Karolo ea 31
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Thomas B. Marsh ka Loetse 1830. Ketsahalo ena e ile ea latela hang-hang kamor’a seboka sa Kereke (bona sehlooho sa karolo ea 30). Thomas B. Marsh o ne a kolobelitsoe pelenyana khoeling ‘me a behiloe matsoho ho ba moholo Kerekeng pele ts’enolo ena e fanoa.
1–6, Thomas B. Marsh o bitsoa ho ruta evangeli ‘me o tiisetsoa ka bophelo bo botle ba lelapa la hae; 7–13, O eletsoa ho ba le mamello, ho rapela kamehla le ho latela Mots’elisi.
1 Thomas, mora oa ka, u lehlohonolo ka lebaka la tumelo ea hau mosebetsing oa ka.
2 Bona, u bile le mahlomola a mangata ka lebaka la lelapa la hau; leha ho le joalo, ke tla u hlohonolofatsa le lelapa la hau, ee, bana ba hau; ‘me letsatsi lea tla leo ba tla lumela ‘me ba tsebe ‘nete ‘me ba be bonngoe le uena kerekeng ea ka.
3 Phahamisa pelo ea hau ‘me u nyakalle hobane nako ea thomo ea hau e fihlile; ‘me leleme la hau le tla lokolloa, ’me u tla phatlalatsa litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo molokong oona.
4 U tla phatlalatsa lintho tse senotsoeng ho mohlanka oa ka, Joseph Smith. U tla qala ho ruta ho tloha nakong ena ho ea pele, ee, ho kotula ts’imong eo e ts’oeu e loketseng ho chesoa.
5 Ka baka leo, kenya sekele ea hau ka moea oohle, oahau, ’me libe tsa hau li ts’oaretsoe, ’me u tla belesoa ka mangata holim’a mokokotlo oa hau, hobane ea sebetsang o lokeloa ke moputso oa hae. Ka baka leo, lelapa la hau le tla phela.
6 Bona, kannete ke re ho uena, tloha ho bona ha nakoana, ’me u phatlalatse lentsoe la ka, ’me ke tla lokisa sebaka bakeng sa bona.
7 Ee, ke tla bula lipelo tsa batho, ‘me ba tla u amohela. ‘Me ke tla theha kereke ka letsoho la hau;
8 ‘Me u tla ba matlafatsa le ho ba lokisa bakeng sa nako eo ba tlang ho bokana.
9 E-ba le mamello mahlomoleng, u se ke ua rohaka khahlanong le bao ba rohakanang. Tsamaisa ntlo ea hau ka bonolo, ‘me u tsitse.
10 Bona, ke re ho uena hore u tla ba ngaka ho kereke, empa eseng ho lefats’e, hobane ba tla sitoa ho u amohela.
11 Tsamea ka tsela ea hau u ee hohle moo ke batlang, ‘me ho tla fanoa ho uena ke Mots’elisi seo u tlang ho se etsa le moo u tlang ho ea.
12 Rapela kamehla, esere ua kena molekong ‘me ua lahleheloa ke moputso ua hau.
13 Ts’epahala ho isa qetellong, ‘me bona, ke na le uena. Mantsoe ana ha se a motho kapa a batho, empa ke a ka, esita le Jesu Kreste, Molopolli ua hau, ka thato ea Ntate. Amen.