimo ea Holimo-limo.

20 Tsamaea u kolobetse ka metsi, u lokise tsela ka pel’a sefahleho sa ka bakeng sa nako ea ho tla ha ka;

21 Hobane nako e se e le haufi; letsatsi kapa motsotso oo ho seng motho ea li tsebang; empa ruri li tla tla.

22 ‘Me eo ea amohelang lintho tsena o amohela ‘na; ‘me ba tla bokelloa ho ‘na ka nako ena le ka ho sa feleng.

23 ‘Me hape ke re, ho tla etsahala hore ho ba bangata bao u tlang ho ba kolobetsa ka metsi, u tla ba beha matsoho a hau, ‘me ba tla fumana mpho ea Moea o Halalelang, ‘me ba tla lebella mats’oao a ho tla ha ka, ‘me ba tla ntseba.

24 Bonang, ke tla ka potlako. Esita le joalo. Amen.